Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 30
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 1 Samuele

      • Baamaleke ba futuhela Ziklage ebile baa e chesa (1-6)

        • Davida o fumana matla ho Molimo (6)

      • Davida o hlola Baamaleke (7-31)

        • Davida o lopolla batho ba neng ba nkiloe (18, 19)

        • Davida o fana ka molao oa lintho tse hapiloeng (23, 24)

1 Samuele 30:1

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Negebe.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 15:21, 31; 1Sa 27:5, 6
  • +Ge 36:12; Ex 17:14; 1Sa 15:2; 27:8

1 Samuele 30:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 27:3

1 Samuele 30:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 25:42, 43

1 Samuele 30:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 18:6; 31:1, 9; 34:19; 143:5

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    4/2022, leq. 2

1 Samuele 30:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 22:20; 1Ma 2:26
  • +1Sa 23:9

1 Samuele 30:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 27:21; Bhl 20:28; 1Sa 23:2, 11; 28:6
  • +1Sa 30:18; Ps 34:19

1 Samuele 30:9

Linaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 23:13; 27:2

1 Samuele 30:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 30:21

1 Samuele 30:12

Linaletsana

  • *

    Kapa: “lifeiga.”

1 Samuele 30:14

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Negebe.”

  • *

    Kapa: “Negebe.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 8:18; 1Ma 1:38; 1Kr 18:17; Eze 25:16; Sof 2:5
  • +Jos 14:13

1 Samuele 30:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 17:14

1 Samuele 30:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 30:3

1 Samuele 30:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 30:8; Ps 34:19

1 Samuele 30:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 30:10

1 Samuele 30:23

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 30:8

1 Samuele 30:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 30:10
  • +Nu 31:27; Jos 22:8; Ps 68:12

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    3/15/2005, leq. 24

1 Samuele 30:26

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Tlhohonolofatso.”

1 Samuele 30:27

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ka boroa.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 19:4, 8
  • +Jos 15:20, 48; 21:8, 14

1 Samuele 30:28

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 15:20, 50; 21:8, 14

1 Samuele 30:29

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 27:10; 1Kr 2:9
  • +Bhl 1:16; 1Sa 15:6

1 Samuele 30:30

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 21:3; Jos 19:1, 4; Bhl 1:17

1 Samuele 30:31

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 14:13; 2Sa 2:1

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

1 Sam. 30:1Jos 15:21, 31; 1Sa 27:5, 6
1 Sam. 30:1Ge 36:12; Ex 17:14; 1Sa 15:2; 27:8
1 Sam. 30:21Sa 27:3
1 Sam. 30:51Sa 25:42, 43
1 Sam. 30:6Ps 18:6; 31:1, 9; 34:19; 143:5
1 Sam. 30:71Sa 22:20; 1Ma 2:26
1 Sam. 30:71Sa 23:9
1 Sam. 30:8Nu 27:21; Bhl 20:28; 1Sa 23:2, 11; 28:6
1 Sam. 30:81Sa 30:18; Ps 34:19
1 Sam. 30:91Sa 23:13; 27:2
1 Sam. 30:101Sa 30:21
1 Sam. 30:142Sa 8:18; 1Ma 1:38; 1Kr 18:17; Eze 25:16; Sof 2:5
1 Sam. 30:14Jos 14:13
1 Sam. 30:17Ex 17:14
1 Sam. 30:181Sa 30:3
1 Sam. 30:191Sa 30:8; Ps 34:19
1 Sam. 30:211Sa 30:10
1 Sam. 30:231Sa 30:8
1 Sam. 30:241Sa 30:10
1 Sam. 30:24Nu 31:27; Jos 22:8; Ps 68:12
1 Sam. 30:27Jos 19:4, 8
1 Sam. 30:27Jos 15:20, 48; 21:8, 14
1 Sam. 30:28Jos 15:20, 50; 21:8, 14
1 Sam. 30:291Sa 27:10; 1Kr 2:9
1 Sam. 30:29Bhl 1:16; 1Sa 15:6
1 Sam. 30:30Nu 21:3; Jos 19:1, 4; Bhl 1:17
1 Sam. 30:31Jos 14:13; 2Sa 2:1
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Samuele 30:1-31

Buka ea Pele ea Samuele

30 Ha Davida le banna ba hae ba fihla Ziklage+ ka letsatsi la boraro, ba fumana Baamaleke+ ba futuhetse sebaka se ka boroa* le Ziklage. Ba ne ba hlasetse Ziklage ba bile ba e chesitse. 2 Ba ne ba nkile basali+ le bohle ba neng ba le motseng, ba nkile ba banyenyane hammoho le ba baholo. Ha ho na motho eo ba ileng ba mo bolaea empa ba ile ba ba nka ba tsamaea le bona. 3 Ha Davida le banna ba hae ba khutlela motseng, ba fumana o chesitsoe ’me basali ba bona le bana ba bona ba nkiloe ba isitsoe botlamuoeng. 4 Kahoo, Davida le banna ba neng ba e-na le eena ba lla haholo ho fihlela ba se ba se na matla a ho lla. 5 Basali ba babeli ba Davida le bona ba ne ba nkiloe ba isitsoe botlamuoeng e leng Akinoame mosali oa Mojezriele le Abigaile eo e kileng ea e-ba mosali oa Nabale oa Mokarmele.+ 6 Davida o ne a tšoenyehile haholo hobane banna bao ba ne ba batla ho mo tlepetsa ka majoe kaha kaofela ba ne ba halefile haholo ka lebaka la ho lahleheloa ke bana ba bona. Empa Davida a imatlafatsa ka Jehova Molimo oa hae.+

7 Eaba Davida o re ho moprista Abiathare,+ mora oa Akimeleke: “Ke kopa u tlise efoda mona.”+ Kahoo, Abiathare a tlisa efoda ho Davida. 8 Davida a re ho Jehova:+ “Na ke lelekise banna baa ba hlasetseng motse? Na ke tla ba hlola?” Eaba Molimo o re ho eena: “Ba lelekise hobane u tla ba hlola ’me u tla khutla le lintho tsohle le batho bohle.”+

9 Hang-hang Davida a tsamaea le banna ba 600+ ba neng ba e-na le eena ’me ba tsamaea ho ea fihla Khohlong* ea Besore, moo banna ba bang ba ileng ba sala teng. 10 Davida a tsoela pele ho lelekisa banna bao a e-na le banna ba 400 empa banna ba 200 ba neng ba se ba khathetse haholo hore ba ka tšela Khohlo ea Besore, ba ile ba sala.+

11 Ba fumana monna e mong oa Moegepeta naheng eaba ba mo tlisa ho Davida. Ba mo fa lijo hore a je, metsi hore a noe 12 hammoho le sengoathoana sa polokoe ea lifeie* tse omisitsoeng le lipolokoe tse peli tsa morara o omisitsoeng. Ka mor’a hore a je, a boela a ba le matla hobane o ne a qetile matsatsi a mararo le masiu a mararo a sa je lijo a bile a sa noe le metsi. 13 Joale Davida a re ho eena: “U mohlanka oa mang hona u tsoa hokae?” Eaba o re: “Ke Moegepeta, lekhoba la monna oa Moamaleke empa mong’a ka o ile a ntšiea hobane ke ile ka kula matsatsing a mararo a fetileng. 14 Re ile ra hlasela ka boroa* ho naha ea Bakerethe+ le naha ea Juda le ka boroa* ho naha ea Kalebe+ ’me ra chesa Ziklage.” 15 Eaba Davida o re ho eena: “Na u tla nkisa ho banna bao?” A mo araba a re: “Ke tla u isa ho bona haeba u ka ntlhapanyetsa ka Molimo hore u ke ke oa mpolaea le hore u ke ke oa fana ka ’na ho mong’a ka.”

16 A mo isa moo ba neng ba hasane naheng eohle, ba ja, ba noa ’me ba keteka ka lebaka la lintho tse ngata tseo ba neng ba li nkile naheng ea Bafilista le naheng ea Juda. 17 Eaba Davida o ba bolaea ho tloha mesong ho fihlela mantsiboea. Ha ho na motho ea ileng a phonyoha+ haese banna ba 400 ba ileng ba baleha ka likamele. 18 Davida a nka lintho tsohle tseo Baamaleke ba neng ba li nkile+ ’me Davida a lopolla le basali ba hae ba babeli. 19 Ba ile ba fumana lintho tsohle tsa bona, tse nyenyane le tse kholo. Ba nka bara ba bona le barali ba bona le thepa e hapuoeng.+ Davida a nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e nkile. 20 A nka mehlape eohle ea linku le lipoli le ea liphoofolo tse kholo ’me ba e khanna ka pel’a mehlape ea bona ba re: “Ena ke thepa e hapuoeng ea Davida.”

21 Davida a fihla ho banna ba 200 ba ileng ba sala Khohlong ea Besore hobane ba ne ba khathetse haholo hore ba ka tsamaea le Davida.+ Ba ile ba tla ’me ba khahlanyetsa Davida le batho ba neng ba e-na le eena. Ha Davida a fihla ho banna bao, a ba botsa hore na ba ntse ba e-ea joang. 22 Leha ho le joalo, banna bohle ba khopo le ba se nang molemo har’a banna ba neng ba tsamaile le Davida ba re: “Kaha ha baa tsamaea le rona, re ke ke ra ba fa thepa leha e le efe e hapuoeng eo re tlileng le eona, ha e se hore e mong le e mong a nke mosali oa hae le bara ba hae ’me a tsamaee.” 23 Empa Davida a re: “Bana beso le se ke la etsa tjena ka lintho tseo Jehova a re fileng tsona. O re sirelelitse ’me a re thusa hore re hlole banna ba neng ba re hlasetse.+ 24 Ke mang ea ka lumellanang le lona tabeng ee? Ba tsoang ntoeng ba tla fumana karolo e lekanang le ea ba neng ba setse le thoto.+ Bohle ba tla fumana lintho ka ho lekana.”+ 25 Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, o ile a etsa hore ebe molao oa Iseraele ho tla fihlela kajeno.

26 Ha Davida a fihla Ziklage, a romela thepa e ’ngoe e hapuoeng ho baholo ba Juda bao e neng e le metsoalle ea hae a re: “Mpho* ea lona ke ena e tsoang ho thepa e hapuoeng ea lira tsa Jehova.” 27 O ile a e romela ho ba leng Bethele,+ ho ba leng Ramothe ea Negebe,* ho ba leng Jatire,+ 28 ho ba leng Aroere, ho ba leng Sifmothe le ho ba leng Eshtemooa.+ 29 A e romela le ho ba leng Rakale, ho ba leng metseng ea Bajeramiele,+ ho ba leng metseng ea Bakene,+ 30 ho ba leng Horma,+ ho ba leng Borashane, ho ba leng Athake, 31 ho ba leng Hebrone+ le libakeng tsohle tseo Davida le banna ba hae ba neng ba atisa ho ea ho tsona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela