Buka ea Pele ea Likronike
19 Ka mor’a nako, Nahashe morena oa Baamone a shoa ’me mora oa hae ea e-ba morena.+ 2 Davida a re: “Ke tla bontša Hanune mora oa Nahashe hore kea mo rata*+ hobane ntate oa hae o ile a mpontša hore oa nthata.” Kahoo, Davida a romela baromuoa ba hae hore ba e’o mo tšelisa hobane a hlokahalletsoe ke ntate oa hae. Empa ha bahlanka ba Davida ba fihla naheng ea Baamone+ ho tla tšelisa Hanune, 3 likhosana tsa Baamone tsa re ho Hanune: “Na u nahana hore Davida o hlompha ntate oa hao ka ho romela batho ba tl’o u tšelisa? Na Davida ha aa romela bahlanka ba hae ho uena hore ba tl’o hlahloba naha le ho e hloela e le hore ba tle ba e hape?” 4 Hanune a nka bahlanka ba Davida, a kuta litelu tsa bona+ ’me a seha liaparo tsa bona, ba sala ba le feela ho tloha mathekeng eaba o re ba tsamaee. 5 Ha Davida a bolelloa ka banna bao, hang-hang a romela banna ba bang hore ba e’o ba khahlanyetsa hobane banna bao ba ne ba tlotlolotsoe haholo. Morena a re ho bona: “Lulang Jeriko.+ Le tla khutlela hae ha litelu tsa lona li holile.”
6 Ka mor’a nako, Baamone ba bona hore Davida o ba hloile eaba Hanune le Baamone ba romela silevera e boima ba lik’hilokramo tse 34 200* hore ba hire likariki tsa ntoa le bapalami ba lipere Mesopotamia,* Arame-maaka le Zoba.+ 7 Ba hira likariki tsa ntoa tse 32 000 hammoho le morena oa Maaka le batho ba hae. Ka mor’a moo, ba tla Medeba+ ’me ba hloma litente tsa bona ka pel’a eona. Baamone ba bokana ho tsoa metseng ea bona ’me ba tsoa ho tla loana.
8 Ha Davida a utloa taba ena, a romela Joabe+ le masole ’ohle, ho akarelletsa le banna ba hae ba matla ka ho fetisisa.+ 9 Baamone ba tsoa ’me ba itokisetsa ntoa keiting ea motse ha marena a neng a tlile a setse a le mang naheng.
10 Ha Joabe a bona hore masole a lira tsa hae a mo hlasela a hlaha ka pele le ka morao, a khetha a mang a masole a matla ka ho fetisisa a Iseraele ’me a a lokisetsa ho ea loantša Basiria.+ 11 A beha abuti oa hae Abishai+ hore e be molaoli oa banna ba bang kaofela e le hore a ba lokisetse ho ea loantša Baamone. 12 Eaba o re: “Haeba Basiria+ ba e-ba matla ho mpheta, u tle u tl’o nthusa. Empa haeba Baamone ba e-ba matla ho u feta, ke tla u thusa. 13 Re lokela ho ba matla ’me re be sebete+ bakeng sa batho ba habo rona le metse ea Molimo oa rona ’me Jehova o tla phetha karolo ea hae.”
14 Joabe le banna ba hae ba ea ho Basiria ho ea ba loantša empa ba mo baleha.+ 15 Ha Baamone ba bona hore Basiria ba balehile, le bona ba baleha Abishai abuti oa hae ’me ba kena motseng. Ka mor’a moo, Joabe a tla Jerusalema.
16 Ha Basiria ba bona hore ba hlotsoe ke Baiseraele, ba romela baromuoa hore ba bitse Basiria ba lulang pel’a Noka,*+ ba etelletsoe pele ke Shofake molaoli oa sesole sa Hadadezere.+
17 Ha Davida a bolelloa sena, a bokella Baiseraele bohle ka potlako ’me a tšela Jordane a ea ho bona eaba o itokisetsa ho ba loantša. Davida a itokisetsa ho ea kopana le Basiria ’me ba mo loantša.+ 18 Empa Basiria ba baleha Baiseraele ’me Davida a bolaea bakhanni ba likariki tsa ntoa ba 7 000 le masole a tsamaeang ka maoto a 40 000 a Basiria eaba o bolaea Shofake molaoli oa lebotho la sesole. 19 Ha bahlanka ba Hadadezere ba bona hore ba hlotsoe ke Baiseraele,+ ba etsa khotso kapele le Davida ’me ea e-ba basebeletsi ba hae.+ Basiria ha baa ka ba hlola ba batla ho thusa Baamone.