Buka ea Bobeli ea Samuele
10 Ka mor’a nako, morena oa Baamone+ a shoa ’me mora oa hae Hanune a mo hlahlama boreneng.+ 2 Davida a re: “Ke tla bontša Hanune mora oa Nahashe hore kea mo rata* feela joalokaha ntate oa hae a ile a mpontša hore oa nthata.” Kahoo, Davida a roma bahlanka ba hae hore ba e’o mo tšelisa hobane a hlokahalletsoe ke ntate. Empa ha bahlanka ba Davida ba fihla naheng ea Baamone, 3 likhosana tsa Baamone tsa re ho Hanune morena oa tsona: “Na u nahana hore Davida o hlompha ntate oa hao ka ho u romella batho ba tl’o u tšelisa? Na Davida ha a romela bahlanka ba hae ho uena hore ba tl’o hlahloba naha le ho e hloela e le hore ba tle ba e hape?” 4 Hanune a nka bahlanka ba Davida, a kuta halofo ea litelu+ tsa bona ’me a seha liaparo tsa bona ba sala ba le feela ho tloha mathekeng eaba o re ba tsamaee. 5 Ha Davida a bolelloa taba ena, hang-hang a romela banna hore ba e’o ba khahlanyetsa hobane banna bao ba ne ba tlotlolotsoe haholo. Morena a re ho bona: “Lulang Jeriko,+ le tla khutlela hae ha litelu tsa lona li holile.”
6 Ka mor’a nako, Baamone ba bona hore Davida o ba hloile eaba ba romela Basiria bao ba ba hirileng ba Bethe-rehobe+ le Basiria ba Zoba.+ E ne e le masole a 20 000 a tsamaeang ka maoto, banna ba 1 000 ba tsamaeang le morena oa Maaka+ hammoho le banna ba 12 000 ba tsoang Ishtobe.+ 7 Ha Davida a utloa ka taba ena, a romela Joabe le masole ’ohle ho akareletsa le banna ba hae ba matla ka ho fetisisa.+ 8 Baamone ba tsoa ’me ba itokisetsa ntoa keiting ea motse, ha Basiria ba Zoba le ba Rehobe hammoho le Ishtobe* le Maaka ba le naheng ba le bang.
9 Ha Joabe a bona hore masole a lira tsa hae a mo hlasela a hlaha ka pele le ka morao, a khetha masole a matla ka ho fetisisa a Iseraele ’me a a lokisetsa ho ea loantša Basiria.+ 10 A beha ngoan’abo Abishai+ hore e be molaoli oa banna ba bang kaofela e le hore a ba lokisetse ho ea loantša Baamone.+ 11 Eaba o re: “Haeba Basiria ba e-ba matla ho mpheta, u tle u tl’o nthusa. Empa haeba Baamone ba e-ba matla ho u feta, ke tla tla ke tl’o u thusa. 12 Re lokela ho ba matla ’me re be sebete+ bakeng sa batho ba habo rona le metse ea Molimo oa rona ’me Jehova o tla phetha karolo ea hae.”+
13 Joabe le banna ba hae ba ea ho Basiria ho ea ba loantša empa ba mo baleha.+ 14 Ha Baamone ba bona hore Basiria ba balehile, ba baleha Abishai ’me ba kena motseng. Ka mor’a moo, Joabe a khutla a tsoa ho Baamone ’me a tla Jerusalema.
15 Ha Basiria ba bona hore ba hlotsoe ke Baiseraele, ba boela ba bokana.+ 16 Kahoo, Hadadezere+ a re ho bitsoe Basiria ba lulang pel’a Noka*+ eaba ba tla Helame, ba eteletsoe pele ke Shobake molaoli oa sesole sa Hadadezere.
17 Ha Davida a bolelloa sena, a bokella Baiseraele bohle ka potlako ’me a tšela Jordane a ea Helame. Eaba Basiria ba itokisetsa ho ea kopana le Davida ’me ba mo loantša.+ 18 Empa Basiria ba baleha Baiseraele ’me Davida a bolaea bakhanni ba likariki tsa ntoa ba 700 le bapalami ba lipere ba 40 000 ba Basiria. A bolaea le Shobake molaoli oa lebotho la bona la sesole ’me a shoella moo.+ 19 Ha marena ’ohle e leng bahlanka ba Hadadezere ba bona hore ba hlotsoe ke Baiseraele, ba bopa khotso kapele le Baiseraele ’me ea e-ba basebeletsi ba bona.+ Basiria ba ne ba se ba tšaba ho thusa Baamone.