Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 11
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 2 Samuele

      • Davida o etsa thobalano le Bathe-sheba (1-13)

      • Davida o etsa litokisetso tsa hore Uria a bolaoe (14-25)

      • Bathe-sheba e e-ba mosali oa Davida (26, 27)

2 Samuele 11:1

Linaletsana

  • *

    E leng ka nako ea selemo.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 12:26
  • +1Kr 20:1

2 Samuele 11:2

Linaletsana

  • *

    Kapa: “phaleisi.”

2 Samuele 11:3

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 12:24; 1Ma 1:11
  • +1Kr 3:5, 9
  • +2Sa 23:8, 39; 1Ma 15:5
  • +Ge 10:15; De 20:17

2 Samuele 11:4

Linaletsana

  • *

    Mohlomong o ne a itlhoekisa hobane a le matsatsing.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 20:14, 17
  • +Le 18:20; 20:10; Pr 6:32; Heb 13:4
  • +Le 12:2; 15:19; 18:19

2 Samuele 11:8

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “o itlhatsoe maoto.”

  • *

    Mohlomong ke karolo ea lijo tseo motho a neng a li romella moeti oa hae oa bohlokoa.

2 Samuele 11:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 6:17; 7:2
  • +Le 15:16; 1Sa 21:5

2 Samuele 11:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 51:14; Pr 3:29

2 Samuele 11:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 12:9

2 Samuele 11:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 9:50-53
  • +Bhl 6:32; 7:1

2 Samuele 11:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 11:17

2 Samuele 11:25

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 12:26

2 Samuele 11:27

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “mahlong a.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 5:13; 12:9
  • +Ge 39:7-9; 1Ma 15:5; Ps 5:6; 11:4; Heb 13:4

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

2 Sam. 11:12Sa 12:26
2 Sam. 11:11Kr 20:1
2 Sam. 11:32Sa 12:24; 1Ma 1:11
2 Sam. 11:31Kr 3:5, 9
2 Sam. 11:32Sa 23:8, 39; 1Ma 15:5
2 Sam. 11:3Ge 10:15; De 20:17
2 Sam. 11:4Ex 20:14, 17
2 Sam. 11:4Le 18:20; 20:10; Pr 6:32; Heb 13:4
2 Sam. 11:4Le 12:2; 15:19; 18:19
2 Sam. 11:112Sa 6:17; 7:2
2 Sam. 11:11Le 15:16; 1Sa 21:5
2 Sam. 11:15Ps 51:14; Pr 3:29
2 Sam. 11:172Sa 12:9
2 Sam. 11:21Bhl 9:50-53
2 Sam. 11:21Bhl 6:32; 7:1
2 Sam. 11:242Sa 11:17
2 Sam. 11:252Sa 12:26
2 Sam. 11:272Sa 5:13; 12:9
2 Sam. 11:27Ge 39:7-9; 1Ma 15:5; Ps 5:6; 11:4; Heb 13:4
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
2 Samuele 11:1-27

Buka ea Bobeli ea Samuele

11 Ha selemo* se qala, nakong eo marena a eang ntoeng, Davida a romela Joabe le bahlanka ba hae hammoho le masole ’ohle a Baiseraele ho ea felisa Baamone ’me ba thibella Raba+ ha Davida a ntse a lula Jerusalema.+

2 Mantsiboeeng a mang, morena Davida a tsoha betheng ea hae ’me a tsamaea ka holim’a marulelo a ntlo* ea hae. Ha a ntse a le marulelong a bona mosali a ntse a hlapa. Mosali eo o ne a le motle haholo. 3 Davida a romela motho hore a e’o botsa ka mosali eo. Motho eo a mo tlalehela a re: “Ke Bathe-sheba+ morali oa Eliame+ mosali oa Uria+ oa Mohethe.”+ 4 Eaba Davida o romela baromuoa hore ba mo late.+ Kahoo, mosali eo a tla ho eena ’me Davida a robala le eena.+ (Sena se etsahetse nakong eo a neng a itlhoekisa.*)+ Ka mor’a moo, mosali eo a khutlela ha hae.

5 Mosali eo a ima eaba o romela molaetsa ho Davida o re: “Ke imme.” 6 Joale Davida a romela molaetsa ho Joabe a re ho eena: “Romela Uria oa Mohethe ho ’na.” Kahoo, Joabe a romela Uria ho Davida. 7 Ha Uria a fihla, Davida a mo botsa hore na Joabe o ntse a ea joang, hore na masole a ntse a ea joang le hore na ntoa e ntse e ea joang. 8 Eaba Davida o re ho Uria: “Theohela ntlong ea hao ’me u phomole.”* Ha Uria a tloha ntlong ea morena, morena a mo romella mpho.* 9 Empa Uria o ile a robala monyako oa ntlo ea morena le bahlanka ba bang bohle ba morena, ha aa ka a theohela ntlong ea hae. 10 Joale ha tlaleheloa Davida ha thoe: “Uria ha aa ka a ea ntlong ea hae.” Eaba Davida o re ho Uria: “Na ha u tsoe leetong hona joale? Ke hobane’ng ha u sa ea ntlong ea hao?” 11 Uria a re ho Davida: “Areka+ le Baiseraele le Bajuda ba lula litenteng ’me khosi ea ka Joabe le bahlanka ba khosi ea ka ba lula litenteng naheng. Joale nka ea ntlong ea ka joang ka ja, ka noa ’me ka robala le mosali oa ka?+ Kea hlapanya hore hafeela u ntse u phela, nke ke ka etsa ntho ena!”

12 Eaba Davida o re ho Uria: “Lula mona le kajeno ’me hosane ke tla re u tsamaee.” Kahoo, Uria a lula Jerusalema letsatsing leo le letsatsing le latelang. 13 Davida a re a latoe a tl’o ja le ho noa le eena ’me a etsa hore a tahoe. Empa mantsiboea, a tsamaea a e’o robala betheng ea hae le bahlanka ba morena oa hae ’me ha aa ka a ea ntlong ea hae. 14 Hoseng Davida a ngolla Joabe lengolo ’me a le fa Uria hore a le ise. 15 Lengolong leo, o ne a itse: “Behang Uria ka pele moo ntoa e leng boima ka ho fetisisa. Le tlohe ka mor’a hae e le hore ba tle ba mo hlabe ’me a shoe.”+

16 Joabe o ne a ntse a shebile ka hloko lintho tse etsahalang motseng eaba o beha Uria moo a neng a tseba hore ho na le banna ba matla. 17 Ha banna ba motse ba tla ba tl’o loantša Joabe, bahlanka ba bang ba Davida ba ile ba bolaoa ’me Uria oa Mohethe e ne e le e mong oa bona.+ 18 Joale Joabe a tlalehela Davida lintho tsohle tse etsahetseng ntoeng. 19 A laela moromuoa a re: “Ha u qeta ho bolella morena lintho tsohle tse etsahetseng ntoeng, 20 morena a ka ’na a halefa ’me a re ho uena, ‘Ke hobane’ng ha le ne le ile haufi hakaalo le motse ho ea loana? Na le ne le sa tsebe hore ba tla le hlasela ba le holim’a lerako? 21 Ke mang ea ileng a bolaea Abimeleke+ mora oa Jerubeshethe?+ Na ha se mosali ea ileng a lahlela tšiloana holim’a hae a le holim’a lerako ’me a shoella Thebeze? Ke hobane’ng ha le ile la ea haufi le lerako hakaalo?’ Joale u tle u re, ‘Mohlanka oa hao Uria oa Mohethe le eena o shoele.’”

22 Kahoo, moromuoa a tsamaea ’me a bolella Davida sohle seo Joabe a neng a itse a mo bolelle sona. 23 Eaba moromuoa o re ho Davida: “Banna ba bona ba ile ba re hlola ka matla ’me ba re hlasela naheng. Empa ra ba lelekisa ho ea fihla keiting ea motse. 24 Ba betsang metsu ba ne ba hlasela bahlanka ba hao ba le holim’a lerako ’me ba bang ba bahlanka ba morena ba ile ba shoa. Mohlanka oa hao Uria oa Mohethe le eena o ile a shoa.”+ 25 Eaba Davida o re ho moromuoa eo: “Bolella Joabe sena: ‘U se ke oa tšoenyeha ka taba ena hobane sabole e ka bolaea mang kapa mang. Hlasela motse oo ka matla a hao ’ohle ’me u o hlole.’+ U mo khothatse.”

26 Ha mosali oa Uria a utloa hore monna oa hae o shoele, a llela monna oa hae. 27 Hang ha a se a tšelisehile, Davida a re a tlisoe ho eena ntlong ea hae ’me ea e-ba mosali oa hae+ eaba o mo tsoalla mora. Empa ntho eo Davida a neng a e entse e ne e le mpe haholo ho* Jehova.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela