Jobo
Ke tšehoa ke banna ba banyenyane ho ’na,
Bao ke neng nke ke ka lumela le hore bo-ntate ba bona
Ba sale le lintja tse lebetseng mohlape oa ka.
2 Matla a bona a nthusitse ka’ng?
Hona joale a felile.
3 Ha ba na matla ka lebaka la tlala
Le ho se fumane lintho tseo ba li hlokang.
Ba hlafuna ntho leha e le efe eo ba e fumanang sebakeng se omeletseng le se senyehileng.
4 Ba kha semela sa letsoai lihlahleng.
Lijo tsa bona ke metso ea lifate tsa lefielo.
Batho ba ba leleka joalokaha eka ke masholu.
7 Ba lla ba le lihlahleng,
Ba bokana nģa e le ’ngoe har’a lihlabahlabane.
9 Empa hona joale ba ntšoma le lipineng tsa bona.+
Ke fetohile litšeho* ho bona.+
10 Baa ’nyonya ebile ha ba batle ho kopana le ’na.+
Ha ba tsoafe le ho ntšoela ka mathe sefahlehong.+
11 Kaha Molimo o entse hore ke se ke ka khona ho itšireletsa* a ba a nkokobetsa,
Ba ntlhasela kamoo ba batlang kateng.
12 Ba ntlhasela ba hlaha ka lehlakoreng le letona e le sehlopha.
Baa ntelekisa
Ebile ba koetse tsela ea ka e le hore ke hlaheloe ke tlokotsi.
14 Ba tla joalokaha eka ba kena leboteng le bulehileng.
Ha ba nkhauhele leha ke le mathateng.
15 Ke lula ke tšohile.
Seriti sa ka se fefohile joaloka moea
Le tšepo ea hore ke tla fumana thuso e nyametse joaloka maru.
18 Seaparo sa ka se sentsoe hampe.*
Se nkhama joaloka k’holloro ea seaparo sa ka.
19 Molimo o ntahletse seretseng.
O ntheoletse leroleng le moloreng.
20 Ke ntse ke kopa thuso ho uena empa ha u nthuse.+
Leha ke tla ka pel’a hao u ncheba feela.
22 Oa mphahamisa ebe u etsa hore ke fefoloe ke moea.
U etsa hore ke bilike ka har’a sefefo.*
23 Kea tseba hore u tla mpolaea,
Ke ee sebakeng seo batho bohle ba tl’o ea ho sona.
26 Le hoja ke ne ke lebeletse hore ho tla etsahala lintho tse ntle, ho etsahetse tse mpe.
Ke ne ke lebeletse khanya empa ho ile ha tla lefifi.
28 Ke tsamaea ke nyahame+ ’me ha ke bone khanya ea letsatsi.
Ke ema ka pel’a sechaba ’me ke kopa thuso.
30 Letlalo la ka le letšo ebile le ebohile.+
Masapo a ka aa cha.*