Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Likronike 29
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 1 Likronike

      • Monehelo oa tempele (1-9)

      • Thapelo ea Davida (10-19)

      • Batho ba thabile, Solomone oa busa (20-25)

      • Davida oa shoa (26-30)

1 Likronike 29:1

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ntlo ea borena; phaleisi.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Kr 28:5
  • +1Ma 3:7
  • +2Kr 2:4

1 Likronike 29:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Kr 22:3, 16
  • +1Kr 22:4, 14

1 Likronike 29:3

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 26:8; 27:4; 122:1
  • +1Kr 21:24

1 Likronike 29:4

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “litalenta tse 3 000.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.

  • *

    Ka Seheberu: “litalenta tse 7 000.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Job 28:16

1 Likronike 29:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 35:5

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1990),

    7/1/1990, leq. 31

1 Likronike 29:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 18:25
  • +1Kr 27:25, 29, 31

1 Likronike 29:7

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “litalenta tse 5 000.”

  • *

    Tsena e ne e le lichelete tsa Persia tse entsoeng ka khauta tse bitsoang lidarike. Sheba Ntlha ea B14.

  • *

    Ka Seheberu: “litalenta tse 10 000.”

  • *

    Ka Seheberu: “litalenta tse 18 000.”

  • *

    Ka Seheberu: “litalenta tse 100 000.”

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha, maq. 1881, 1986

    Molula-Qhooa,

    8/1/2009, leq. 30

1 Likronike 29:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Kr 26:22
  • +1Kr 6:1

1 Likronike 29:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Ko 9:7

1 Likronike 29:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 145:3; 1Ti 1:17
  • +Tše 5:13
  • +1Kr 16:27; Ps 8:1
  • +Ps 24:1; Esa 42:5
  • +Ps 103:19; Mat 6:10

1 Likronike 29:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 8:18; Pr 10:22; Baf 4:19
  • +2Kr 20:6
  • +De 3:24; Esa 40:26; Ef 1:19; Tše 15:3
  • +2Kr 1:11, 12
  • +2Kr 16:9; Ps 18:32; Esa 40:29

1 Likronike 29:14

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    1/2018, leq. 18

1 Likronike 29:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 25:23; Heb 11:13
  • +Job 14:1, 2; Jak 4:13, 14

1 Likronike 29:16

Linaletsana

  • *

    Kapa: “maruo.”

1 Likronike 29:17

Linaletsana

  • *

    Kapa: “a lokile.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Kr 28:9
  • +Pr 11:20; 15:8; Heb 1:9

1 Likronike 29:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 10:17; 86:11

1 Likronike 29:19

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ntlo ea borena; phaleisi.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Mar 12:30
  • +1Ma 6:12
  • +1Kr 22:14

1 Likronike 29:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 1:3
  • +Le 23:12, 13; Nu 15:5
  • +1Ma 8:63, 64

1 Likronike 29:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 12:7; 2Kr 7:10; Ne 8:12
  • +1Ma 1:38-40; 1Kr 23:1
  • +1Ma 2:35

1 Likronike 29:23

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Kr 28:5

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Buka, khao. 32

    Tsoha!—1989,

    3/8/1989, leq. 18

1 Likronike 29:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Kr 22:17
  • +1Kr 28:1
  • +1Kr 3:1-9

1 Likronike 29:25

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 3:12; 2Kr 1:1, 12; Moe 2:9

1 Likronike 29:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 2:11
  • +2Sa 5:4, 5

1 Likronike 29:28

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 1:1
  • +1Ma 2:10-12

1 Likronike 29:29

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 7:2; 12:1
  • +1Kr 21:9, 10

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    3/15/2009, leq. 32

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

1 Likron. 29:11Kr 28:5
1 Likron. 29:11Ma 3:7
1 Likron. 29:12Kr 2:4
1 Likron. 29:21Kr 22:3, 16
1 Likron. 29:21Kr 22:4, 14
1 Likron. 29:3Ps 26:8; 27:4; 122:1
1 Likron. 29:31Kr 21:24
1 Likron. 29:4Job 28:16
1 Likron. 29:5Ex 35:5
1 Likron. 29:6Ex 18:25
1 Likron. 29:61Kr 27:25, 29, 31
1 Likron. 29:81Kr 26:22
1 Likron. 29:81Kr 6:1
1 Likron. 29:92Ko 9:7
1 Likron. 29:11Tše 5:13
1 Likron. 29:111Kr 16:27; Ps 8:1
1 Likron. 29:11Ps 24:1; Esa 42:5
1 Likron. 29:11Ps 103:19; Mat 6:10
1 Likron. 29:11Ps 145:3; 1Ti 1:17
1 Likron. 29:12De 8:18; Pr 10:22; Baf 4:19
1 Likron. 29:122Kr 20:6
1 Likron. 29:12De 3:24; Esa 40:26; Ef 1:19; Tše 15:3
1 Likron. 29:122Kr 1:11, 12
1 Likron. 29:122Kr 16:9; Ps 18:32; Esa 40:29
1 Likron. 29:15Le 25:23; Heb 11:13
1 Likron. 29:15Job 14:1, 2; Jak 4:13, 14
1 Likron. 29:171Kr 28:9
1 Likron. 29:17Pr 11:20; 15:8; Heb 1:9
1 Likron. 29:18Ps 10:17; 86:11
1 Likron. 29:19Mar 12:30
1 Likron. 29:191Ma 6:12
1 Likron. 29:191Kr 22:14
1 Likron. 29:21Le 1:3
1 Likron. 29:21Le 23:12, 13; Nu 15:5
1 Likron. 29:211Ma 8:63, 64
1 Likron. 29:22De 12:7; 2Kr 7:10; Ne 8:12
1 Likron. 29:221Ma 1:38-40; 1Kr 23:1
1 Likron. 29:221Ma 2:35
1 Likron. 29:231Kr 28:5
1 Likron. 29:241Kr 22:17
1 Likron. 29:241Kr 28:1
1 Likron. 29:241Kr 3:1-9
1 Likron. 29:251Ma 3:12; 2Kr 1:1, 12; Moe 2:9
1 Likron. 29:272Sa 2:11
1 Likron. 29:272Sa 5:4, 5
1 Likron. 29:281Ma 1:1
1 Likron. 29:281Ma 2:10-12
1 Likron. 29:292Sa 7:2; 12:1
1 Likron. 29:291Kr 21:9, 10
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Likronike 29:1-30

Buka ea Pele ea Likronike

29 Morena Davida a re ho phutheho eohle: “Mora oa ka Solomone eo Molimo a mo khethileng,+ o sa le mocha ebile ha a e-s’o tsebe lintho tse ngata+ ’me mosebetsi o mongata hobane tempele* ena ha se ea motho empa ke ea Jehova Molimo.+ 2 Ke sebelitse ka thata ho lokisa lintho bakeng sa ntlo ea Molimo oa ka, ka fana ka khauta bakeng sa mosebetsi oa khauta, silevera bakeng sa mosebetsi oa silevera, koporo bakeng sa mosebetsi oa koporo, tšepe bakeng sa mosebetsi oa tšepe,+ lifate+ bakeng sa mosebetsi oa lifate, majoe a onikse le majoe a tla hlongoa ka seretse, majoana a selika-likoe a mebala-bala, majoe a mefuta eohle a bohlokoa le majoe a alabastera a mangata haholo. 3 Kaha ke rata ntlo ea Molimo oa ka,+ ke boetse ke fana ka khauta le silevera ho tsoa matlotlong a ka+ bakeng sa ntlo ea Molimo oa ka holim’a lintho tsohle tseo ke li lokiselitseng ntlo e halalelang, 4 ke fana ka khauta ea boima ba lik’hilokramo tse ka holimonyana ho 100 000* e tsoang Ofire+ le silevera e hloekisitsoeng ea boima ba lik’hilokramo tse ka holimonyana ho 200 000* bakeng sa ho tlotsa mabota a likamore, 5 khauta bakeng sa mosebetsi oa khauta, silevera bakeng sa mosebetsi oa silevera le bakeng sa mosebetsi oohle o tla etsoa ke litsebi tsa mesebetsi. Ke mang ea ithaopelang ho fa Jehova mpho kajeno?”+

6 Likhosana tsa malapa, likhosana tsa maloko a Iseraele, balaoli ba ba likete le ba ba makholo+ le baokameli ba mesebetsi ea morena+ ba ithaopa. 7 Bakeng sa mosebetsi oa ntlo ea Molimo oa ’nete ba fana ka khauta ea boima ba lik’hilokramo tse ka holimonyana ho 170 000,* lichelete tsa khauta* tse 10 000, silevera ea boima ba lik’hilokramo tse ka holimonyana ho 340 000,* koporo ea boima ba lik’hilokramo tse ka holimonyana ho 600 000* le tšepe ea boima ba lik’hilokramo tse ka holimonyana ho limilione tse tharo.* 8 Mang kapa mang ea neng a e-na le majoe a bohlokoa o ile a fana ka ’ona letlotlong la ntlo ea Jehova, le neng le hlokomeloa ke Jehiele+ oa Mogershone.+ 9 Batho ba thaba haholo ka lebaka la ho ithaopela ho fana ka linyehelo tsena hobane ba ne ba ithaopetse ho fa Jehova linyehelo tseo ka lipelo tsa bona tsohle.+ Morena Davida le eena a thaba haholo.

10 Davida a rorisa Jehova ka pel’a phutheho eohle a re: “E se eka u ka rorisoa ka ho sa feleng, Jehova Molimo oa Iseraele ntate oa rona. 11 Uena Jehova, u moholo,+ u na le matla+ le bokhabane ebile oa hlompheha+ hobane lintho tsohle tse maholimong le tse lefatšeng ke tsa hao.+ Borena ke ba hao Jehova.+ Ke uena ea iphahamisang hore u be hlooho ka holim’a lintho tsohle. 12 Maruo le khanya li tsoa ho uena+ ’me u busa ntho e ’ngoe le e ’ngoe,+ matla le bonatla li ka letsohong la hao+ ’me letsoho la hao le khona ho etsa hore motho leha e le ofe a be moholo+ le ho fa batho bohle matla.+ 13 Molimo oa rona, rea u leboha ’me re rorisa lebitso la hao le hlollang.

14 ’Na le batho ba ka re ne re boetse re le bo-mang hore ebe re ithaopetse ho fana ka linyehelo ka tsela ee? Lintho tsohle li tsoa ho uena ’me re u file se tsoang letsohong la hao. 15 Re balichaba le baahi ba nakoana ka pel’a hao joaloka baholo-holo bohle ba rona.+ Matsatsi a rona lefatšeng a joaloka moriti,+ ha ho na tšepo ka oona. 16 Jehova Molimo oa rona, lintho* tsena tsohle tseo re li lokiselitseng ho u hahela ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la hao le halalelang, li tsoa letsohong la hao ’me kaofela ke tsa hao. 17 Molimo oa ka, kea tseba hore u hlahloba pelo+ ’me u khahlisoa ke ha motho a tšepahala.*+ Ke ithaopetse ho fana ka lintho tsena tsohle ho tsoa botebong ba pelo ea ka ’me ke thabetse ho bona batho ba hao ba teng mona ba ithaopela ho u etsetsa linyehelo. 18 Jehova Molimo oa Abrahama, Isaka le Iseraele e leng baholo-holo ba rona, thusa batho ba hao hore ba lule ba nahana le ho ikutloa ka tsela ena ka lipelong tsa bona ka ho sa feleng le hore ba u sebeletse ka lipelo tsohle tsa bona.+ 19 Etsa hore mora oa ka Solomone a batle ho u sebeletsa ka pelo eohle+ e le hore a mamele litaelo,+ likhopotso le melao ea hao ’me a etse lintho tsena tsohle a be a hahe tempele* ka lintho tseo ke li lokisitseng.”+

20 Davida a re ho phutheho eohle ea Baiseraele: “Rorisang Jehova Molimo oa lona.” Joale Baiseraele ba rorisa Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona eaba ba khumama lifahleho tsa bona li shebile fatše ka pel’a Jehova le morena. 21 Ba ’na ba etsetsa Jehova mahlabelo le ho nyehela linyehelo tsa secheso+ ho Jehova le letsatsing le hlahlamang. Ba nyehela lipohoana tse 1 000, liramo tse 1 000, likonyana tse tona tse 1 000 hammoho le linyehelo tsa tsona tsa lino.+ Ba etsa mahlabelo a mangata haholo bakeng sa Baiseraele bohle.+ 22 Ba ’na ba ja le ho noa ka pel’a Jehova letsatsing leo ba thabile haholo.+ Ba etsa Solomone mora oa Davida morena ka lekhetlo la bobeli le ho mo tlotsa ka pel’a Jehova hore e be moeta-pele.+ Ba tlotsa le Tsadoke hore e be moprista.+ 23 Solomone a lula teroneng ea Jehova+ e le morena, a hlahlama ntate oa hae Davida. O ile a atleha ’me Baiseraele bohle ba ne ba mo mamela. 24 Likhosana tsohle,+ banna ba matla+ hammoho le bara bohle ba Morena Davida+ ba ile ba ikokobelletsa Morena Solomone. 25 Jehova a etsa hore Solomone a be matla ho feta Baiseraele bohle. A mo fa borena bo hlomphehang ho feta ba morena leha e le ofe ea kileng a busa Iseraele.+

26 Davida mora oa Jese a busa Iseraele eohle. 27 O busitse Iseraele ka lilemo tse 40. A busa Hebrone ka lilemo tse supileng+ ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 33.+ 28 A shoa a tsofetse,+ a khotsofetse hobane a phetse nako e telele a bile a khotsofaletse maruo le khanya. Mora oa hae Solomone ea e-ba morena ka mor’a hae.+ 29 Histori ea Morena Davida ho tloha qalong ho fihlela qetellong, e ngotsoe mangolong a Samuele seboni, moprofeta Nathane+ le Gade+ ea bonang lipono 30 hammoho le litaba tsohle tsa puso ea hae, matla a hae le lintho tsohle tse mo etsahalletseng le tse etsahetseng Iseraele le mebusong eohle e e potolohileng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela