Exoda
38 A etsa aletare ea nyehelo ea secheso ka sefate sa leoka. E ne e e-na le mahlakore a mane a lekanang, e le bolelele ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli,* bophara ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli le bophahamo bo ka holimonyana ho mithara.*+ 2 A etsa manaka a eona lik’honeng tsa eona tse ’nè. Manaka a eona e ne e le ntho e le ’ngoe le eona eaba o e koahela ka koporo.+ 3 Ka mor’a moo, a etsa lisebelisoa tsohle tsa aletare e leng linkho, likharafu, likotlolo, lifereko le lipane tsa mollo. A etsa lisebelisoa tsohle tsa eona ka koporo. 4 A boela a etsetsa aletare sefe ea koporo tlas’a foreimi ea eona, ho elella tlase bohareng ba eona. 5 A etsa lireng tse ’nè lik’honeng tse ’nè haufi le sefe ea koporo e le litšehetso bakeng sa lipalo. 6 Ka mor’a moo, a etsa lipalo ka sefate sa leoka ’me a li koahela ka koporo. 7 A kenya lipalo ka har’a lireng tse mahlakoreng a aletare bakeng sa ho e jara. A etsa aletare hore e be lebokose le bulehileng la mapolanka.
8 A etsa beisine ea koporo+ le seluloana sa eona sa koporo. A li etsa ka liipone* tsa basali ba neng ba hlophisitsoe hore ba sebeletse monyako oa tabernakele.*
9 Eaba o kampela lebala.+ Ka lehlakoreng le ka boroa a kampela lebala ka masela a lepeletseng a line ea boleng bo botle e lohiloeng, a etsang bolelele ba limithara tse ka bang 45.*+ 10 Ho ne ho e-na le lipilara tse 20 le litšehetso tse sekoti tse 20 tsa koporo ’me lihakisi tsa lipilara le lireng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. 11 Hape, ka lehlakoreng le ka leboea, ho ne ho e-na le masela a lepeletseng a etsang bolelele ba limithara tse ka bang 45.* Lipilara tsa ’ona tse 20 le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse 20 e ne e le tsa koporo. Lihakisi tsa lipilara le lireng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. 12 Ka lehlakoreng le ka bophirimela, masela a lepeletseng a ne a le bophara ba limithara tse ka bang 22.* Ho ne ho e-na le lipilara tse leshome le litšehetso tse sekoti tse leshome ’me lihakisi tsa lipilara le lireng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. 13 Lehlakore le ka bochabela le ne le le bophara ba limithara tse ka bang 22.* 14 Ho ne ho e-na le masela a lepeletseng a limithara tse ka bang supa* ka lehlakoreng le leng la keiti le lipilara tse tharo le litšehetso tse sekoti tse tharo. 15 Ka lehlakoreng le leng la keiti ea lebala le teng ho ne ho e-na le masela a lepeletseng a limithara tse ka bang supa* le lipilara tse tharo le litšehetso tse sekoti tse tharo. 16 Masela ’ohle a lepeletseng ho potoloha lebala e ne e le a line ea boleng bo botle e lohiloeng. 17 Litšehetso tse sekoti bakeng sa lipilara e ne e le tsa koporo, lihakisi tsa lipilara le lireng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. Lipilara li ne li koahetsoe ka silevera lihloohong tsa tsona ’me ho ne ho e-na le lintho tse tlamang tsa silevera bakeng sa lipilara tsohle tsa lebala.+
18 Kharetene ea keiti ea lebala e ne e lohiloe ka khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle e lohiloeng. E ne e le bolelele ba limithara tse ka bang robong* ’me e le bophahamo ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli,* e lekana le masela a lepeletseng a lebala+ ka bophahamo. 19 Lipilara tsa eona tse ’nè le litšehetso tsa tsona tse sekoti tse ’nè e ne e le tsa koporo. Lihakisi le lireng* tsa eona e ne e le tsa silevera ’me lipilara li ne li koahetsoe ka silevera lihloohong tsa tsona. 20 Litšepe* tsohle tsa tente bakeng sa tabernakele le bakeng sa lebala kaofela e ne e le tsa koporo.+
21 Lethathamo le latelang* ke leo Moshe a ileng a laela hore le etsoe. Ke la lintho tse sebelisitsoeng ho haha tabernakele, e leng tabernakele ea Bopaki.+ E ne e le boikarabelo ba Balevi+ ho le etsa, ba tataisoa ke Ithamare+ mora oa moprista Arone. 22 Bezaliele+ mora oa Uri mora oa Hure oa leloko la Juda a etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. 23 O ne a e-na le Oholiabe+ mora oa Ahisamake oa leloko la Dane, eo e neng e le setsebi sa mosebetsi oa matsoho le mokhabisi ea rokang ebile e le selohi sa khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle.
24 Khauta eohle e ileng ea sebelisoa bakeng sa mosebetsi oohle oa sebaka se halalelang e ne e le khauta e neng e fanoa e le nyehelo e tsokoang.+ E ne e le boima ba lik’hilokramo tse ka bang 1 000* ho ea ka tekanyo e sebelisoang sebakeng se halalelang.* 25 Silevera ea ba ngolisitsoeng sechabeng e ne e le boima ba lik’hilokramo tse ka bang 3 440* ho ea ka tekanyo e sebelisoang sebakeng se halalelang.* 26 Monna e mong le e mong ea neng a le har’a ba ngolisitsoeng ho tloha ka ba lilemo li 20 ho ea holimo,+ a tlisa silevera e etsang likramo tse ka bang tšelela* ho ea ka tekanyo e sebelisoang sebakeng se halalelang* ’me banna bana ba ne ba le 603 550.+
27 Ho ile ha sebelisoa silevera e etsang lik’hilokramo tse 3 420* ho etsa litšehetso tse sekoti tsa sebaka se halalelang le litšehetso tse sekoti tsa kharetene ea sehalalelo. Litšehetso tse sekoti tse 100 li ne li lekana le lik’hilokramo tse 3 420, setšehetso ka seng se sekoti+ se ne se etsa lik’hilokramo tse ka bang 34.* 28 A etsa lihakisi bakeng sa lipilara ka silevera e boima ba lik’hilokramo tse ka bang 20* ’me a koahela lihlooho tsa lipilara ka silevera eaba o li kopanya hammoho.
29 Koporo ea nyehelo* e ne e etsa lik’hilokramo tse ka bang 2 420.* 30 Ka eona a etsa litšehetso tse sekoti tsa monyako oa tabernakele,* aletare ea koporo le sefe ea eona ea koporo, lisebelisoa tsohle tsa aletare, 31 litšehetso tse sekoti ho potoloha lebala, litšehetso tse sekoti tsa keiti ea lebala le litšepe* tsohle tsa tente tsa tabernakele le litšepe tsohle tsa tente+ ho potoloha lebala.