Buka ea Pele ea Marena
20 Morena Ben-hadade+ oa Siria+ a bokella masole ’ohle a hae, marena a 32, masole a ’ona, lipere tsa ’ona le likariki tsa ntoa. A fihla Samaria+ a e thibella+ eaba oa e loantša. 2 A romela baromuoa ho Morena Akabe+ oa Iseraele hore ba re ho eena: “Ben-hadade o re, 3 ‘Silevera ea hao le khauta ea hao ke tsa ka hammoho le basali ba hao ba batle ka ho fetisisa le bara ba hao.’” 4 Morena oa Iseraele a araba a re: “Moren’a ka, ke mohlanka oa hao ’me lintho tsohle tseo ke nang le tsona ke tsa hao ho ea ka seo u se buileng.”+
5 Hamorao baromuoa ba khutla ’me ba re: “Ben-hadade o re, ‘Ke rometse molaetsa ho uena ka re: “U mphe silevera, khauta, basali le bara ba hao.” 6 Empa hosane ka nako ena ke tla romela bahlanka ba ka ho uena, ba tla batlisisa ka tlung ea hao le ka matlung a bahlanka ba hao ’me ba tla nka lintho tsohle tsa hao tsa bohlokoa.’”
7 Morena oa Iseraele a bitsa baholo bohle ba naha ’me a re: “Ke kopa le hlokomele hore monna enoa o ikemiselitse ho re bakela mathata kaha o batlile basali, bara, silevera le khauta ea ka ’me ha kea hana.” 8 Baholo bohle le batho bohle ba re: “U se ke oa lumela ho etsa seo a reng u se etse.” 9 Akabe a re ho baromuoa ba Ben-hadade: “E-reng ho moren’a ka, ‘Lintho tsohle tseo u li batlileng ka lekhetlo la pele ke tla u fa tsona empa ntho ena eona nke ke ka e etsa.’” Baromuoa ba isa molaetsa.
10 Ben-hadade a romela molaetsa ho Akabe a re: “Ke tla felisa Samaria ka masole a ka a mangata ho fihlela ho se na letho le setseng. E se eka melimo e ka mpha kotlo e boima haeba ke sa etse joalo.” 11 Morena oa Iseraele a re: “E-reng ho eena, ‘U se ke oa ithorisa pele ntoa e qala joalokaha eka u se u ntse u e hlotse.’”+ 12 Ben-hadade o ne a le litenteng* a ntse a noa le marena a mang. Ha a utloa karabo ena a re ho bahlanka ba hae: “Itokisetseng ho hlasela!” Ba itokisetsa ho hlasela motse.
13 Empa moprofeta e mong a tla ho Morena Akabe+ oa Iseraele a re: “Jehova o re, ‘Na u bone sehlopha see se seholo sa masole? Kajeno ke tla u thusa hore u se hlole ’me u tla tseba hore ke ’na Jehova.’”+ 14 Akabe a re: “U tla sebelisa mang?” Moprofeta eo a re: “Jehova o re, ‘Ke tla sebelisa bahlanka ba likhosana tsa liprofinse.’” Akabe a re: “Ke mang ea tla qala ntoa?” Moprofeta eo a re: “Ke uena!”
15 Akabe a bala bahlanka ba likhosana tsa liprofinse, ba ne ba le 232. Ka mor’a moo, a bala banna bohle ba Baiseraele ’me ba ne ba le 7 000. 16 Ba tsoa motšehare ha Ben-hadade le marena a 32 a neng a mo thusa ba le ka litenteng* ba ntse ba noa ’me ba tahiloe. 17 Ha bahlanka ba likhosana tsa liprofinse ba tsoile motseng, Ben-hadade a romela batho hore ba e’o sheba hore na ho etsahala’ng. Ba re ho eena: “Ho na le banna ba tlileng ba tsoang Samaria.” 18 A re: “Ba tšoareng ba phela, ebang ba tlile ho tla bopa khotso kapa ho tla loana.” 19 Empa ha bahlanka ba likhosana tsa liprofinse le masole a neng a ba latela ba tsoa motseng, 20 ba bolaea lira tsa bona. Basiria ba baleha+ eaba Baiseraele baa ba lelekisa le Morena Ben-hadade oa Siria a baleha a palame pere le banna ba bang ba neng ba palame lipere. 21 Empa morena oa Iseraele a ea ntoeng ’me a ’na a hlasela bapalami ba lipere le likariki tsa ntoa. A bolaea* Basiria ba bangata.
22 Moprofeta+ a tla ho morena oa Iseraele ’me a re ho eena: “Tsamaea u matlafatse masole a hao ’me u nahane hore na u tla etsa’ng+ hobane ha selemo se tlang se qala,* morena oa Siria o tl’o u hlasela.”+
23 Bahlanka ba morena oa Siria ba re ho eena: “Molimo oa bona ke Molimo oa lithaba. Ke ka lebaka leo ba re hlotseng. Empa haeba re ba loantšetsa sebakeng se se nang lithaba re tla ba hlola. 24 Hape u tlose marena ’ohle+ boemong ba ’ona ’me u behe matona. 25 U bokelle masole a lekanang le a u lahlehetseng, lipere le likariki tsa ntoa tse lekanang le tse u lahlehetseng. Ha re ba loantšetsa sebakeng se se nang lithaba re tla ba hlola.” Morena oa Siria a mamela keletso ea bona ’me a etsa feela joalo.
26 Ha selemo se qala,* Ben-hadade a bokella Basiria ’me ba nyolohela Afeke+ ho ea loantša Baiseraele. 27 Baiseraele le bona ba bokelloa ’me ba fuoa lintho tseo ba li hlokang eaba baa nyoloha ho ea kopana le bona. Ha Baiseraele ba hlomme litente ka pel’a bona, ba ne ba le joaloka mehlape e ’meli e menyenyane ea lipoli, ha Basiria bona ba ne ba tletse naha eohle.+ 28 Mohlanka oa Molimo oa ’nete a ea ho morena oa Iseraele a re ho eena: “Jehova o re, ‘Kaha Basiria ba itse Jehova ke Molimo oa lithaba ha se Molimo oa libaka tse se nang lithaba, ke tla u thusa hore u hlole sehlopha sena se seholo sa masole+ ’me u tla tseba hore ke ’na Jehova.’”+
29 Ba lula litenteng ka matsatsi a supileng, ba bang ba le ka lehlakoreng lena ba bang ka ho lane eaba ka letsatsi la bosupa baa loantšana. Baiseraele ba bolaea masole a Basiria a 100 000 ka letsatsi le le leng. 30 Masole a mang a balehela motseng oa Afeke.+ Empa lerako la oela holim’a a 27 000 a neng a setse. Ben-hadade le eena a balehela motseng ’me a ipata ka kamoreng e ka hare-hare.
31 Bahlanka ba hae ba re ho eena: “Re utloile hore marena a Iseraele a mohau.* Re kopa u re lumelle hore re itlame thekeng ka masela a hoashang* ’me re fase liropo hloohong re ee ho morena oa Iseraele. Mohlomong a ka u hauhela ’me a se ke a u bolaea.”+ 32 Ba itlama thekeng ka masela a hoashang ’me ba fasa liropo hloohong ba ea ho morena oa Iseraele ba re: “Mohlanka oa hao Ben-hadade o re o kopa hore u se ke oa mo bolaea.” Morena a re: “O ntse a phela? Ke ngoan’eso.” 33 Banna bao ba nka seo e le pontšo ea hore ho na le ntho e ntle e tl’o etsahala eaba ba lumellana le seo a se buileng ba re: “Ben-hadade ke ngoan’eno.” Morena a re: “Mo lateng.” Ben-hadade a ea ho Akabe ’me Akabe a mo palamisa kariki ea hae ea ntoa.
34 Ben-hadade a re ho eena: “Ke tla khutlisa metse eo ntate oa ka a e nkileng ho ntate oa hao, u iketsetse libaka tsa khoebo* Damaseka feela joalokaha ntate oa ka a li entse Samaria.”
Akabe a re: “Ho ea ka tumellano* ena ke tla u lumella hore u tsamaee.”
Ka lebaka leo a re a tsamaee.
35 Ho latela taelo ea Jehova, e mong oa bara ba baprofeta*+ a re ho motsoalle oa hae: “Ke kopa u nkotle.” Empa monna eo a hana. 36 A re ho monna eo: “Kaha ha oa mamela taelo ea Jehova, ha u tloha mona tau e tla u bolaea.” Ha a qeta ho tloha ho eena tau ea mo fumana eaba ea mo bolaea.
37 A kopana le monna e mong ’me a re: “Ke kopa u nkotle.” Monna eo a mo otla ’me a mo lematsa.
38 Moprofeta eo a tsamaea ’me a emela morena Akabe tseleng. O ne a ikoahetse mahlong ka lesela. 39 Ha morena a feta a mo hoeletsa a re: “ ’Na mohlanka oa hao ke ne ke ile ntoeng. Lesole le leng la tsoa moleng oa ntoa ’me la tlisa monna e mong ho ’na la re, ‘Hlokomela monna enoa. Haeba a ka baleha, u tla bolaoa bakeng sa hae+ kapa u patale silevera ea boima bo ka etsang lik’hilokramo tse 34.’* 40 Ha ke ntse ke etsa lintho tse ling, monna eo o ile a baleha.” Morena oa Iseraele a re ho eena: “Kahlolo ea hao e tla ba eona eo. U se u ikahlotse.” 41 Ka potlako a tlosa lesela leo a neng a ikoahetse mahlong ka lona ’me morena oa Iseraele a hlokomela hore ke e mong oa baprofeta.+ 42 Moprofeta eo a re ho eena: “Jehova o re, ‘Kaha u tlohetse monna eo ke itseng u mo bolaee hore a balehe,+ u tla bolaoa bakeng sa hae+ le batho ba hao ba tla bolaoa bakeng sa batho ba hae.’”+ 43 Morena oa Iseraele a ea ha hae Samaria+ a utloile bohloko a bile a nyahame.