Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 14
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 2 Samuele

      • Joabe le mosali oa Motekooa (1-17)

      • Davida o hlokomela leqheka la Joabe (18-20)

      • Absalome o lumelloa hore a khutle (21-33)

2 Samuele 14:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 2:18; 1Kr 2:15, 16
  • +2Sa 13:39; 18:33; 19:2

2 Samuele 14:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 11:5, 6; 20:20; Amo 1:1
  • +Moe 9:8; Dan 10:3

2 Samuele 14:3

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “o mo kenya mantsoe ka hanong.”

2 Samuele 14:7

Linaletsana

  • *

    E leng tšepo ea ho ba le litloholo.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 35:19; De 19:11, 12

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    5/15/2005, leq. 18

2 Samuele 14:11

Linaletsana

  • *

    Kapa: “mopheteletsi oa mali.”

  • *

    Ka Seheberu: “ha ho moriri leha o le mong oa hae o tla oela fatše.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 35:19, 27; De 19:6
  • +De 6:13; Moe 8:4

2 Samuele 14:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 19:5; Nu 6:27
  • +2Sa 13:38

2 Samuele 14:16

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 14:2, 7

2 Samuele 14:19

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “ea nkentseng mantsoe ana ka hanong.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 14:1-3

2 Samuele 14:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 14:13
  • +2Sa 13:38

2 Samuele 14:23

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 3:14; 2Sa 3:3; 13:37

2 Samuele 14:26

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “lishekele tse 200.” Sheba Ntlha ea B14.

  • *

    E ka ’na eaba e ne e le tekanyo ea boima e neng e sebelisoa ntlong ea borena kapa e le shekele ea “boreneng” e neng e sa tšoane le lishekele tse ling.

2 Samuele 14:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 18:18

2 Samuele 14:28

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 14:24

2 Samuele 14:32

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 14:23

2 Samuele 14:33

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 45:15

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

2 Sam. 14:12Sa 2:18; 1Kr 2:15, 16
2 Sam. 14:12Sa 13:39; 18:33; 19:2
2 Sam. 14:22Kr 11:5, 6; 20:20; Amo 1:1
2 Sam. 14:2Moe 9:8; Dan 10:3
2 Sam. 14:7Nu 35:19; De 19:11, 12
2 Sam. 14:11Nu 35:19, 27; De 19:6
2 Sam. 14:11De 6:13; Moe 8:4
2 Sam. 14:13Ex 19:5; Nu 6:27
2 Sam. 14:132Sa 13:38
2 Sam. 14:162Sa 14:2, 7
2 Sam. 14:192Sa 14:1-3
2 Sam. 14:212Sa 14:13
2 Sam. 14:212Sa 13:38
2 Sam. 14:23De 3:14; 2Sa 3:3; 13:37
2 Sam. 14:272Sa 18:18
2 Sam. 14:282Sa 14:24
2 Sam. 14:322Sa 14:23
2 Sam. 14:33Ge 45:15
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
2 Samuele 14:1-33

Buka ea Bobeli ea Samuele

14 Joabe mora oa Tseruja+ a hlokomela hore morena o ne a hlolohetsoe Absalome.+ 2 Eaba Joabe o re ho bitsoe mosali ea bohlale Tekooa+ ’me a re ho eena: “Ke kopa u etse eka u shoeletsoe, u apare liaparo tsa batho ba shoeletsoeng ’me u se ke oa itlotsa ka oli.+ U be joaloka mosali ea qetileng nako e telele a utloile bohloko ka lebaka la ho shoeloa. 3 Joale u ee ho morena ’me u bue mantsoe a latelang.” Eaba Joabe oa mo bolella hore na a re’ng.*

4 Mosali oa Motekooa a ea ho morena ’me a khumama eaba oa inama o re ho morena: “Morena, nthuse!” 5 Morena a re ho eena: “Molato ke’ng?” A araba a re: “Ke mohlolohali ’me monna oa ka o shoele. 6 ’Na mohlanka oa hao ke ne ke e-na le bara ba babeli eaba ha ba le naheng baa loantšana. Ho ne ho se na motho ea ba thibang eaba e mong o otla e mong ho fihlela a shoa. 7 Joale lelapa lohle le loantša ’na mohlanka oa hao ’me le re, ‘Tlisa ea bolaileng ngoan’abo e le hore re mo bolaee hobane o bolaile ngoan’abo+ esita le haeba ke eena mojalefa ea setseng.’ Ba batla ho bolaea mora oa ka ea setseng, ea joaloka leshala la ka la ho qetela le hlenneng* ’me ba felise lebitso la monna oa ka le litloholo tsa hae lefatšeng.”

8 Morena a re ho mosali eo: “Khutlela ha hao. Ke tla lokisa taba ena.” 9 Eaba mosali oa Motekooa o re ho morena: “Moren’a ka, e se eka molato o ka ba holim’a ka le ho ba lelapa la Ntate ’me morena le terone ea hae ba hloke molato.” 10 Morena a re: “Haeba leha e le mang a ka bua ho hong ho uena, u mo tlise ho ’na ’me a ke ke a hlola a u tšoenya.” 11 Empa mosali eo a re: “Ka kopo, morena e se eka u ka hopola Jehova Molimo oa hao ’me u se ke oa lumella hore motho ea amanang le motho ea bolailoeng*+ a bolaee mora oa ka.” Eaba o re: “Ka Jehova ea phelang,+ ha ho na motho ea tla lematsa mora oa hao.”* 12 Joale mosali eo a re: “Ka kopo, e-re mohlanka oa hao a bue mantsoe ana ho moren’a ka.” Eaba morena o re: “Bua.”

13 Mosali eo a re: “Joale ke hobane’ng ha u nahanne ho etsa ntho e tjee ho batho ba Molimo?+ Ha morena a bua ka tsela ena, o iketsa ea molato hobane morena ha a khutlise mora oa hae ea lelekiloeng.+ 14 Re tla shoa ’me re be joaloka metsi a qhalletsoeng fatše a ke keng a khutlisoa hape. Molimo a ke ke a bolaea motho empa o sheba mabaka a hore na ke hobane’ng ha motho ea lelekiloeng a sa lokela ho lelekoa ho ea ho ile mahlong a hae. 15 Ke tlile ho tla bua mantsoe ana ho moren’a ka hobane batho ba ile ba ntšosa. Kahoo ’na mohlanka oa hao ka re, ‘E-re ke bue le morena. Mohlomong morena o tla phethahatsa kopo ea mohlanka oa hae. 16 Mohlomong morena o tla ’mamela le ho mpholosa ho batho ba batlang ho bolaea ’na le mora oa ka ea setseng a le mong hore re se ke ra fumana lefa leo Molimo a re fileng lona.’+ 17 Joale mohlanka oa hao a re, ‘E se eka mantsoe a moren’a ka a ka ntšelisa’ kaha moren’a ka o joaloka lengeloi la Molimo oa ’nete tabeng ea ho khetholla se setle ho se sebe. E se eka Jehova Molimo a ka ba le uena.”

18 Morena a araba mosali eo a re: “Ke kopa u se ke oa mpatela ntho leha e le efe eo ke u botsang eona.” Mosali eo a re: “Ke kopa moren’a ka a ke a bue.” 19 Eaba morena o re ho eena: “Na ke Joabe ea u rommeng?”+ Mosali eo a re: “Moren’a ka, kea u hlapanyetsa, hore taba ena e fela e le joalo, kannete ke mohlanka oa hao Joabe ea ntaetseng hore ke bue mantsoe ana.* 20 Mohlanka oa hao Joabe o entse tjena e le hore u tle u fetole maikutlo a hao ka taba ena empa moren’a ka o bohlale joaloka lengeloi la Molimo oa ’nete ’me o tseba sohle se etsahalang naheng.”

21 Morena a re ho Joabe: “Ho lokile, ke tla e etsa ntho ena.+ Tsamaea u e’o lata mohlankana Absalome.”+ 22 Hang-hang Joabe a khumama, a inama eaba o rorisa morena. Joabe a re: “Kajeno mohlanka oa hao oa tseba hore oa amoheleha mahlong a hao moren’a ka hobane morena o phethahalitse seo mohlanka oa hae a se kopileng.” 23 Joale Joabe a ema a ea Geshure+ ’me a tlisa Absalome Jerusalema. 24 Leha ho le joalo, morena a re: “Ha a khutlele ntlong ea hae feela a se ke a tl’o mpona.” Kahoo Absalome a khutlela ntlong ea hae ’me ha aa ka a bona morena.

25 Joale Iseraele eohle ho ne ho se na monna ea rorisoang joaloka Absalome ka lebaka la botle ba hae. O ne a le motle ho tloha leotong ho ea fihla hloohong. Ho ne ho se na letho le phoso ho eena. 26 Ha a ne a kuta moriri oa hae, o ne a o kuta qetellong ea selemo se seng le se seng hobane o ne o mo imela. Moriri oa hae o ne o le boima ba lik’hilokramo tse ka holimo ho tse peli* ho ea ka boima* ba lejoe la borena. 27 Absalome a ba le bara ba bararo+ le morali a le mong, eo lebitso la hae e neng e le Tamare. E ne e le mosali e motle haholo.

28 Absalome a ’na a lula Jerusalema lilemo tse peli kaofela empa ha aa ka a bona morena.+ 29 Kahoo, Absalome a re ho bitsoe Joabe e le hore a tle a mo rome ho morena empa Joabe ha aa ka a lumela ho tla. Joale a re a bitsoe hape ka lekhetlo la bobeli empa a ’na a hana ho tla. 30 Qetellong a re ho bahlanka ba hae: “Tšimo ea Joabe e pel’a ea ka ’me o lemme harese ho eona. Tsamaeang le e’o e chesa.” Kahoo, bahlanka ba Absalome ba chesa tšimo eo. 31 Eaba Joabe oa ema, o tla ho Absalome ntlong ’me o re ho eena: “Ke hobane’ng ha bahlanka ba hao ba chesitse tšimo ea ka?” 32 Absalome a re ho Joabe: “Ke ile ka u romella molaetsa ka re, ‘Tloo ke u rome ho morena, u e’o re ho eena: “Ke hobane’ng ha ke latiloe Geshure?+ Ho ka be ho bile molemo hoja ke ile ka lula moo. Joale e-re ke bone morena ’me haeba ke le molato a tle a mpolaee.”’”

33 Kahoo, Joabe a ea ho morena ’me a mo bolella. Eaba morena o bitsa Absalome, ea ileng a fihla a khumama a ba a inama ka pel’a hae. Eaba morena o suna Absalome.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela