Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 19
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 1 Samuele

      • Saule o tsoela pele ho hloea Davida (1-13)

      • Davida o baleha Saule (14-24)

1 Samuele 19:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 18:9; Pr 27:4

1 Samuele 19:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 18:1; Pr 18:24

1 Samuele 19:3

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 20:9, 13; Pr 17:17

1 Samuele 19:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 22:14

1 Samuele 19:5

Linaletsana

  • *

    E leng Goliathe.

  • *

    Kapa: “a etsa hore ba hlole.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 17:49
  • +1Sa 20:32

1 Samuele 19:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 16:21; 18:2, 13

1 Samuele 19:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 16:14
  • +1Sa 18:10, 11

1 Samuele 19:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 59:sehlooho; 59:3

1 Samuele 19:13

Linaletsana

  • *

    Kapa: “molimo oa setšoantšo oa ka tlung.”

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    6/1/2004, leq. 29

1 Samuele 19:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 18:9

1 Samuele 19:16

Linaletsana

  • *

    Kapa: “molimo oa setšoantšo oa ka tlung.”

1 Samuele 19:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 18:29

1 Samuele 19:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 7:15, 17
  • +1Sa 20:1

1 Samuele 19:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 19:18

1 Samuele 19:24

Linaletsana

  • *

    Kapa: “a setse ka liaparo tsa ka hare feela.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 10:11

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

1 Sam. 19:11Sa 18:9; Pr 27:4
1 Sam. 19:21Sa 18:1; Pr 18:24
1 Sam. 19:31Sa 20:9, 13; Pr 17:17
1 Sam. 19:41Sa 22:14
1 Sam. 19:51Sa 17:49
1 Sam. 19:51Sa 20:32
1 Sam. 19:71Sa 16:21; 18:2, 13
1 Sam. 19:91Sa 16:14
1 Sam. 19:91Sa 18:10, 11
1 Sam. 19:11Ps 59:sehlooho; 59:3
1 Sam. 19:151Sa 18:9
1 Sam. 19:171Sa 18:29
1 Sam. 19:181Sa 7:15, 17
1 Sam. 19:181Sa 20:1
1 Sam. 19:221Sa 19:18
1 Sam. 19:241Sa 10:11
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Samuele 19:1-24

Buka ea Pele ea Samuele

19 Hamorao Saule a bolella mora oa hae Jonathane le bahlanka bohle ba hae hore o batla ho bolaea Davida.+ 2 Kaha Jonathane mora oa Saule o ne a rata Davida haholo,+ Jonathane a re ho Davida: “Ntate oa ka o batla hore u bolaoe. Ke kopa hore hoseng u itlhokomele ’me u tsamaee u e’o ipata sebakeng se sireletsehileng. 3 Ke tla ea ’me ke eme pel’a ntate oa ka naheng moo u tla beng u le teng. Ke tla u buella ho ntate oa ka ’me haeba ho e-na le seo ke se utloang, ke tla u bolella sona.”+

4 Kahoo, Jonathane a bua hantle ka Davida+ ho ntate oa hae Saule a re: “Morena u se ke oa siteloa mohlanka oa hao Davida hobane ha aa u siteloa ebile lintho tseo a u etselitseng tsona li u tsoetse molemo. 5 O ile a beha bophelo ba hae kotsing hore a bolaee Mofilista*+ ’me Jehova a pholosa* Baiseraele bohle. U ile oa bona ha seo se etsahala ’me oa thaba haholo. Joale ke hobane’ng ha u batla ho bolaea Davida ntle ho lebaka ebe u etsa sebe ka ho bolaea motho ea se nang molato?”+ 6 Saule a mamela Jonathane ’me Saule a hlapanya a re: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang hore a ke ke a bolaoa.” 7 Ka mor’a moo, Jonathane a bitsa Davida ’me a mo bolella lintho tsena tsohle. Eaba Jonathane o tlisa Davida ho Saule ’me a ’na a mo sebeletsa joaloka pele.+

8 Ka mor’a nako ha boela ha e-ba le ntoa. Kahoo, Davida a tsoa a e’o loantša Bafilista ’me a ba bolaea ka bongata eaba baa mo baleha.

9 Moea o mobe o tsoang ho Jehova oa e-ba holim’a Saule+ ha a ntse a lutse ka tlung ea hae a tšoere lerumo la hae ’me Davida a ntse a letsa ’mino ka harepa.+ 10 Saule a leka ho hlabella Davida leboteng ka lerumo empa Davida a qoba eaba Saule o hlaba lebota. Davida a baleha bosiung boo. 11 Hamorao Saule a romela baromuoa ntlong ea Davida hore ba e lebele ’me ba mo bolaee hoseng+ empa Mikale mosali oa Davida a re ho eena: “Haeba u sa balehe bosiung bona, hosane u tla tsoha u shoele.” 12 Hang-hang Mikale a ntša Davida ka fensetere e le hore a balehe. 13 Mikale a nka setšoantšo sa terafime* a se beha betheng, a se samela lesela le entsoeng ka boea ba poli eaba o se koahela ka seaparo.

14 Saule a romela baromuoa hore ba late Davida empa Mikale a re: “Oa kula.” 15 Saule a romela baromuoa bao hape hore ba ee ho Davida, a re ho bona: “Mo kakaseng ka bethe ea hae le mo tlise ho ’na hore a tl’o bolaoa.”+ 16 Ha baromuoa ba kena, ba fumana ho e-na le setšoantšo sa terafime* betheng se sametsoeng lesela le entsoeng ka boea ba poli. 17 Saule a re ho Mikale: “Ke hobane’ng ha u nqhekeletse ka tsela ee ’me u tlohetse sera+ sa ka hore se balehe?” Mikale a re ho Saule: “O ile a re ho ’na, ‘Ntlohele ke balehe ho seng joalo ke tla u bolaea.’”

18 Davida o ne a balehetse Rama ho Samuele.+ A mo bolella lintho tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Eaba o tsamaea le Samuele ba e’o lula Najothe.+ 19 Ka mor’a nako, Saule a bolelloa hore Davida o Najothe e Rama. 20 Hang-hang Saule a romela baromuoa hore ba e’o tšoara Davida. Ha ba bona baprofeta ba holileng ba profeta ’me Samuele a eme e le moeta-pele oa bona, moea oa Molimo oa theohela ho baromuoa ba Saule ’me le bona ba qala ho itšoara joaloka baprofeta.

21 Ha ba bolella Saule ka taba eo, hang-hang a romela baromuoa ba bang ’me le bona ba qala ho itšoara joaloka baprofeta. Saule a romela baromuoa ba bang e leng sehlopha sa boraro ’me le bona ba qala ho itšoara joaloka baprofeta. 22 Qetellong le eena a ea Rama. Ha a fihla selibeng se seholo se Seku a re: “Samuele le Davida ba hokae?” Eaba ba re: “Ba mane Najothe+ e Rama.” 23 Ha Saule a le tseleng a tloha moo a ea Najothe e Rama, le eena moea oa Molimo oa theohela holim’a hae eaba o tsamaea a itšoere joaloka moprofeta ho fihlela a fihla Najothe e Rama. 24 Le eena a hlobola liaparo tsa hae, a itšoara joaloka moprofeta ka pel’a Samuele ’me a paqama moo a hlobotse* letsatsi leo lohle le bosiu boo bohle. Ke ka lebaka leo ba reng: “Na Saule le eena ke e mong oa baprofeta?”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela