Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 30
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Lipesaleme

      • Ho nyahama ho fetoha thabo

        • Molimo o hauhela motho bophelo bohle (5)

Pesaleme 30:1

Linaletsana

  • *

    Kapa: “nkhula.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 25:2; 41:11

Pesaleme 30:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Ma 20:5; Ps 6:2; 103:3

Pesaleme 30:3

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

  • *

    Kapa: “lebitleng.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 86:13
  • +Ps 16:10; 28:1; Esa 38:17; Jon 2:6

Pesaleme 30:4

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “sehopotso sa hae se halalelang.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 32:11
  • +Ex 3:15

Pesaleme 30:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 12:1
  • +Esa 54:8
  • +Ps 126:5

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    5/15/2006, leq. 20

Pesaleme 30:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 5:12; Ps 89:17
  • +Ps 10:1; 143:7

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona (2017), 6/2017, leq. 2

Pesaleme 30:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 34:6; 77:1

Pesaleme 30:9

Linaletsana

  • *

    Kapa: “lebitleng.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 28:1
  • +Ps 6:5; 115:17; Moe 9:10
  • +Ps 88:11; Esa 38:18

Pesaleme 30:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 143:1
  • +Ps 28:7

Pesaleme 30:11

Linaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Pes. 30:1Ps 25:2; 41:11
Pes. 30:22Ma 20:5; Ps 6:2; 103:3
Pes. 30:3Ps 86:13
Pes. 30:3Ps 16:10; 28:1; Esa 38:17; Jon 2:6
Pes. 30:4Ps 32:11
Pes. 30:4Ex 3:15
Pes. 30:5Esa 12:1
Pes. 30:5Esa 54:8
Pes. 30:5Ps 126:5
Pes. 30:72Sa 5:12; Ps 89:17
Pes. 30:7Ps 10:1; 143:7
Pes. 30:8Ps 34:6; 77:1
Pes. 30:9Ps 28:1
Pes. 30:9Ps 6:5; 115:17; Moe 9:10
Pes. 30:9Ps 88:11; Esa 38:18
Pes. 30:10Ps 143:1
Pes. 30:10Ps 28:7
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Pesaleme 30:1-12

Lipesaleme

Pina ea ho khakola ntlo. Pesaleme ea Davida.

30 Ke tla u phahamisa Jehova hobane u ile oa mpholosa.*

Ha oa ka oa lumella hore lira tsa ka li thabe ka lebaka la ka.+

 2 Jehova Molimo oa ka, ke ile ka llela ho uena ke kopa thuso eaba oa mpholisa.+

 3 Jehova, u ’nyollotse Lebitleng.*+

U mpolokile ke phela, oa mpholosa hore ke se ke ka oela ka sekoting.*+

 4 Binelang Jehova lithoriso, lona batho ba hae ba tšepahalang,+

Rorisang lebitso la hae le halalelang*+

 5 Hobane Molimo o halefela motho ka nakoana+

Empa ha a hauhela motho, o mo hauhela bophelo bohle.+

Leha ho ka ba le sello mantsiboea, hoseng ho ba le thabo.+

 6 Ha ke ne ke se na mathata, ke ile ka re:

“Nke ke ka sisinngoa le ka mohla.”

 7 Ka lebaka la mosa oa hao Jehova, u entse hore ke be matla joaloka thaba.+

Empa ha u mpatela sefahleho sa hao, ke ile ka tšoha haholo.+

 8 Jehova, ke ile ka ’na ka u bitsa.+

Ka ’na ka kopa hore u nkhauhele, Jehova.

 9 Ho na le molemo ofe haeba ke shoa, haeba ke theohela sekoting?*+

Na lerole le tla u rorisa?+ Na le tla bua hore oa tšepahala?+

10 Utloa hle Jehova ’me u nkhauhele.+

Nthuse hle Jehova.+

11 U entse hore ke tantše ke thabile ho e-na le hore ke utloe bohloko.

U tlositse lesela la ka le hoashang,* oa nkapesa thabo,

12 E le hore ke u binele lithoriso ’me ke se ke ka thola.

Jehova Molimo oa ka, ke tla u rorisa ka ho sa feleng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela