Sefela sa Lifela
Ke khile mira ea ka le senoko sa ka.+
Ke jele mahe a ka a linotši a tsoang khekheng.
Ke noele veine ea ka le lebese la ka.”+
“Jang, metsoalle ea ka.
Noang ’me le tahoe ke lerato.”+
2 “Ke robetse empa pelo ea ka ea hlobaela.+
Ke utloa moratuoa oa ka a kokota.
‘Mpulele, lerato la ka,
Leeba la ka le se nang sekoli.
Etsoe hlooho ea ka e kolobisitsoe ke phoka,
Moriri oa ka o metsi ke mongobo oa bosiu.’+
3 Ke se ke hlobotse seaparo sa ka se selelele.
Ke se apare hape?
Ke se ke hlatsoitse maoto a ka.
Ke a silafatse hape?
4 Moratuoa oa ka o tlositse letsoho la hae lesobeng la lemati
’Me maikutlo a ka a ferekana.
5 Ke ile ka tsoha ho bulela moratuoa oa ka.
Matsoho a ka a ne a rotha mira
Le menoana ea ka e rotha oli ea mira,
Ea rothela holim’a loko ea lemati.
6 Ke ile ka bulela moratuoa oa ka
Empa o ne a se a tlohile, a se a ile.
Ka mo bitsa empa ha aa ka a nkaraba.
7 Balebeli ba neng ba potoloha motse ba ile ba mphumana.
Ba nkotla, ba ’ntša maqeba.
Balebeli ba marako ba ntlhobolisa sholo ea ka.*
8 Lona barali ba Jerusalema, kea le hlapantša hore
Haeba le fumana moratuoa oa ka,
Le mo bolelle hore kea shoa ke lerato.”
9 “Ke joang moratuoa oa hao a fetang mohlankana leha e le ofe e mong,
Uena e motle ka ho fetisisa har’a basali?
Ke joang moratuoa oa hao a fetang mohlankana leha e le ofe e mong,
Hoo u batlang hore re etse kano ee?”
10 “Moratuoa oa ka o motle ’me o mofubelu,
Oa ikhetha har’a ba likete tse leshome.
11 Hlooho ea hae e tšoana le khauta, khauta e ntle ka ho fetisisa.
Moriri oa hae o tšoana le makhasi a lifate tsa palema a fokoang ke moea.*
Moriri oa hae o motšo joaloka lekhoaba.
12 Mahlo a hae a joaloka maeba a pel’a melatsoana ea metsi,
A itlhatsoang ka lebese,
A lutseng pel’a letamo le nang le metsi a mangata.*
Molomo oa hae o tšoana le mehalalitoe e rothang oli ea mira.+
14 Menoana ea hae ke khauta e khabisitsoeng ka krisolite.
Mpa ea hae e tšoana le lenaka la tlou le bentšitsoeng le khabisitsoeng ka lisafire.
15 Litlhafu tsa hae ke lipilara tsa ’mabole tse hlonngoeng holim’a litšehetso tsa khauta e ntle ka ho fetisisa.
O motle joaloka naha ea Lebanone, o motle joaloka likedare.+
Enoa ke lerato la ka, ke moratuoa oa ka, lona barali ba Jerusalema.”