Buka ea Bobeli ea Likronike
13 Ha Morena Jeroboame a e-na le lilemo tse 18 a busa, Abija ea e-ba morena oa Juda.+ 2 A busa Jerusalema ka lilemo tse tharo. ’Mè oa hae e ne e le Mikea+ morali oa Uriele oa Gibea.+ Abija le Jeroboame ba ne ba loantšana.+
3 Abija a ea ntoeng le masole a matla a koetlisitsoeng+ a 400 000. Jeroboame a itokisetsa ho ea mo loantša ka banna ba matla ba koetlisitsoeng ba 800 000. 4 Abija a ema holim’a Thaba ea Zemaraime e lithabeng tsa Efraime ’me a re: “ ’Mamele Jeroboame, uena le Baiseraele bohle. 5 Na ha le tsebe hore Jehova Molimo oa Iseraele o file Davida le bara ba hae+ ’muso oa Iseraele ka ho sa feleng+ ka selekane sa letsoai?+ 6 Empa Jeroboame+ mora oa Nebate, mohlanka oa Solomone mora oa Davida, a fetohela morena oa hae.+ 7 Banna ba sa sebetseng, ba se nang thuso ba tla ho eena. Ba ile ba khona ho fetohela Roboame mora oa Solomone ha a sa le mocha ebile a le boi ’me a sa khone ho loana le bona.
8 Joale lona le nahana hore le ka loantša ’muso oa Jehova o matsohong a bara ba Davida hobane feela le le bangata le bile le e-na le manamane a khauta ao Jeroboame a le etselitseng ’ona hore e be melimo ea lona?+ 9 Le lelekile baprista ba Jehova,+ litloholo tsa Arone le Balevi, la ba la ikhethela baprista joaloka lichaba tsa linaha tse ling.+ Ha motho a tla ka pohoana le liramo tse supileng, le ne le mo etsa moprista oa litšoantšo tseo e seng melimo. 10 Ha e le rona, Jehova ke Molimo oa rona+ ’me ha rea mo lahla. Baprista ba rona e leng litloholo tsa Arone, ba sebeletsa Jehova ’me Balevi baa ba thusa. 11 Hoseng ho hong le ho hong le mantsiboea a mang le a mang ba etsetsa Jehova mosi oa linyehelo tsa secheso+ le libano tse nkhang hamonate+ ’me ba lokisa bohobe+ bo holim’a tafole ea khauta e hloekileng. Mantsiboea a mang le a mang ba khantša mabone+ a seluloana sa khauta+ hobane re phetha boikarabelo boo Jehova Molimo oa rona a re fileng bona empa lona le mo lahlile. 12 Molimo oa ’nete o na le rona ’me o re etella pele ka baprista ba hae le ka literompeta tse letsang molumo oa ntoa hore re le loantše. Banna ba Iseraele, le se ke la loantša Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona hobane le ke ke la hlola.”+
13 Jeroboame a beha masole a tla ipata ka mor’a bona hore a ba hlasele. Kahoo, masole a mang a hae, a ne a le ka pel’a Bajuda ’me a mang a ipatile ka mor’a bona. 14 Ha banna ba Juda ba hetla, ba hlokomela hore ba hlaseloa ka pele le ka morao. Ba llela ho Jehova+ ha baprista ba ntse ba letsetsa literompeta holimo. 15 Banna ba Juda ba hoeletsa ’me ha ba hoeletsa joalo, Molimo oa ’nete a hlola Jeroboame le Baiseraele bohle ka pel’a Abija le Juda. 16 Baiseraele ba baleha Juda ’me Molimo a etsa hore ba ba hlole. 17 Abija le batho ba hae ba ba bolaea ka bongata, ba bolaea banna ba koetlisitsoeng ba Iseraele ba 500 000. 18 Letsatsing leo banna ba Iseraele ba tlotlolleha. Banna ba Juda ba ba hlola hobane ba ne ba tšepile Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona.+ 19 Abija a lelekisa Jeroboame ’me a hapa metse ho eena e leng Bethele+ le metse e haufi le eona, Jeshana le metse e haufi le eona le Efraine+ le metse e haufi le eona. 20 Jeroboame ha aa ka a hlola a e-ba le matla mehleng ea Abija. Jehova o ile a mo otla ’me a shoa.+
21 Abija a ’na a ba matla. Ha nako e ntse e ea, a nyala basali ba 14,+ a ba le bara ba 22 le barali ba 16. 22 Histori eohle ea Abija, lintho tseo a li entseng le mantsoe a hae, li tlalehiloe mangolong a moprofeta Ido.+