Jobo
16 Jobo a re:
2 “Nkile ka utloa lintho tse ngata tse tšoanang le tsena.
Kaofela ha lona le batšelisi ba likhathatso!+
3 Le tla qeta neng ho bua mantsoe aa a se nang thuso?
Ke’ng e etsang hore le bue ka tsela ee?
4 Le ’na ke ne nka bua joaloka lona.
Haeba le ne le le boemong ba ka,
Ke ne nka bua lintho tse ngata tse le hanyetsang
’Me ka le sisinyetsa hlooho.+
5 Ho e-na le hoo, ke ne ke tla bua mantsoe a le khothatsang,
’Me matšeliso a ka a ne a tla le khatholla.+
8 U boetse oa ntšoara ’me boemo boo ke leng ho bona ke bopaki ba seo,
Kahoo, ho ota ha ka ho paka seo.
9 Khalefo ea hae e nthobile likoto ’me o ntlhoile.+
O ntsikitlanyetsa meno.
Sera sa ka se nchebile hampe.+
10 Ba buile lintho tse mpe ka ’na,+
Hape ba ntelletse ka hore ba nkotle marameng,
Ba ntlhasela ba le bangata.+
12 Ke ne ke se na mathata empa a nthuhakanya,+
A ntšoara ka morao molaleng eaba o nthoba likoto,
O ikemiselitse ho ntlhasela.
13 Batho ba hae ba betsang metsu ba mpota-potile,+
O arola liphio tsa ka+ a se na qenehelo,
O qhalla nyooko ea ka fatše.
14 O ntse a mphunya masoba-soba,
O mathela ho ’na joaloka lesole.
16 Sefahleho sa ka se retetse ke ho lla,+
’Me mahlo a ka a aparetsoe ke lefifi,*
17 Le hoja ke sa lematsa motho,
Le thapelo ea ka e hloekile.
19 Paki ea ka e maholimong,
Ea ka mpakelang o sebakeng se phahameng.