Esthere
10 Morena Asueruse a laela batho ba lulang naheng le lihlekehlekeng tsa leoatle hore ba etse mosebetsi o boima.*
2 Mesebetsi eohle ea hae e meholo le lintho tseo a li fihletseng hammoho le litaba tsa kamoo morena a ileng a beha Mordekai+ boemong bo phahameng kateng,+ li ile tsa ngoloa bukeng ea histori+ ea marena a Media le Persia.+ 3 Mordekai oa Mojuda o ne a hlahlama Morena Asueruse ka matla. E ne e le motho oa bohlokoa* a bile a hlomphuoa ke Bajuda, a sebeletsa boiketlo ba batho ba habo le hore bana bohle ba bona ba be le khotso.