Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ezekiele 28
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Ezekiele

      • Boprofeta bo buang ka kahlolo ea morena oa Tire (1-10)

        • “Ke molimo” (2, 9)

      • Pina ea koli-ea-malla e bineloang morena oa Tire (11-19)

        • “U ne u le Edene” (13)

        • ‘Kerubime e tlotsitsoeng e sireletsang’ (14)

        • ‘U ile oa etsa lintho tse sa lokang’ (15)

      • Boprofeta bo buang ka kahlolo ea Sidone (20-24)

      • Baiseraele ba tla khutlisetsoa naheng ea bona (25, 26)

Ezekiele 28:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 28:5
  • +Eze 27:4

Ezekiele 28:3

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Dan 2:48

Ezekiele 28:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Zak 9:3

Ezekiele 28:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 23:1, 3; Eze 27:12

Ezekiele 28:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 30:10, 11
  • +Esa 23:9

Ezekiele 28:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 27:26

Ezekiele 28:12

Linaletsana

  • *

    Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 28:3
  • +Eze 27:3

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    10/15/2005, maq. 23-24

    9/15/1988, leq. 22

Ezekiele 28:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 27:16

Ezekiele 28:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 14:13

Ezekiele 28:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Joe 3:4; Amo 1:9

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona (2017), 8/2017, leq. 2

Ezekiele 28:16

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 10:11; 2Kr 9:21; Eze 27:12
  • +Joe 3:6
  • +Esa 23:9; Jer 25:17, 22; 47:4; Joe 3:8

Ezekiele 28:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 27:3
  • +Esa 14:14
  • +Esa 14:15

Ezekiele 28:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Amo 1:9, 10

Ezekiele 28:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 27:35
  • +Eze 27:36

Ezekiele 28:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 23:4; Jer 25:17, 22; Eze 32:30

Ezekiele 28:23

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 26:6

Ezekiele 28:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 33:55; Jos 23:12, 13

Ezekiele 28:25

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 5:16
  • +De 30:3; Esa 11:12; Jer 30:18; Hos 1:11
  • +Jer 23:8
  • +Ge 28:13

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    “Lengolo Lohle,” leq. 137

Ezekiele 28:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 32:18; Jer 23:6; Hos 2:18
  • +Esa 65:21, 22; Jer 31:5; Amo 9:14
  • +Jer 30:16

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Ezek. 28:2Eze 28:5
Ezek. 28:2Eze 27:4
Ezek. 28:3Dan 2:48
Ezek. 28:4Zak 9:3
Ezek. 28:5Esa 23:1, 3; Eze 27:12
Ezek. 28:7Eze 30:10, 11
Ezek. 28:7Esa 23:9
Ezek. 28:8Eze 27:26
Ezek. 28:12Eze 28:3
Ezek. 28:12Eze 27:3
Ezek. 28:13Eze 27:16
Ezek. 28:14Esa 14:13
Ezek. 28:15Joe 3:4; Amo 1:9
Ezek. 28:161Ma 10:11; 2Kr 9:21; Eze 27:12
Ezek. 28:16Joe 3:6
Ezek. 28:16Esa 23:9; Jer 25:17, 22; 47:4; Joe 3:8
Ezek. 28:17Eze 27:3
Ezek. 28:17Esa 14:14
Ezek. 28:17Esa 14:15
Ezek. 28:18Amo 1:9, 10
Ezek. 28:19Eze 27:35
Ezek. 28:19Eze 27:36
Ezek. 28:21Esa 23:4; Jer 25:17, 22; Eze 32:30
Ezek. 28:23Eze 26:6
Ezek. 28:24Nu 33:55; Jos 23:12, 13
Ezek. 28:25Esa 5:16
Ezek. 28:25De 30:3; Esa 11:12; Jer 30:18; Hos 1:11
Ezek. 28:25Jer 23:8
Ezek. 28:25Ge 28:13
Ezek. 28:26Esa 32:18; Jer 23:6; Hos 2:18
Ezek. 28:26Esa 65:21, 22; Jer 31:5; Amo 9:14
Ezek. 28:26Jer 30:16
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Ezekiele 28:1-26

Ezekiele

28 Jehova a boela a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, bolella moeta-pele oa Tire hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

‘Boikhohomoso ba hao+ bo etsa hore u ’ne u re, “Ke molimo.

Ke lula teroneng ea molimo bohareng ba leoatle.”+

Empa ha u molimo, u motho

Le hoja ka pelong ea hao u inka u le molimo.

 3 U nahana hore u bohlale ho feta Daniele+

Ebile u nahana hore u tseba makunutu kaofela.

 4 U bile morui ka lebaka la temoho le bohlale ba hao

Hape u ntse u ipokellela khauta le silevera matlotlong a hao.+

 5 Bokhoni ba hao ba ho etsa khoebo bo entse hore u rue haholo,+

U ne u ikhohomosa hobane u le morui.’”

6 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

“Kaha u nahana hore u molimo,

 7 Ke tla etsa hore balichaba ba tsoang lichabeng tse sehloho ka ho fetisisa ba u hlasele,+

Ba tla sebelisa lisabole ba senye lintho tsohle tseo u li fumaneng ka lebaka la bohlale ba hao

Ba be ba senye botle ba hao.+

 8 Ba tla u theolela lebitleng

Ebile u tla shoa habohloko har’a leoatle.+

 9 Na u tla ’ne u re, ‘Ke molimo’ ho motho ea u bolaeang?

Ho batho ba u silafatsang, u tla ba motho feela eseng molimo.”

10 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Balichaba ba tla u bolaea joaloka motho ea sa bollang,

Ke ’na ea chong joalo.”

11 Jehova a bua le ’na hape a re: 12 “Mor’a motho, binela morena oa Tire koli-ea-malla* u re: ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

“U ne u phethahetse haholo,

U le bohlale+ ebile u le motle haholo.+

13 U ne u le Edene serapeng sa Molimo.

U ne u khabisitsoe ka majoe ’ohle a bohlokoa

E leng rubi, topaze, jaspere, krisolite, onikse, jade, safire, thekoise+ le emeralde.

Majoe ao a ne a lutse har’a khauta.

Ke a entse ka letsatsi leo u bopiloeng ka lona.

14 Ke u khethile ka ba ka u tlotsa hore u be kerubime e sireletsang.

U ne u le thabeng e halalelang ea Molimo+ ebile u tsamaea holim’a majoe a tukang.

15 Ho tloha letsatsing leo u bopiloeng ka lona u ne u se na molato,

Ho fihlela u qala ho etsa lintho tse sa lokang.+

16 Kaha u ne u e-na le likhoebo tse ngata,+

U ile oa rata ntoa eaba u etsa sebe.+

Ka lebaka leo, ke tla u tlosa thabeng ea Molimo ke be ke u felise joaloka ntho e litšila,+

Ke u tlose le majoeng a tukang, uena lengeloi le sireletsang.

17 U ile oa ikhohomosa hobane u le motle.+

Khanya ea hao e sentse le bohlale boo u neng u e-na le bona.+

Ke tla u lahlela lefatšeng.+

Ke u etse sebonoang ka pel’a marena.

18 U silafalitse libaka tsa hao tse halalelang ka liphoso tsa hao tse ngata le ka ho etsa likhoebo tse sa tšepahaleng.

Ke tla romela mollo ho uena hore o u chese,+

Ke u etse molora lefatšeng ka pel’a batho bohle ba u bonang.

19 Batho bohle ba u tsebang ba tla u makalla.+

U tla felisoa ka sehloho ka ho panya ha leihlo

Ebile u ke ke oa hlola u e-ba teng.”’”+

20 Jehova a bua le ’na hape a re: 21 “Mor’a motho, profetela Sidone+ molaetsa oa kahlolo. 22 U mo bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

‘Ke tla u ahlola uena Sidone ke be ke halaletsoe ka lebaka la seo ke tla u etsa sona.

Batho ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke u ahlola ebile ke halaletsoa ka lebaka la hao.

23 Ke tla u tlisetsa mafu a bolaeang, literata tsa hao li tla tlala mali.

Ke tla bolaea batho ba bangata motseng oa hao ka sabole e tsoang mahlakoreng ’ohle.

Ba tla tseba hore ke ’na Jehova.+

24 Baiseraele ha ba sa tla hlola ba songoa ke lichaba tse ba potolohileng, tse ba utloisang bohloko ka meutloa e kang lihlabahlabane.+ Batho ba tla tseba hore ke ’na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle.

25 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla halaletsoa har’a Baiseraele ka pel’a lichaba+ ha ke ba bokella hape ho tsoa lichabeng tseo ba neng ba hasantsoe ho tsona.+ Ba tla lula naheng ea bona+ eo ke e fileng mohlanka oa ka Jakobo.+ 26 Ba tla lula ba sireletsehile ho eona,+ ba hahe matlo ba be ba leme lirapa tsa morara.+ Ba tla phela ka khotso ha ke ahlola lichaba tse ba potolohileng tse ba somang.+ Ba tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona.”’”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela