Buka ea Bobeli ea Likronike
8 Qetellong ea lilemo tse 20 tseo ka tsona Solomone a hahileng ntlo ea Jehova le ntlo ea hae,+ 2 Solomone a tsosolosa metse eo Hirame+ a neng a mo file eona ’me a re Baiseraele ba lule moo. 3 A ea Hamathe-zoba a e hapa. 4 A tsosolosa Tadmore lefeelleng le metse eohle ea polokelo+ eo a neng a e hahile Hamathe.+ 5 A boela a haha Bethe-horone e ka Holimo+ le Bethe-horone e ka Tlase+ e leng metse e sirelelitsoeng ka marako, likeiti le mekoallo. 6 Solomone a haha le Baalathe,+ metse eohle ea hae ea polokelo, metse eohle ea likariki+ le metse ea bapalami ba lipere. A boela a haha lintho tsohle tseo a neng a batla ho li haha Jerusalema, Lebanone le metseng eohle eo a neng a e busa.
7 Batho bohle bao e seng karolo ea Baiseraele+ ba neng ba setse ho Bahethe, Baamore, Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ 8 litloholo tsa bona tse neng li setse naheng tseo Baiseraele ba neng ba sa li felisa,+ Morena Solomone o ile a li bitsa hore li tl’o etsa mosebetsi o boima ho fihlela letsatsing lena.+ 9 Empa ha ho na Moiseraele eo Solomone a ileng a mo etsa lekhoba bakeng sa mosebetsi oa hae+ hobane e ne e le masole a hae, baokameli ba balaoli ba masole a hae, baokameli ba likariki tsa hae tsa ntoa le ba bapalami ba lipere.+ 10 Morena Solomone o ne a e-na le matona a sehlooho a 250 a okametseng batho ba sebetsang.+
11 Solomone a tlosa morali oa Faro+ Motseng oa Davida a mo tlisa ntlong eo a mo hahetseng eona.+ O ile a re: “Le hoja e le mosali oa ka, ha aa lokela ho lula ka tlung ea Morena Davida oa Iseraele hobane libaka tseo Areka ea Jehova e tlileng ho tsona lia halalela.”+
12 Solomone a etsetsa Jehova mahlabelo a secheso+ holim’a aletare+ ea Jehova eo a neng a e hahile ka pel’a foranta.+ 13 A etsa linyehelo tsa letsatsi le letsatsi ho ea kamoo Moshe a neng a laetse kateng bakeng sa mahlabelo a Lisabatha,+ a etsoang ha likhoeli li qala+ le bakeng sa mekete e meraro e neng e e-ba teng ka selemo+ e leng Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso,+ Mokete oa Libeke+ le Mokete oa Maphephe.+ 14 A khetha lihlopha tsa baprista+ bakeng sa mesebetsi ea bona ho ea ka molao oa ntate oa hae Davida le Balevi bakeng sa mesebetsi ea bona hore ba rorise Molimo+ ’me ba sebeletse ka pel’a baprista letsatsi le letsatsi. A khetha balebeli ba likeiti lihlopheng tsa bona bakeng sa likeiti tse fapaneng+ hobane Davida mohlanka oa Molimo oa ’nete o ne a laetse joalo. 15 Ba ile ba mamela taelo eo morena a neng a e file baprista le Balevi tabeng ea litoro kapa tabeng leha e le efe. 16 Mosebetsi oohle oa Solomone o ne o hlophisehile, ho tloha ha ho ne ho etsoa motheo oa ntlo ea Jehova+ ho fihlela e qetoa. Kahoo, ntlo ea Jehova ea phethoa.+
17 Solomone a ea Ezione-gebere+ le Elothe+ lebopong la leoatle naheng ea Edomo.+ 18 Hirame+ a mo romella likepe le basesisi ba nang le boiphihlelo a sebelisa bahlanka ba hae. Ba ea Ofire+ le bahlanka ba Solomone, ba nka khauta e boima ba lik’hilokramo tse 15 390+ moo eaba ba e tlisa ho Morena Solomone.+