Buka ea Pele ea Samuele
6 Areka+ ea Jehova e ile ea e-ba naheng ea Bafilista ka likhoeli tse supileng. 2 Bafilista ba bitsa baprista le linohe+ ba re: “Re etseng ka Areka ea Jehova? Re bolelleng hore na re e khutlisetse joang sebakeng sa eona.” 3 Ba re: “Haeba le tsamaisa areka ea selekane sa Jehova Molimo oa Iseraele, le se ke la e tsamaisa e se na nyehelo. Le etse bonnete ba hore le khutlisetsa nyehelo ea molato ho eena.+ Joale ke hona le tla fola ’me le tla tseba hore na ke hobane’ng ha kotlo ea hae e ne e sa tlohe ho lona.” 4 Eaba baa botsa ba re: “Nyehelo ea molato eo re tšoanelang ho e khutlisetsa ho eena ke’ng?” Ba re: “Ho latela palo ea marena a Bafilista,+ le romele methapo ea ka morao e ruruhileng ea khauta e mehlano le litoeba tsa khauta tse hlano hobane kaofela ha lona hammoho le marena a lona le tšoeroe ke boloetse bo tšoanang. 5 Le etse litšoantšo tsa methapo ea lona ea ka morao e ruruhileng le litšoantšo tsa litoeba+ tsa lona tse senyang naha ’me le tlotlise Molimo oa Iseraele. Mohlomong o tla fokotsa kotlo e boima eo a le fileng eona le molimo oa lona le naha ea lona.+ 6 Ke hobane’ng ha le e-ba manganga joaloka Baegepeta le Faro?+ Ha Molimo a ba fa likotlo tse boima,+ ba ile ba tlameha ho tlohela Baiseraele hore ba tsamaee ’me ba ile ba tsamaea.+ 7 Joale etsang kariki e ncha le nke le likhomo tse peli tse nang le manamane tse e-s’o ka li jara joko. Le pane likhomo tseo kariking empa manamane a tsona le a ise hae, le a tlose ho tsona. 8 Le nke Areka ea Jehova le e behe kariking ’me lintho tsa khauta tseo le mo romellang tsona e le nyehelo ea molato le li tšele ka lebokoseng pel’a eona.+ Le e tsamaise 9 ’me le e shebe: Haeba e ka nyoloha ka tsela e eang Bethe-shemeshe,+ sebakeng sa eona, ke Molimo oa bona ea ntseng a re bakela lintho tsena tse bohloko. Empa haeba e sa etse joalo, re tla tseba hore ha se eena ea ntseng a re fa kotlo, e ne e mpa e le boloetse feela.”
10 Banna bao ba etsa joalo. Ba nka likhomo tse peli tse nang le manamane, ba li pana kariking eaba ba koalla manamane a tsona hae. 11 Joale ba beha Areka ea Jehova kariking hammoho le lebokose le tšetseng litoeba tsa khauta le litšoantšo tsa methapo ea bona ea ka morao e ruruhileng. 12 Likhomo tseo tsa tsamaea li lebile pele tseleng e eang Bethe-shemeshe.+ Tsa tsamaea tseleng e le ’ngoe e kholo li ntse li lla ha li tsamaea. Ha lia ka tsa thinyetsa ka lehlakoreng le letona kapa ka ho le letšehali. Ka nako eo eohle marena a Bafilista a ne a ntse a tsamaea ka mor’a tsona ho fihla moeling oa Bethe-shemeshe. 13 Batho ba Bethe-shemeshe ba ne ba kotula koro thoteng. Ha ba phahamisa mahlo ’me ba bona Areka, ba thaba haholo. 14 Kariki ea kena tšimong ea Joshua Mobethe-shemeshe ’me ea ema moo haufi le lejoe le leholo. Kahoo, ba ratha patsi e entseng kariki eo ’me ba nyehela likhomo+ tseo ho Jehova e le nyehelo ea secheso.
15 Balevi+ ba theola Areka ea Jehova le lebokose le neng le e-na le eona, le neng le tšetse lintho tsa khauta ’me ba li beha holim’a lejoe le leholo. Batho ba Bethe-shemeshe+ ba nyehela linyehelo tsa secheso ’me ba etsetsa Jehova mahlabelo letsatsing leo.
16 Ha marena a mahlano a Bafilista a bona ntho eo, a khutlela Ekrone letsatsing leo. 17 Tsena ke litšoantšo tsa methapo ea ka morao e ruruhileng eo Bafilista ba e rometseng e le nyehelo ea molato ho Jehova:+ Se seng e ne e le sa Ashdode,+ se seng e le sa Gaza, se seng e le sa Ashkelone, se seng e le sa Gathe+ ’me se seng e le sa Ekrone.+ 18 Palo ea litoeba tsa khauta e ne e lekana le palo ea metse eohle ea Bafilista eo e neng e le ea marena a mahlano e leng metse e sirelelitsoeng ka marako hammoho le metsana e sa sireletsoang.
Lejoe le leholo leo ba ileng ba beha Areka ea Jehova holim’a lona, ke bopaki ho fihlela letsatsing lena tšimong ea Joshua Mobethe-shemeshe. 19 Empa Molimo a bolaea batho ba Bethe-shemeshe hobane ba ile ba sheba Areka ea Jehova. O ile a bolaea batho ba 50 070* har’a sechaba ’me sechaba sa utloa bohloko hobane Jehova o ne a bolaile batho ba bangata.+ 20 Kahoo, batho ba Bethe-shemeshe ba re: “Ke mang ea tla khona ho ema ka pel’a Jehova, Molimo eo ea halalelang+ ’me o tla ea ho mang ha a tloha ho rona?”+ 21 Kahoo, ba roma baromuoa ho baahi ba Kiriathe-jearime+ hore ba re ho bona: “Bafilista ba khutlisitse Areka ea Jehova. Theohang le tl’o e nka.”+