Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 19
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 1 Marena

      • Elia o baleha Jezebele ea bohale (1-8)

      • Jehova o hlaha ho Elia Horebe (9-14)

      • Elia o laeloa hore a tlotse Hazaele, Jehu le Elisha (15-18)

      • Elisha o khethoa hore e be mohlahlami oa Elia (19-21)

1 Marena 19:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 16:29; 21:25
  • +1Ma 16:31
  • +1Ma 18:40

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 101

    Molula-Qhooa,

    7/1/2011, leq. 18

1 Marena 19:2

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 101

    Molula-Qhooa,

    7/1/2011, maq. 18-19

1 Marena 19:3

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 2:15; 1Sa 27:1
  • +Ge 21:31
  • +Jos 15:21, 28

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 101-102

    Molula-Qhooa,

    7/1/2011, leq. 19

1 Marena 19:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 11:15; Job 3:21; Jon 4:3

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    6/2019, maq. 15-16

    Molula-Qhooa,

    3/15/2014, leq. 15

    7/1/2011, maq. 19-20

    5/15/1997, leq. 13

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 102-103

1 Marena 19:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Dan 10:8-10; Lik 12:7
  • +Ps 34:7; Heb 1:7, 14

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 103

    Molula-Qhooa,

    7/1/2011, leq. 20

1 Marena 19:6

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 103

    Molula-Qhooa,

    7/1/2011, leq. 20

1 Marena 19:7

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 103

    Molula-Qhooa,

    7/1/2011, leq. 20

1 Marena 19:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 3:1; 19:18; Mal 4:4

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 103-104

    Molula-Qhooa,

    7/1/2011, maq. 20-21

1 Marena 19:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Heb 11:32, 38

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 104

    Molula-Qhooa,

    7/1/2011, leq. 21

1 Marena 19:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 20:4, 5; Nu 25:11; Ps 69:9
  • +De 29:24, 25; Bhl 2:20; 1Ma 8:9; 2Ma 17:15
  • +1Ma 18:4
  • +1Ma 19:2; Bar 11:2, 3

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 104

    Molula-Qhooa,

    7/1/2011, leq. 21

1 Marena 19:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 33:22
  • +Ps 50:3; Esa 29:6
  • +1Sa 14:15; Job 9:6; Ps 68:8; Nah 1:5

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Atamela, maq. 37-38, 42-43

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 104-106

    Molula-Qhooa,

    7/1/2011, maq. 21-22

1 Marena 19:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 4:11
  • +Ex 34:5, 6

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Atamela, maq. 37-38, 42-43

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 104-107

    Molula-Qhooa,

    7/1/2011, maq. 21-22

    5/15/1997, leq. 13

1 Marena 19:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 3:6

1 Marena 19:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 31:20; Ps 78:37; Esa 1:4; Jer 22:9
  • +Bar 11:2, 3

1 Marena 19:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Ma 8:7, 8; Amo 1:4

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), maq. 106-107

    Molula-Qhooa,

    7/1/2011, leq. 22

    5/15/1997, leq. 13

1 Marena 19:16

Linaletsana

  • *

    E bolelang “Molimo ke Poloko.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Ma 9:1-3, 30-33
  • +2Ma 2:9, 15

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    5/15/1997, leq. 13

1 Marena 19:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Ma 9:14, 24; 10:6, 7, 23, 25
  • +2Ma 8:12; 10:32; 13:3
  • +2Ma 2:23, 24

1 Marena 19:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bar 11:4
  • +Ex 20:5
  • +Hos 13:2

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Etsisa Tumelo ea Bona (ia), leq. 107

    Molula-Qhooa,

    7/1/2011, leq. 22

1 Marena 19:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Ma 2:8

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    2/1/2014, leq. 12

    11/1/1997, maq. 30-31

    9/1/1990, leq. 16

1 Marena 19:20

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    11/1/1997, maq. 30-31

1 Marena 19:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 24:13; 2Ma 2:3; 3:11

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    11/1/1997, maq. 30-31

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

1 Mar. 19:11Ma 16:29; 21:25
1 Mar. 19:11Ma 16:31
1 Mar. 19:11Ma 18:40
1 Mar. 19:3Ex 2:15; 1Sa 27:1
1 Mar. 19:3Ge 21:31
1 Mar. 19:3Jos 15:21, 28
1 Mar. 19:4Nu 11:15; Job 3:21; Jon 4:3
1 Mar. 19:5Dan 10:8-10; Lik 12:7
1 Mar. 19:5Ps 34:7; Heb 1:7, 14
1 Mar. 19:8Ex 3:1; 19:18; Mal 4:4
1 Mar. 19:9Heb 11:32, 38
1 Mar. 19:10Ex 20:4, 5; Nu 25:11; Ps 69:9
1 Mar. 19:10De 29:24, 25; Bhl 2:20; 1Ma 8:9; 2Ma 17:15
1 Mar. 19:101Ma 18:4
1 Mar. 19:101Ma 19:2; Bar 11:2, 3
1 Mar. 19:11Ex 33:22
1 Mar. 19:11Ps 50:3; Esa 29:6
1 Mar. 19:111Sa 14:15; Job 9:6; Ps 68:8; Nah 1:5
1 Mar. 19:12De 4:11
1 Mar. 19:12Ex 34:5, 6
1 Mar. 19:13Ex 3:6
1 Mar. 19:14De 31:20; Ps 78:37; Esa 1:4; Jer 22:9
1 Mar. 19:14Bar 11:2, 3
1 Mar. 19:152Ma 8:7, 8; Amo 1:4
1 Mar. 19:162Ma 9:1-3, 30-33
1 Mar. 19:162Ma 2:9, 15
1 Mar. 19:172Ma 9:14, 24; 10:6, 7, 23, 25
1 Mar. 19:172Ma 8:12; 10:32; 13:3
1 Mar. 19:172Ma 2:23, 24
1 Mar. 19:18Bar 11:4
1 Mar. 19:18Ex 20:5
1 Mar. 19:18Hos 13:2
1 Mar. 19:192Ma 2:8
1 Mar. 19:21Ex 24:13; 2Ma 2:3; 3:11
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Marena 19:1-21

Buka ea Pele ea Marena

19 Akabe+ a bolella Jezebele+ lintho tsohle tseo Elia a li entseng le hore o bolaile baprofeta bohle ka sabole.+ 2 Jezebele a romela moromuoa ho Elia a re: “E se eka melimo e ka mpha kotlo e boima haeba hosane ka nako ena ke sa u bolaea joaloka baprofeta bao u ba bolaileng!” 3 Elia a tšoha ’me a baleha e le hore a pholose bophelo ba hae.+ A ea Beersheba+ ea Juda+ ’me a siea mohlanka oa hae moo. 4 A tsamaea leeto le ka nkang letsatsi a ea lefeelleng ’me a fihla a lula tlas’a sefate sa lefielo. A ikopela ho shoa a re: “Ho lekane Jehova! Mpolaee+ hobane ho tšoana leha ke shoele joaloka baholo-holo ba ka.”

5 A paqama eaba o khaleha tlas’a sefate seo. Empa lengeloi la mo tšoara+ la re ho eena: “Tsoha u je.”+ 6 Ha a tsoha, pel’a hlooho ea hae ho ne ho e-na le bohobe bo selika-likoe holim’a majoe a chesang le jeke ea metsi. A ja ’me a noa eaba o robala hape. 7 Hamorao lengeloi la Jehova la tla ka lekhetlo la bobeli ’me la mo tšoara la re: “Tsoha u je hobane u sa ntse u tl’o nka leeto le lelelele le boima.” 8 A tsoha a ja ’me a noa. Lijo tseo li ile tsa mo fa matla a hore a tsamaee matsatsi a 40 le masiu a 40 ho fihlela a fihla Horebe, thabeng ea Molimo oa ’nete.+

9 Ha a fihla moo, a kena ka lehaheng+ ’me a robala ka ho lona. Jehova a bua le eena a re: “Elia, u batla’ng moo?” 10 Elia a re: “Haesale ke sebeletsa Jehova Molimo oa mabotho ka cheseho.+ Baiseraele ba fetohetse selekane seo ba se entseng le uena,+ ba sentse lialetare tsa hao, ba bolaile baprofeta ba hao ka sabole+ ’me ke ’na feela ea setseng. Le ’na ba batla ho mpolaea.”+ 11 A re: “Tsoa u ee ka holim’a thaba ’me u eme ka pel’a Jehova.” Jehova o ne a feta+ ’me moea o matla o ne o petsola lithaba le mafika ka pel’a Jehova+ empa Jehova o ne a se moeeng oo. Ka mor’a moea oo, ho ile ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše+ empa Jehova o ne a le sieo ho eona. 12 Ka mor’a tšisinyeho ea lefatše, ho ile ha e-ba le mollo+ empa Jehova o ne a le sieo mollong oo. Ka mor’a mollo, ho ile ha e-ba le lentsoe le buelang fatše.+ 13 Hang ha Elia a le utloa, a ikoahela sefahleho ka seaparo sa hae se khethehileng+ ’me a tsoa a ema monyako oa lehaha. Lentsoe leo la re ho eena: “Elia, u batla’ng moo?” 14 Elia a re: “Haesale ke sebeletsa Jehova Molimo oa mabotho ka cheseho. Baiseraele ba fetohetse selekane seo ba se entseng le uena,+ ba sentse lialetare tsa hao, ba bolaile baprofeta ba hao ka sabole, ke ’na feela ea setseng. Le ’na ba batla ho mpolaea.”+

15 Jehova a re ho eena: “Khutla, u ee lefeelleng la Damaseka. Ha u fihla moo, u tlotse Hazaele+ hore e be morena oa Siria. 16 U tlotse Jehu+ setloholo sa Nimshi hore e be morena oa Iseraele ’me u tlotse Elisha* mora oa Shafate ea tsoang Abele-mehola hore e be moprofeta ea tla u nkela sebaka.+ 17 Jehu o tla bolaea+ mang kapa mang ea phonyohang sabole ea Hazaele,+ Elisha a bolaee+ mang kapa mang ea phonyohang sabole ea Jehu. 18 Ho ntse ho e-na le batho ba 7 000 ba setseng Iseraele+ ba sa kang ba khumamela Baale+ le ho mo suna.”+

19 Ha a tloha moo, a fumana Elisha mora oa Shafate a ntse a lema ka lipoho tse 24 tse pannoeng ka bobeli ka pel’a hae, o ne a tsamaea le tse peli tse qetellang. Elia a ea ho eena ’me a lahlela seaparo sa hae se khethehileng+ holim’a hae. 20 Elisha a siea lipoho a mathela Elia ’me a re ho eena: “Ke kopa ho ea suna ’Mè le Ntate. Ka mor’a moo ke tla u latela.” Elia a re ho eena: “E-ea u khutle hobane ha kea u thibela.” 21 A khutla a nka lipoho tse peli ho tse pannoeng eaba o etsa sehlabelo ka tsona ’me a besa mollo ka lijoko tse neng li panne lipoho e le hore a phehe nama ea lipoho tseo. A e fa batho ’me ba e ja. Ka mor’a moo a tsamaea, a latela Elia ’me a mo sebeletsa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela