Jobo
21 Jobo a re:
2 “ ’Mameleng ka hloko
Kaha seo e tla ba matšeliso ao le mphang ’ona.
4 Na ho tletleba ha ka ho lebisitsoe ho motho?
Haeba ho ne ho le joalo, na nka be ke sa felloa ke mamello?
5 Nchebeng le be le ’makalle,
Le behe matsoho a lona melomong.
6 Ha ke thola ke nahana, kea tšoenyeha
Le ’mele oohle oa ka oa thothomela.
8 Ba lula ba e-na le bana ba bona
Ebile ba khona le ho bona litloholo tsa bona.
9 Matlo a bona a sireletsehile, ha ba tšabe.+
Molimo ha a ba otle ka molamu oa hae.
11 Bana ba bona ba bashanyana ba matha ka ntle joaloka mohlape
Ebile baa tlolaka.
13 Ba qeta matsatsi a bona ba ithabisa.
Ba theohela Lebitleng* ka khotso.*
14 Empa ba re ho Molimo oa ’nete, ‘Khaohana le rona!
Ha re batle ho tseba litsela tsa hao.+
15 Ea Matla ’Ohle ke mang hore re mo sebeletse?+
Re tla fumana molemo ofe ka ho mo tseba?’+
16 Empa kea tseba hore ha ba laole katleho ea bona.+
Ha ke nahane joaloka batho ba khopo.+
17 Lebone la ba khopo le tima hangata hakae?+
Ba hlaheloa ke tlokotsi hangata hakae?
Molimo o ba fa kotlo hangata hakae ka lebaka la bohale ba hae?
18 Na ba ke ba fefoloe ke moea joaloka joang,
Ba be joaloka ’moko o fefoloang ke sefefo?
19 Molimo o tla boloka likotlo tsa motho ebe o li khutlisetsa baneng ba hae.
Empa e se eka le eena Molimo a ka mo fa kotlo e le hore a ka utloa hore na ho joang.+
20 E se eka tlokotsi e ka mo tlela a ntse a shebile
’Me e be eena ea utloang* khalefo ea Ea Matla ’Ohle.+
21 Haeba palo ea likhoeli tsa hae e fokotsoa,*+
Na oa tsotella hore na ho tla etsahala’ng ka ba lelapa la hae ka mor’a hore a shoe?
23 Motho e mong o shoa a ntse a e-na le matla,+
A e-na le khotso ebile a se na mathata,+
24 Lirope tsa hae li le kholo
Le masapo a hae a le matla.*
28 Le ntse le re, ‘Ntlo ea motho ea hlomphehang e hokae?
Tente eo motho ea khopo a neng a lula ho eona e hokae?’+
29 Na ha lea botsa batho ba tsamaeang?
Na ha le lumele seo ba se buang?*
30 Ba tla le bolella hore motho ea khopo oa pholoha letsatsing la tlokotsi
Ebile oa pholosoa letsatsing la khalefo.
31 Ke mang ea tla mo bolella hore boitšoaro ba hae ha boa loka?
Ke mang ea tla mo fa kotlo ka lebaka la liketso tsa hae?
32 Ha a isoa mabitleng,
Lebitla la hae le tla lebeloa.
34 Joale ke hobane’ng ha le mpha matšeliso a se nang thuso?+
Likarabo tsa lona ke leshano feela!”