Jobo
2 “Menahano ea ka e ntšoenyang e etsa hore ke bue
Hobane ke tenehile.
3 Ke utloile ha u nthohaka
Eaba ke susumelletseha hore ke u arabe.
4 E tlameha ebe khale u tseba taba ena
Hobane haesale e le joalo ho tloha ha motho* a behoa lefatšeng+
5 Hore thabo ea batho ba khopo e fela kapele
6 Le hoja boikhohomoso ba hae bo fihla leholimong
Le hlooho ea hae e fihla marung,
7 O tla felisoa ka ho sa feleng joaloka mantle a hae,
Batho ba neng ba tloaetse ho mo bona ba tla re, ‘O hokae?’
8 O tla feta joaloka toro ’me ba ke ke ba mo fumana,
A lelekoe joaloka pono ea bosiu.
9 Motho ea kileng a mo bona ha a sa tla hlola a mo bona hape,
A ke ke a hlola a bonoa hape ntlong ea hae.+
10 Bana ba hae ba tla kopa thuso ho batho ba futsanehileng,
O tla khutlisa leruo leo a le nkileng ho batho ba bang.+
12 Haeba a utloa ntho e mpe e latsoeha hamonate,
Haeba a e pata ka tlas’a leleme la hae,
13 Haeba a e moma ’me a sa batle ho e tlohela
Empa a e boloka ka hanong la hae,
14 Lijo tsa hae li tla bola ka mpeng ea hae,
Li tla ba joaloka chefo* ea masumu ka hare ho eena.
15 O koentse leruo empa o tla le hlatsa,
Molimo o tla le ntša ka mpeng ea hae.
17 Le ka mohla a ke ke a bona linokana tsa metsi,
Linokana tsa mahe a linotši le botoro.
19 O felisitse bafutsana ebile o ba lahlile,
O nkile ntlo eo a sa e hahang.
20 Empa a ke ke a ba le khotso,
Leruo la hae le ke ke la mo thusa hore a phonyohe.
21 Ha ho na letho le setseng leo a ka le senyang,
Ke ka lebaka leo katleho ea hae e ke keng ea tšoarella.
22 Ha a se a ruile haholo, o tla lula a tšoenyehile,
Bomalimabe bo tla mo latella.
24 Ha a baleha libetsa tsa tšepe,
Metsu ea seqha sa koporo e tla mo hlaba.
25 O ntša motsu o mo hlabileng ka mokokotlong,
Sebetsa se benyang se hlabileng nyooko ea hae
’Me o tšoha haholo.+
26 Matlotlo a hae a tla lahleloa lefifing le letšo,
Mollo oo ho se nang motho ea o butsoetseng o tla mo chesa,
Tlokotsi e emetse mang kapa mang ea tla phonyoha tenteng ea hae.
27 Maholimo a tla senola phoso ea hae,
Lefatše le tla mo fetohela.
28 Moroallo o tla hohola ntlo ea hae,
Ho tla ba le moroallo o moholo letsatsing la khalefo ea Molimo.*
29 Ena ke kabelo eo Molimo a e fang motho ea khopo,
Ke lefa leo Molimo a mo fileng lona.”