Zakaria
7 Ka selemo sa bone sa puso ea Morena Dariuse, Jehova a bua le Zakaria+ ka letsatsi la bone la khoeli ea borobong e leng khoeli ea Kisleve.* 2 Batho ba Bethele ba roma Sharezere, Regeme-meleke le banna ba hae hore ba e’o kopa Jehova hore a ba hauhele, 3 eaba ba re ho baprista ba ntlo* ea Jehova oa mabotho le ho baprofeta: “Na re lle ka khoeli ea bohlano+ re be re itime lijo joalokaha re entse ka lilemo tse ngata?”
4 Jehova oa mabotho a boela a bua le ’na a re: 5 “Bua le batho bohle naheng le baprista o re, ‘Ha le ne le itima lijo ebile le lla ka khoeli ea bohlano le ka khoeli ea bosupa+ ka lilemo tse 70,+ na le ne le hlile le etsetsa ’na? 6 Ha le ne le ja ebile le noa, na le ne le sa etsetse ho ithabisa? 7 Na ha lea lokela ho mamela mantsoe a Jehova ao a a buileng a sebelisa baprofeta ba pele,+ ha Jerusalema le metse e haufi le eona e ne e e-na le baahi ebile e e-na le khotso le ha Negebe le Shefela li ne li e-na le baahi?’”
8 Jehova a boela a bua le ’na Zakaria a re: 9 “Jehova oa mabotho o re, ‘Ahlolang ka toka,+ le ratane+ le be le hauhelane. 10 Le se ke la etsetsa mohlolohali bolotsana kapa khutsana,*+ molichaba+ kapa mofutsana.+ Le se ke la rerelana bokhopo.’+ 11 Empa ba ’na ba hana ho mamela,+ ba ba manganga+ ’me ba ithiba litsebe hore ba se ke ba utloa.+ 12 Ba ile ba etsa hore lipelo tsa bona li be thata joaloka taemane*+ ’me ba hana ho mamela molao* le mantsoe ao Jehova oa mabotho a ileng a a romela ka moea oa hae a sebelisa baprofeta ba pele.+ Kahoo, Jehova oa mabotho a halefa haholo.”+
13 “Jehova oa mabotho o re, ‘Joalokaha ba ne ba sa ’mamele ha ke ba bitsa,+ le ’na ke ne ke sa ba mamele ha ba mpitsa.+ 14 Ke ile ka ba hasanyetsa lichabeng tsohle tseo ba neng ba sa li tsebe ka moea oa sefefo+ eaba naha e sala e se na baahi, ho se na motho ea fetang kapa ea khutlang.+ Ba ne ba fetotse naha e ntle ntho e tšosang.’”