Buka ea Bobeli ea Likronike
25 Amazia o ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 29. ’Mè oa hae e ne e le Joadane oa Jerusalema.+ 2 Amazia o ne a etsa lintho tse thabisang Jehova empa a sa li etse ka pelo eohle. 3 Ha ’muso oa hae o se o le matla, a bolaea bahlanka ba hae ba bolaileng ntate oa hae.+ 4 Empa ha aa ka a bolaea bara ba bona hobane o ne a latela Molao o ngotsoeng bukeng ea Moshe, moo Jehova a faneng ka taelo e reng: “Bo-ntate ba se ke ba shoella bara ba bona le bara ba se ke ba shoella bo-ntate ba bona. E mong le e mong a shoelle sebe sa hae.”+
5 Amazia a bokella Bajuda ’me a ba emisa ho ea ka malapa a bo-ntate ba bona, ho ea ka balaoli ba ba likete le ba ba makholo bakeng sa Juda eohle le Benjamine.+ A ngolisa ba lilemo li 20 ho ea holimo+ ’me kaofela ha bona e ne e le banna ba matla ba 300 000 ba koetliselitsoeng ho ea ntoeng. Ba ne ba tseba ho sebelisa lerumo le thebe e kholo. 6 A boela a hira banna ba Iseraele ba matla ba 100 000 ka silevera ea boima ba lik’hilokramo tse 3 420. 7 Mohlanka oa Molimo oa ’nete a tla ho eena a re: “Morena, u se ke oa tsamaea le masole a Iseraele hobane Jehova ha a eo har’a Baiseraele+ kapa har’a Baefraime bohle. 8 Tsamaea u le mong ’me u loane ka sebete ntoeng. Molimo oa ’nete o na le matla a ho u thusa+ empa a ka boela a etsa hore sera sa hao se u hlole.” 9 Amazia a re ho mohlanka oa Molimo oa ’nete: “Joale ke tla etsa joang ka silevera ea boima ba lik’hilokramo tse 3 420 eo ke seng ke e file masole a Iseraele?” Mohlanka oa Molimo oa ’nete a re ho eena: “Jehova a ka u fa silevera e ngata ho feta eo.”+ 10 Amazia a leleka masole a neng a tlile ho eena a tsoa Efraime ’me a a khutlisetsa habo ’ona. Masole ao a khutlela habo ’ona a halefetse Bajuda haholo.
11 Amazia a ba sebete eaba o etella pele masole a hae ho ea Khohlong ea Letsoai.+ A bolaea banna ba 10 000 ba Seire.+ 12 Banna ba Juda ba nka batho ba 10 000 ba ntse ba phela. Ba ba nyollela holim’a lefika, ba fihla ba ba lihela fatše eaba batho bao ba aroha likoto. 13 Masole ao Amazia a neng a a lelekile hore a se ke a ea ntoeng le eena+ a hlasela metse ea Juda, ho tloha Samaria+ ho ea fihla Bethe-horone.+ A bolaea batho ba 3 000 ’me a hapa thepa e ngata.
14 Ha Amazia a tsoa bolaea Baedomo, a tla le melimo ea banna ba Seire a e etsa melimo ea hae,+ a e khumamela le ho e etsetsa mahlabelo a kubellang mosi. 15 Jehova a halefela Amazia ’me a romela moprofeta hore a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u rapela melimo e hlolehileng ho loanela batho ba eona?”+ 16 Ha moprofeta a ntse a bua, morena a re: “Ho tloha neng u le moeletsi oa ka?+ Thola!+ Ho seng joalo ke tla u bolaea.” Moprofeta a thola empa a re: “Kea tseba hore Molimo o tl’o u bolaea hobane u entse ketso ena, ha oa mamela keletso ea ka.”+
17 Ka mor’a hore morena Amazia oa Juda a buisane le baeletsi ba hae, a romela molaetsa ho Joase mora oa Joakaze setloholo sa Jehu morena oa Iseraele a re: “Tloo re tl’o loana.”+ 18 Morena Joase oa Iseraele a romela molaetsa ho Morena Amazia oa Juda a re: “Litlama-tlama tse meutloa tsa Lebanone li rometse molaetsa ho sefate sa kedare sa Lebanone tsa re, ‘E-re mora oa ka a nyale morali oa hao.’ Empa sebata sa naha ea Lebanone sa feta moo sa hatakela litlama-tlama tseo. 19 Oa ikhohomosa ebile u batla ho rorisoa hobane u bolaile Baedomo.+ U itulele moo ha hao. Ke hobane’ng ha u qala ntoa e tla etsa hore u hloloe hammoho le Juda?”
20 Amazia ha aa ka a mamela+ hobane Molimo oa ’nete o ne a batla hore ho be joalo e le hore ba hloloe ke sera sa bona+ kaha ba ne ba latetse melimo ea Edomo.+ 21 Morena Joase oa Iseraele a ea ho morena Amazia oa Juda ’me ba loantšana ba le Bethe-shemeshe+ ea Juda. 22 Baiseraele ba hlola Bajuda ’me masole a Bajuda a balehela malapeng a ’ona. 23 Morena Joase oa Iseraele a hapa morena Amazia oa Juda setloholo sa Joakaze Bethe-shemeshe. A mo tlisa Jerusalema ’me a liha lebota la Jerusalema ho tloha Keiting ea Efraime+ ho ea Keiting e K’honeng.+ E ne e le sebaka se boholo ba limithara tse ka bang 178. 24 A nka khauta le silevera eohle le lintho tsohle tse neng li le ka tlung ea Molimo oa ’nete ho Obede-Edomo le matlotlong a ntlo ea morena+ hammoho le batšoaruoa. Ka mor’a moo a khutlela Samaria.
25 Amazia+ mora oa Joase morena oa Juda a phela lilemo tse 15 ka mor’a lefu la Joase+ mora oa Joakaze morena oa Iseraele.+ 26 Histori eohle ea Amazia ho tloha qalong ho fihlela qetellong e ngotsoe Bukeng ea Marena a Juda le a Iseraele. 27 Ho tloha ha Amazia a tlohela ho sebeletsa Jehova, ba rera+ ho mo bolaea Jerusalema eaba o balehela Lakishe empa ba romela batho ’me ba mo bolaela teng. 28 Ba mo lata ka lipere ’me ba mo pata le baholo-holo ba hae motseng oa Juda.