Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baahloli 20
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Baahloli

      • Babenjamine baa hlaseloa (1-48)

Baahloli 20:1

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “joaloka motho a le mong.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 19:47, 48; Bhl 18:29
  • +Jos 22:9
  • +1Sa 7:5; 10:17; 2Ma 25:23

Baahloli 20:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 20:17; 2Sa 24:9

Baahloli 20:3

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 19:22

Baahloli 20:4

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “serethe.” Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 19:1, 2
  • +Bhl 19:12, 14

Baahloli 20:5

Linaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “Beng ba naha.”

  • *

    Ka Seheberu: “serethe.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 19:25, 26

Baahloli 20:6

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “serethe.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 19:29

Baahloli 20:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 19:30

Baahloli 20:8

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “joaloka motho a le mong.”

Baahloli 20:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 20:18; Pr 16:33

Baahloli 20:11

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “joaloka motho a le mong.”

Baahloli 20:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 19:22, 25
  • +De 13:5; 17:7; 22:22; 1Ko 5:6, 13

Baahloli 20:16

Linaletsana

  • *

    Kapa: “le letšehali.”

Baahloli 20:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 20:2

Baahloli 20:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 28:30; Nu 27:21; Bhl 20:27

Baahloli 20:23

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 20:28

Baahloli 20:25

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 20:21

Baahloli 20:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 20:23
  • +2Kr 20:3; Esd 8:21
  • +Le 1:3
  • +Le 3:1

Baahloli 20:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 27:21; Bhl 20:18

Baahloli 20:28

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “a eme.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 6:25; Nu 25:7
  • +Bhl 20:23

Baahloli 20:29

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 8:3, 4

Baahloli 20:30

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 20:20, 22

Baahloli 20:31

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 20:36
  • +Bhl 20:39

Baahloli 20:32

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 20:21, 25

Baahloli 20:35

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 20:28, 48
  • +Bhl 20:14, 15, 46

Baahloli 20:36

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 20:31
  • +Bhl 20:29

Baahloli 20:39

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 20:31
  • +Bhl 20:21, 25

Baahloli 20:44

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 20:15

Baahloli 20:45

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 21:13

Baahloli 20:46

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 20:15, 35

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Baahl. 20:1Jos 19:47, 48; Bhl 18:29
Baahl. 20:1Jos 22:9
Baahl. 20:11Sa 7:5; 10:17; 2Ma 25:23
Baahl. 20:2Bhl 20:17; 2Sa 24:9
Baahl. 20:3Bhl 19:22
Baahl. 20:4Bhl 19:1, 2
Baahl. 20:4Bhl 19:12, 14
Baahl. 20:5Bhl 19:25, 26
Baahl. 20:6Bhl 19:29
Baahl. 20:7Bhl 19:30
Baahl. 20:9Bhl 20:18; Pr 16:33
Baahl. 20:13Bhl 19:22, 25
Baahl. 20:13De 13:5; 17:7; 22:22; 1Ko 5:6, 13
Baahl. 20:17Bhl 20:2
Baahl. 20:18Ex 28:30; Nu 27:21; Bhl 20:27
Baahl. 20:23Bhl 20:28
Baahl. 20:25Bhl 20:21
Baahl. 20:26Bhl 20:23
Baahl. 20:262Kr 20:3; Esd 8:21
Baahl. 20:26Le 1:3
Baahl. 20:26Le 3:1
Baahl. 20:27Nu 27:21; Bhl 20:18
Baahl. 20:28Ex 6:25; Nu 25:7
Baahl. 20:28Bhl 20:23
Baahl. 20:29Jos 8:3, 4
Baahl. 20:30Bhl 20:20, 22
Baahl. 20:31Bhl 20:36
Baahl. 20:31Bhl 20:39
Baahl. 20:32Bhl 20:21, 25
Baahl. 20:35Bhl 20:28, 48
Baahl. 20:35Bhl 20:14, 15, 46
Baahl. 20:36Bhl 20:31
Baahl. 20:36Bhl 20:29
Baahl. 20:39Bhl 20:31
Baahl. 20:39Bhl 20:21, 25
Baahl. 20:44Bhl 20:15
Baahl. 20:45Bhl 21:13
Baahl. 20:46Bhl 20:15, 35
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
  • 35
  • 36
  • 37
  • 38
  • 39
  • 40
  • 41
  • 42
  • 43
  • 44
  • 45
  • 46
  • 47
  • 48
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Baahloli 20:1-48

Baahloli

20 Ka lebaka leo, Baiseraele bohle ba tloha Dane+ le naheng ea Gileade+ ’me ba theohela Beersheba eaba ba bokana hammoho* ka pel’a Jehova Mizpa.+ 2 Kahoo, marena a sechaba le a maloko ’ohle a Iseraele a itlhahisa ka pel’a phutheho ea sechaba sa Molimo. Ho ne ho e-na le masole a nkileng lisabole a 400 000.+

3 Babenjamine ba utloa hore banna ba Iseraele ba nyolohetse Mizpa.

Banna ba Iseraele ba re: “Re bolelle hore na ntho ena e mpe e etsahetse joang?”+ 4 Joale monna oa Molevi+ e leng monna oa mosali ea bolailoeng a araba a re: “Ke ile ka fihla Gibea+ ea Benjamine le mosali* oa ka e le hore re robaletse teng. 5 Banna* ba Gibea ba ne ba ntlhasela ’me ba pota-potile ntlo bosiu. Ba ne ba batla ho mpolaea empa ba ile ba beta mosali* oa ka ’me a shoa.+ 6 Kahoo, ka nka setopo sa mosali* oa ka ka se khaola likotoana eaba ke li isa motseng o mong le o mong oa Iseraele+ hobane ba ne ba entse ketso e soabisang le e hlabisang lihlong Iseraele. 7 Joale lona sechaba sa Iseraele, fanang ka keletso ’me le bolele hore na ho etsoe’ng tabeng+ ena.”

8 Joale sechaba sa ema hammoho* eaba se re: “Ha ho le ea mong oa rona ea tla ea tenteng ea hae kapa ea tla khutlela ntlong ea hae. 9 Re tla etsa tjena ka naha ea Gibea: Re tla khetha banna ka lotho ba tla ea ho ea e loantša.+ 10 Malokong ’ohle a Iseraele re tla nka banna ba leshome ho ba 100, ba 100 ho ba 1 000 le ba 1 000 ho ba 10 000 hore ba batlele masole mofaho e le hore ba ka loantša Gibea ea Babenjamine ka lebaka la ketso e hlabisang lihlong eo ba e entseng ho Iseraele.” 11 Kahoo, banna bohle ba Iseraele ba bokana hammoho* ho loantša motse oo.

12 Eaba maloko ’ohle a Iseraele a romela banna ho banna bohle ba leloko la Benjamine a re: “Ntho ena e mpe e etsahetseng har’a lona ke’ng? 13 Joale tlisang banna bao ba Gibea+ ba se nang thuso e le hore re ka ba bolaea ’me ra tlosa se sebe Iseraele.”+ Empa Babenjamine ba hana ho mamela bana ba bo bona ba Iseraele.

14 Kahoo, Babenjamine ba bokana ka ntle ho metse ea Gibea hore ba e’o loantša banna ba Iseraele. 15 Ka letsatsi leo, Babenjamine ba bokella banna ba 26 000 ba tšoereng lisabole ho tsoa metseng ea bona, ntle ho banna ba Gibea ba 700 ba khethiloeng. 16 Har’a banna bana ho ne ho e-na le ba 700 ba khethiloeng ba neng ba sebelisa letsoho la leqele.* E mong le e mong oa banna bao o ne a khona ho otla esita le ntho e bosesaane ba moriri ka letjeketjane a sa e fose.

17 Banna ba Iseraele ba bokella banna ba 400 000 ka ntle ho Babenjamine, ba neng ba tšoere lisabole+ ’me e mong le e mong oa banna bao o ne a tseba ho loana. 18 Baiseraele ba nyolohela Bethele ho ea kopa tataiso ho Molimo.+ Eaba ba re ho eena: “Ke mang ea lokelang ho re etella pele ha re e’o loantša Babenjamine?” Jehova a re: “Juda ke eena ea tla le etella pele.”

19 Ka mor’a moo, Baiseraele ba tsoha esale hoseng eaba ba hloma litente tsa bona pel’a Gibea e le hore ba e loantše.

20 Joale banna ba Iseraele ba itokisetsa ho ea loana eaba ba ea ho Babenjamine ho ea ba loantša Gibea. 21 Kahoo, Babenjamine ba fihla ba tsoa Gibea ’me ba bolaea banna ba Iseraele ba 22 000 letsatsing leo. 22 Leha ho le joalo, banna ba Iseraele ba e-ba sebete eaba ba itokisetsa ho ea loana hape sebakeng seo ba loanetseng ho sona ka letsatsi la pele. 23 Baiseraele ba nyolohela Bethele ba lla ka pel’a Jehova ho fihlela mantsiboea ’me ba botsa Jehova ba re: “Na re lokela ho ea loantša bana ba bo rona ba Babenjamine hape?”+ Eaba Jehova o re: “E-eang le e’o ba loantša.”

24 Kahoo, ka letsatsi la bobeli Baiseraele ba ea haufi le Babenjamine. 25 Eaba Babenjamine ba tsoa Gibea ho ea kopana le bona ka letsatsi la bobeli ’me ba bolaea Baiseraele ba bang ba 18 000+ ba nkileng lisabole. 26 Eaba banna bohle ba Iseraele ba nyolohela Bethele. Ba lula moo ka pel’a Jehova,+ ba lla ’me ba itima lijo+ letsatsing leo ho fihlela mantsiboea eaba ba etsetsa Jehova linyehelo tsa secheso+ le linyehelo tse kopanetsoeng.+ 27 Ka mor’a moo, banna ba Iseraele ba kopa tataiso ho Jehova+ kaha areka ea selekane ea Molimo oa ’nete e ne e le moo mehleng eo. 28 Joale Finease+ mora oa Eleazare, eo ntate oa hae e leng Arone, o ne a sebeletsa* ka pel’a areka mehleng eo. A botsa a re: “Na re lokela ho ea loantša bana ba bo rona ba Babenjamine hape kapa re tlohele?”+ Jehova a re: “Tsamaeang hobane hosane ke tla le thusa hore le ba hlole.” 29 Banna ba Baiseraele ba lalla+ motse oa Gibea ba o pota-potile.

30 Baiseraele ba ea ho ea loantša Babenjamine ka letsatsi la boraro eaba ba itokisetsa ho loantša motse oa Gibea joaloka makhetlo a mang a fetileng.+ 31 Ha Babenjamine ba ea ho ea kopana le banna ba Baiseraele, Baiseraele ba ile ba ba hulela hole le motse.+ Joaloka makhetlong a mang, Babenjamine ba qala ho hlasela le ho bolaea banna ba bang litseleng tse kholo. E ’ngoe ea litsela tseo ke e eang Bethele ’me e ’ngoe ke e eang Gibea, ba ile ba bolaea banna ba ka bang ba 30 ba Iseraele haufi le litsela tseo.+ 32 Eaba Babenjamine ba re: “Re ba hlola hape joaloka pele.”+ Empa Baiseraele ba re: “Re tla baleha ’me re etse hore ba tlohe motseng ba ee litseleng tse kholo.” 33 Kahoo, banna bohle ba Iseraele ba ea Baale-tamare ’me ba itokisetsa ho loana. Baiseraele ba neng ba lalletse Gibea ba tsoa moo ba neng ba ipatile teng. 34 Kahoo, banna ba Iseraele ba 10 000 ba khethiloeng ba tla Gibea. Ntoa e ne e le mpe haholo. Empa Babenjamine ba ne ba sa tsebe tlokotsi e ba tlelang.

35 Jehova a hlola Babenjamine+ bakeng sa Baiseraele ’me letsatsing leo Baiseraele ba bolaea banna ba Benjamine ba 25 100 e leng banna bohle ba neng ba nkile lisabole.+

36 Leha ho le joalo, Babenjamine ba ne ba nahana hore ba tla hlola banna ba Iseraele hobane Baiseraele ba ile ba baleha+ empa Baiserale ba ile ba baleha hobane ba ne ba tšepile banna ba lalletseng ba neng ba ipatile Gibea.+ 37 Joale banna ba neng ba lalletse motse oa Gibea ba potlakela ho oona. Ba hlasela motse eaba ba bolaea batho.

38 Joale banna ba Iseraele ba buisana le banna ba neng ba lalletse motse hore hang ha ba kene motseng, ba etse mosi e le letšoao.

39 Ha Baiseraele ba baleha ntoeng, banna ba Benjamine ba qala ho ba hlasela ’me ba bolaea banna ba bang ba 30 ba Iseraele+ eaba ba re: “Ho hlakile hore re tl’o ba hlola hape joaloka lekhetlong le fetileng.”+ 40 Empa mosi o mongata oa nyoloha motseng e le letšoao. Ha banna ba Benjamine ba hetla, ba bona mosi o nyoloha o hlaha motseng. 41 Eaba banna ba Iseraele baa khutla ’me ba hlasela Babenjamine. Banna ba Benjamine ba ile ba nyahama hobane ba ne ba bona hore ba tl’o hloloa. 42 Kahoo, ba ile ba baleha banna ba Iseraele ’me ba balehela ho elella lefeelleng empa banna ba Baiseraele ba ’na ba ba latella. Banna ba tsoang motseng le bona ba ba thusa ho bolaea Babenjamine. 43 Ba ile ba pota-pota Babenjamine ’me ba ba lelekisa ba sa khaotse. Ba ile ba ba bolaela ka pel’a Gibea ho elella ka bochabela. 44 Qetellong ha shoa banna ba 18 000 ba Babenjamine e leng banna bohle ba matla.+

45 Banna ba Babenjamine ba balehela lefeelleng lefikeng la Rimone.+ Baiseraele ba ile ba bolaea Babenjamine ba 5 000 litseleng tse kholo ’me ba ’na ba ba lelekisa ho ea fihla Gidome. Kahoo, ba bolaea banna ba bang ba 2 000. 46 Letsatsing leo, ho ile ha shoa banna bohle ba Benjamine ba matla ba 25 000 ba tšoereng lisabole.+ 47 Empa ba 600 ba ile ba balehela lefeelleng lefikeng la Rimone ’me ba ile ba lula moo likhoeli tse ’nè.

48 Banna ba Iseraele ba khutlela ho Babenjamine ba motseng ’me ba ba bolaea ka sabole, ba bolaea batho le mehlape le lintho tsohle tse setseng. Hape ba ile ba chesa metse eohle eo ba ileng ba fihla ho eona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela