Buka ea Bobeli ea Likronike
30 Ezekiase a romela molaetsa ho Baiseraele+ le Bajuda bohle, a ba a ngolla leloko la Efraime le la Manase+ mangolo hore le tle ntlong ea Jehova Jerusalema ho tla tšoarela Jehova Molimo oa Iseraele Paseka.+ 2 Empa morena, likhosana tsa hae le phutheho eohle e Jerusalema ba khetha ho keteka Paseka ka khoeli ea bobeli.+ 3 Ha baa ka ba e keteka ka nako ea teng+ hobane ho ne ho e-na le baprista ba seng bakae feela ba itlhoekisitseng+ le batho ba ne ba e-s’o tle Jerusalema. 4 Morena le phutheho eohle ba ile ba thabela taba ena. 5 Ba bolella baahi bohle ba Iseraele ho tloha Beersheba ho ea fihla Dane+ hore ba tle ba tl’o tšoarela Jehova Molimo oa Iseraele Paseka Jerusalema hobane ba ne ba e-s’o e keteke hammoho ho ea ka se ngotsoeng Molaong.+
6 Batho ba tsamaisang melaetsa ba isa mangolo a tsoang ho morena le likhosana tsa hae naheng eohle ea Iseraele le Juda joalokaha morena a ne a laetse a re: “Baiseraele, khutlelang ho Jehova Molimo oa Abrahama, Isaka le Iseraele e le hore a ka khutlela ho ba setseng, ba phonyohileng marena a Asiria.+ 7 Le se ke la etsisa baholo-holo ba lona le bana ba bo lona ba sa kang ba tšepahalla Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona. O ile a etsa hore ha batho ba ba bona ba tšohe joalokaha le lona le bona.+ 8 Le se ke la ba manganga joaloka baholo-holo ba lona.+ Mamelang Jehova, le tle ntlong ea hae+ eo a e halalelitseng ka ho sa feleng, le sebeletse Jehova Molimo oa lona hore a khaotse ho le halefela.+ 9 Ha le ka khutlela ho Jehova, batho ba tšoereng bana ba bo lona le bana ba lona ba tla ba hauhela,+ ba ba lumelle ho khutlela naheng ena+ hobane Jehova Molimo oa lona o na le kutloelo-bohloko ebile o mohau.+ A ke ke a le furalla haeba le khutlela ho eena.”+
10 Batho ba tsamaisang melaetsa ba ea metseng eohle e naheng ea Efraime le Manase,+ ba fihla le naheng ea Zabulone. Empa batho ba ne ba ba tšeha le ho ba soma.+ 11 Leha ho le joalo, batho ba bang ba leloko la Ashere, la Manase le la Zabulone ba ikokobetsa eaba ba tla Jerusalema.+ 12 Molimo oa ’nete le eena a thusa Bajuda hore ba momahane, ba etse seo morena le likhosana ba ba boleletseng sona ho ea ka taelo ea Jehova.
13 Batho ba ne ba tlile Jerusalema ka bongata ho tla keteka Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso+ ka khoeli ea bobeli.+ 14 Ba ile ba tlosa lialetare tse Jerusalema,+ ba tlosa le lialetare tsohle tsa libano+ ba li lahlela Khohlong ea Kidrone. 15 Ba hlaba sehlabelo sa Paseka ka letsatsi la bo14 la khoeli ea bobeli. Baprista le Balevi ba hlajoa ke lihlong. Kahoo, ba itlhoekisa eaba ba tlisa linyehelo tsa secheso ntlong ea Jehova. 16 Ba etsa mesebetsi eo ba neng ba tloaetse ho e etsa ho ea ka Molao oa Moshe mohlanka oa Molimo oa ’nete. Baprista ba fafatsa mali+ ao ba neng ba a filoe ke Balevi. 17 Ho ne ho e-na le batho ba bangata ba sa itlhoekisang. Kahoo, Balevi ke bona ba neng ba hlabela bohle ba neng ba sa hloeka mahlabelo a Paseka+ e le hore ba hloeke ka pel’a Jehova. 18 Batho ba bangata ba ne ba sa itlhoekisa, haholo-holo ba tsoang lelokong la Efraime, la Manase,+ la Isakare le la Zabulone. Ho ntse ho le joalo, ba ile ba ja Paseka, ba tlola Molao. Ezekiase a ba rapella a re: “E se eka Jehova Molimo ea molemo+ a ka tšoarela 19 batho bohle ba ikemiselitseng ho sebeletsa Molimo oa ’nete+ Jehova, Molimo oa baholo-holo ba bona le hoja ba sa hloekisoa ho ea ka melao ea khalalelo.”+ 20 Jehova a mamela Ezekiase ’me a ba tšoarela.
21 Baiseraele ba neng ba le Jerusalema ba keteka Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso+ ka matsatsi a supileng ba thabile.+ Balevi le baprista ba ne ba rorisa Jehova letsatsi le letsatsi, ba binela Jehova ba letsetsa liletsa tsa ’mino holimo.+ 22 Ezekiase a bua le Balevi bohle ba sebeletsang Jehova hantle, a ba khothatsa. Ba qeta matsatsi a supileng ba ntse ba ja moketeng,+ ba etsa mahlabelo a kopanetsoeng+ ba bile ba leboha Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona.
23 Phutheho eohle ea etsa qeto ea ho keteka Paseka ka matsatsi a mang a supileng eaba e e keteka ka matsatsi a mang a supileng e thabile.+ 24 Morena Ezekiase oa Juda a fa phutheho lipoho tse 1 000 le linku tse 7 000 ’me likhosana tsa fa phutheho lipoho tse 1 000 le linku tse 10 000.+ Baprista ba bangata ba itlhoekisa.+ 25 Batho bohle ba Juda, baprista, Balevi, batho bohle ba tsoang Iseraele+ le balichaba+ ba tsoang naheng ea Iseraele le ba lulang Juda ba ’na ba thaba. 26 Batho ba ne ba thabile haholo Jerusalema hobane ho tloha mehleng ea Solomone mora oa Davida morena oa Iseraele, ho ne ho e-s’o ka ho e-ba le ntho e tjena Jerusalema.+ 27 Qetellong baprista ba Balevi ba hlohonolofatsa sechaba.+ Molimo a utloa thapelo ea bona a le leholimong, sebakeng sa hae se halalelang.