Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 15
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 2 Samuele

      • Leqheka la Absalome le bofetoheli ba hae (1-12)

      • Davida o baleha Jerusalema (13-30)

      • Akitofele o tšehetsa Absalome (31)

      • Hushai o romeloa hore a e’o senya leano la Akitofele (32-37)

2 Samuele 15:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 8:11; 1Ma 1:5; Pr 11:2

2 Samuele 15:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 25:7; Ru 4:1
  • +1Sa 8:20; 2Sa 8:15

2 Samuele 15:5

Linaletsana

  • *

    Ho lumelisa motho ka ho mo suna, joaloka ho mo suna lerameng, e ne e le ntho e tloaelehileng.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 10:9; 55:21; Pr 26:25

2 Samuele 15:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 11:9

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    7/15/2012, leq. 13

2 Samuele 15:7

Linaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “lilemo tse 40.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 3:2

2 Samuele 15:8

Linaletsana

  • *

    Kapa: “rapela.” Ka Seheberu: “etsetsa tšebeletso.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 22:21
  • +2Sa 13:38; 14:23

2 Samuele 15:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 2:1; 5:1, 5; 1Kr 3:4

2 Samuele 15:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 16:23; 17:14; 23:8, 34
  • +Ps 41:9; 55:12, 13; Joh 13:18
  • +Jos 15:20, 51
  • +Ps 3:1; Pr 24:21

2 Samuele 15:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 19:9; Ps 3:sehlooho
  • +2Sa 12:11

2 Samuele 15:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 18:24

2 Samuele 15:16

Linaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso.

  • *

    Kapa: “phaleisi.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 12:11; 16:21; 20:3

2 Samuele 15:17

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    5/15/2009, leq. 27

2 Samuele 15:18

Linaletsana

  • *

    Kapa: “tšela.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 8:18; 20:7; 1Ma 1:38; 1Kr 18:17
  • +Jos 13:2, 3
  • +1Sa 27:4; 1Kr 18:1

2 Samuele 15:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 18:2

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    5/15/2009, leq. 27

2 Samuele 15:20

Linaletsana

  • *

    Kapa: “bontša lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 2:5, 6; Ps 25:10; 57:3; 61:7; 89:14

2 Samuele 15:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 17:17; 18:24

2 Samuele 15:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 18:2

2 Samuele 15:23

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 2:36, 37; 2Kr 30:14; Joh 18:1

2 Samuele 15:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 8:17; 20:25; 1Ma 1:8; 2:35; 1Kr 6:8
  • +Nu 8:19
  • +Ex 37:1; Le 16:2
  • +Nu 4:15; 7:9; 1Kr 15:2
  • +1Sa 22:20; 30:7

2 Samuele 15:25

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 6:17
  • +2Sa 7:2; Ps 26:8; 27:4

2 Samuele 15:27

Linaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 9:9
  • +2Sa 17:17

2 Samuele 15:28

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 15:36; 17:16, 21

2 Samuele 15:30

Linaletsana

  • *

    Kapa: “moepeng.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Mat 21:1; 24:3; Lik 1:12

2 Samuele 15:31

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 41:9; 55:12, 13; Joh 13:18
  • +Ps 3:sehlooho
  • +Ps 3:7
  • +2Sa 16:23; 17:14

2 Samuele 15:32

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 16:16
  • +Jos 16:1, 2

2 Samuele 15:34

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 16:18, 19
  • +2Sa 17:7, 14

2 Samuele 15:35

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 17:15, 16

2 Samuele 15:36

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 18:19
  • +2Sa 17:17; 1Ma 1:42

2 Samuele 15:37

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 16:16; 1Kr 27:33

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

2 Sam. 15:11Sa 8:11; 1Ma 1:5; Pr 11:2
2 Sam. 15:2De 25:7; Ru 4:1
2 Sam. 15:21Sa 8:20; 2Sa 8:15
2 Sam. 15:5Ps 10:9; 55:21; Pr 26:25
2 Sam. 15:6Pr 11:9
2 Sam. 15:72Sa 3:2
2 Sam. 15:8Le 22:21
2 Sam. 15:82Sa 13:38; 14:23
2 Sam. 15:102Sa 2:1; 5:1, 5; 1Kr 3:4
2 Sam. 15:122Sa 16:23; 17:14; 23:8, 34
2 Sam. 15:12Ps 41:9; 55:12, 13; Joh 13:18
2 Sam. 15:12Jos 15:20, 51
2 Sam. 15:12Ps 3:1; Pr 24:21
2 Sam. 15:142Sa 19:9; Ps 3:sehlooho
2 Sam. 15:142Sa 12:11
2 Sam. 15:15Pr 18:24
2 Sam. 15:162Sa 12:11; 16:21; 20:3
2 Sam. 15:182Sa 8:18; 20:7; 1Ma 1:38; 1Kr 18:17
2 Sam. 15:18Jos 13:2, 3
2 Sam. 15:181Sa 27:4; 1Kr 18:1
2 Sam. 15:192Sa 18:2
2 Sam. 15:202Sa 2:5, 6; Ps 25:10; 57:3; 61:7; 89:14
2 Sam. 15:21Pr 17:17; 18:24
2 Sam. 15:222Sa 18:2
2 Sam. 15:231Ma 2:36, 37; 2Kr 30:14; Joh 18:1
2 Sam. 15:242Sa 8:17; 20:25; 1Ma 1:8; 2:35; 1Kr 6:8
2 Sam. 15:24Nu 8:19
2 Sam. 15:24Ex 37:1; Le 16:2
2 Sam. 15:24Nu 4:15; 7:9; 1Kr 15:2
2 Sam. 15:241Sa 22:20; 30:7
2 Sam. 15:252Sa 6:17
2 Sam. 15:252Sa 7:2; Ps 26:8; 27:4
2 Sam. 15:271Sa 9:9
2 Sam. 15:272Sa 17:17
2 Sam. 15:282Sa 15:36; 17:16, 21
2 Sam. 15:30Mat 21:1; 24:3; Lik 1:12
2 Sam. 15:31Ps 41:9; 55:12, 13; Joh 13:18
2 Sam. 15:31Ps 3:sehlooho
2 Sam. 15:31Ps 3:7
2 Sam. 15:312Sa 16:23; 17:14
2 Sam. 15:322Sa 16:16
2 Sam. 15:32Jos 16:1, 2
2 Sam. 15:342Sa 16:18, 19
2 Sam. 15:342Sa 17:7, 14
2 Sam. 15:352Sa 17:15, 16
2 Sam. 15:362Sa 18:19
2 Sam. 15:362Sa 17:17; 1Ma 1:42
2 Sam. 15:372Sa 16:16; 1Kr 27:33
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
  • 35
  • 36
  • 37
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
2 Samuele 15:1-37

Buka ea Bobeli ea Samuele

15 Ka mor’a lintho tsena tsohle, Absalome a ba le koloi ea ntoa, lipere le banna ba 50 ba mathang ka pel’a hae.+ 2 Absalome o ne a tsoha hoseng ebe o ema pel’a tsela keiting ea motse.+ E ne e re ha motho leha e le ofe a e-na le nyeoe e lokelang ho tla ho morena hore a e ahlole,+ ebe Absalome oa mo bitsa ’me o re: “U tsoa motseng ofe?” Motho eo o ne a re: “Mohlanka oa hao o tsoa ho le leng la maloko a Iseraele.” 3 Absalome o ne a re ho eena: “Bona, litaba tsa hao li nepahetse ebile lia utloahala empa ha ho na motho ea tsoang ho morena ea tla mamela nyeoe ea hao.” 4 Absalome o ne a tloaetse ho re: “Hoja ke ne ke khethiloe hore ke be moahloli naheng, motho e mong le e mong ea nang le nyeoe kapa ea nang le taba e hlokang ho ahloloa, o ne a ka tla ho ’na ’me ke ne ke tla etsa bonnete ba hore taba ea hae e sebetsoa ka toka.”

5 E ne e re ha motho a atamela ho eena hore a tl’o mo inamela, ebe o otlolla letsoho ’me a mo tšoare ebe oa mo suna.*+ 6 Absalome o ne a etsa tjena ho Baiseraele bohle ba neng ba tla ho morena bakeng sa kahlolo. Joale Absalome a ’na a hapa lipelo tsa batho ba Iseraele.+

7 Ka mor’a lilemo tse ’nè,* Absalome a re ho morena: “Ke kopa hore u ntumelle ho ea Hebrone,+ ke e’o phetha boitlamo boo ke bo entseng ho Jehova 8 kaha ’na mohlanka oa hao ke ile ka etsa kano ena+ ha ke ntse ke lula Geshure+ e Siria: ‘Haeba Jehova a ka nkhutlisetsa Jerusalema, ke tla etsetsa Jehova sehlabelo.’”* 9 Kahoo, morena a re ho eena: “Tsamaea ka khotso.” Eaba Absalome oa tloha o ea Hebrone.

10 Absalome a romela lihloela malokong ’ohle a Iseraele a re: “Hang-hang ha le utloa molumo oa lenaka le re, ‘Absalome e se e le morena Hebrone!’”+ 11 Banna ba 200 ba tsoang Jerusalema ba ne ba tsamaile le Absalome. O ne a ba bitsitse eaba ba tsamaea le eena ba sa belaelle letho ebile ba sa tsebe letho. 12 Ho ekelletsa moo, ha Absalome a etsa mahlabelo, o ile a re ho bitsoe Akitofele+ oa Mogilone, moeletsi oa Davida+ ho tsoa motseng oa habo Gilo.+ Morero oa bolotsana oa ’na oa atleha ’me palo ea batho ba tšehetsang Absalome ea eketseha.+

13 Nakoana ka mor’a moo, motlalehi oa litaba a tla ho Davida a re: “Batho ba Iseraele ba se ba le ka lehlakoreng la Absalome.” 14 Hang-hang Davida a re ho bahlanka bohle ba hae ba neng ba e-na le eena Jerusalema: “Emang ’me re baleheng+ hobane ha ho na le ea mong oa rona ea tla phonyoha ho Absalome. Potlakang e le hore a se ke a re fumana eaba oa re hlasela ebe o bolaea motse ka sabole.”+ 15 Bahlanka ba morena ba re ho eena: “Morena, rona bahlanka ba hao re ikemiselitse ho etsa ntho efe kapa efe eo u reng re e etse.”+ 16 Joale morena a tsamaea le ba lelapa la hae empa a siea lirethe* tsa hae tse leshome+ hore li hlokomele ntlo.* 17 Eaba morena o tsamaea le batho bohle ba neng ba mo latela ’me ba ema Bethe-merehake.

18 Bahlanka bohle ba neng ba tsamaea* le eena le Bakerethe bohle, Bapelethe,+ Bagathe+ le banna ba 600 ba ileng ba mo latela ho tloha Gathe,+ ba feta ka pel’a morena. 19 Eaba morena o re ho Itai+ oa Mogathe: “Ke hobane’ng ha le uena u tsamaea le rona? Khutla u sale le morena e mocha hobane u molichaba ebile u balehile naheng ea heno. 20 U sa tsoa fihla, joale na kajeno nka be ke se ke re u tsamaee le rona le hoja ke sa tsebe moo re eang teng? Khutla u tsamaee le bana beno. E se eka Jehova a ka u bontša hore oa u rata* le hore oa tšepahala.”+ 21 Empa Itai a re ho morena: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang le ka moren’a ka ea phelang hore ’na mohlanka oa hao ke tla ea hohle moo u eang teng moren’a ka ’me ke ikemiselitse ho shoa le uena.”+ 22 Kahoo, Davida a re ho Itai:+ “Tsamaea ’me u tšele khohlo.” Eaba Itai oa Mogathe o tšela khohlo hammoho le banna ba hae bohle le bana ba hae.

23 Batho bohle naheng ba ne ba lla habohloko ha batho bana ba ntse ba tšela ’me morena o ne a eme pel’a Khohlo ea Kidrone.+ Batho bohle ba ne ba tšelela tseleng e eang lefeelleng. 24 Tsadoke+ le eena o ne a le teng, a e-na le Balevi+ bohle ba jereng areka+ ea selekane ea Molimo oa ’nete+ ’me ba beha areka ea Molimo oa ’nete fatše. Abiathare+ o ile a nyoloha ha batho bohle ba tsoang motseng ba ntse ba qetela ho tšela. 25 Empa morena a re ho Tsadoke: “Khutlisetsa Areka ea Molimo oa ’nete motseng.+ Haeba ke amoheleha mahlong a Jehova, o tla boela a nkhutlise ’me ke bone areka hape le moo e lulang teng.+ 26 Empa haeba ke sa amohelehe ho eena, a ke a nketse eng kapa eng eo a bonang e lokile mahlong a hae.” 27 Morena a re ho moprista Tsadoke: “Akere u seboni?*+ Khutlelang motseng ka khotso ’me le tsamaee le bara ba lona ba babeli, Akimaze mora oa hao le Jonathane+ mora oa Abiathare. 28 Ke tla ema pel’a maliboho a lefeella ho fihlela ke fumana molaetsa o tsoang ho uena.”+ 29 Kahoo, Tsadoke le Abiathare ba nka Areka ea Molimo oa ’nete, ba e khutlisetsa Jerusalema eaba ba lula moo.

30 Davida o ne a ntse a lla ha a nyoloha Thabeng* ea Mehloaare,+ a ikoahetse hlooho a bile a tsamaea a sa roala letho maotong. Batho bohle ba neng ba e-na le eena le bona ba ne ba ikoahetse lihlooho ’me ba ntse ba lla ha ba nyoloha. 31 Davida a fumana tlaleho e reng: “Akitofele o har’a batho ba rerang bolotsana+ le Absalome.”+ Eaba Davida o re: “Jehova,+ ke kopa u etse hore keletso ea Akitofele e se ke ea atleha, e be joaloka ea motho ea se nang kelello.”+

32 Ha Davida a fihla ka holim’a thaba moo batho ba neng ba tloaetse ho inamela Molimo teng, Hushai+ oa Moareke+ o ne a le moo ho tla kopana le eena, a tabotse seaparo sa hae ’me a le mobu hloohong. 33 Leha ho le joalo, Davida a re ho eena: “Haeba u ka tšela le ’na, u tla ba moroalo ho ’na. 34 Empa haeba u khutlela motseng ’me u re ho Absalome, ‘Ke mohlanka oa hao morena. Ke ne ke le mohlanka oa ntate oa hao nakong e fetileng empa hona joale ke mohlanka oa hao.’+ Ha u etsa joalo u tla khona ho nthusa ho senya leano la Akitofele.+ 35 Moprista Tsadoke le moprista Abiathare ba tla be ba e-na le uena. U bolelle moprista Tsadoke le moprista Abiathare ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e utloang ho tsoa ntlong ea morena.+ 36 Ba na le bara ba bona ba babeli moo e leng Akimaze+ mora oa Tsadoke le Jonathane+ mora oa Abiathare. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e utloang u e romele ka bona.” 37 Kahoo, Hushai motsoalle oa Davida+ a ea motseng ha Absalome a kena Jerusalema.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela