Jobo
13 Leihlo la ka le bone lintho tsena tsohle,
Tsebe ea ka ea li utloa ’me ea li utloisisa.
2 Seo le se tsebang le ’na kea se tseba,
Ha ke tlase ho lona.
6 Ke kopa le mamele maikutlo a ka,
’Me le ele hloko likopo tsa ka.
7 Na le tla bua lintho tse sa lokang le sebelisa lebitso la Molimo,
Le ho bua leshano ka lebitso la hae?
9 Na ha Molimo a ka le hlahloba o ne a tla fumana le lokile?+
Na le tla mo thetsa joalokaha le thetsa batho?
11 Na ho hlompheha ha hae ho ke ke ha le tšosa,
Na le ke ke la tšoha ka lebaka la hae?
12 Mantsoe a lona a bohlale* a fetohile maele a se nang thuso joaloka molora,
Likarabo tsa lona ha li na thuso joaloka lithebe tse entsoeng ka letsopa.
13 Tholang e le hore nka bua.
Le tlohele eng kapa eng hore e nketsahalle!
15 Leha a ka mpolaea, ke tla leta.+
Ke tla emela taba ea ka ka pel’a hae.
17 ’Mameleng ka hloko,
Le ele hloko seo ke se buang.
18 Joale ke hlophisitse nyeoe ea ka,
Kea tseba hore ha ke na molato.
19 Ke mang ea tla loantšana le ’na?
Ke ne ke tla shoa haeba nka thola!*
22 Mpitse ’me ke tla u araba,
Kapa u ntumelle hore ke bue ’me u nkarabe.
23 Ke entse libe le liphoso life?
Mpolelle phoso ea ka le sebe sa ka.
25 Na u tla tšosa lekhasi le fefotsoeng ke moea,
Kapa u lelekise litlhaka tse omeletseng?
26 U ntse u ngola liqoso tse bohloko ka ’na
’Me u etsa hore ke arabelle libe tsa bocheng ba ka.