Exoda
29 Sena ke seo u tla se etsa ho ba halaletsa hore ba sebeletse e le baprista ba ka: Nka pohoana, liramo tse peli tse phetseng hantle,+ 2 bohobe bo se nang tomoso, mahobe a selika-likoe a lesoba hare a se nang tomoso a kopantsoeng le oli le liphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsoeng ka oli.+ U li etse ka phofo e sitsoeng hantle ea koro. 3 U li kenye ka basketeng+ ebe u li tlisa le poho le liramo tse peli.
4 U tlise Arone le bara ba hae monyako oa tabernakele*+ ’me u ba hlatsoe ka metsi.+ 5 U nke liaparo+ ’me u apese Arone seaparo se selelele, seaparo se se nang matsoho sa efoda, efoda le mokotlana oa sefuba ’me u tlamelle lebanta le lohiloeng la efoda ka thata lethekeng la hae.+ 6 U mo roese tuku hloohong ’me u behe lesenke la khauta le halalelang* holim’a tuku+ eo 7 ebe u nka oli e halalelang*+ u e tšela hloohong ea hae ’me u mo tlotse.+
8 U tlise bara ba hae ’me u ba apese liaparo tse telele.+ 9 U tlame Arone le bara ba hae ka mabanta ’me u ba roese masela a roaloang hloohong. Bona le litloholo tsa bona e tla ba baprista ’me molao ona o tla lula o le teng.+ Ena ke tsela eo u lokelang ho hlomamisa Arone le bara ba hae ka eona hore ba sebeletse e le baprista.+
10 U hlahise poho ka pel’a tabernakele* ’me Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ea poho eo.+ 11 U e hlabe ka pel’a Jehova monyako oa tabernakele.*+ 12 U nke mali a mang a poho eo ka monoana oa hao ’me u a tlotse manakeng a aletare+ ebe u tšollela mali a mang kaofela karolong e ka tlase ea aletare.+ 13 U nke mafura+ ’ohle a koahelang mala, u nke le mafura a sebeteng le liphiong tse peli le mafura a holim’a tsona ’me u li chese hore li kubelle holim’a aletare.+ 14 Empa u chesetse nama ea poho le lekoko la eona le bolokoe ba eona ka ntle ho liahelo. Ke nyehelo ea sebe.
15 U nke ramo e le ’ngoe ’me Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ea ramo eo.+ 16 U e hlabe ’me u nke mali a eona u a fafatse mahlakoreng ’ohle a aletare.+ 17 U sehe ramo eo likotoana ’me u hlatsoe mala+ a eona le litlhakoana tsa eona ’me u behe likotoana tsa eona hammoho, u li behe le hlooho ea eona. 18 U chese ramo eo kaofela u etse hore e kubelle holim’a aletare. Ke nyehelo ea secheso ea Jehova ’me monko oa eona o monate*+ ho eena. Ke nyehelo e chesetsoang Jehova.
19 U nke ramo e ’ngoe ’me Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ea eona.+ 20 U hlabe ramo eo ’me u nke mali a mang a eona u a tlotse ntlheng ea tsebe ea Arone e ka letsohong le letona le lintlheng tsa litsebe tsa bara ba hae tse ka letsohong le letona. U tlotse le menoana e metona ea matsoho a bona a matona le menoana e metona ea maoto a bona a matona ’me u fafatse mali mahlakoreng ’ohle a aletare. 21 Ka mor’a moo, u nke mali a mang a holim’a aletare le oli e halalelang+ ’me u li fafatse holim’a Arone le liaparong tsa hae le ho bara ba hae le liaparong tsa bona e le hore eena le liaparo tsa hae le bara ba hae le liaparo tsa bona li ka halalela.+
22 Ramong u nke mafura, mohatla o mafura, mafura a koahelang mala, mafura a sebeteng, liphio tse peli le mafura a ho tsona+ le leoto le letona kaha ke ramo ea tlhomamiso.+ 23 U ntše le bohobe bo selika-likoe le bohobe bo selika-likoe bo lesoba hare bo nang le oli le sephaphatha ka basketeng ea mahobe a se nang tomoso e ka pel’a Jehova. 24 U behe lintho tsena tsohle matsohong a Arone le matsohong a bara ba hae ’me u li tsokele koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova. 25 Ka mor’a moo, u li tlose matsohong a bona ’me u li chese aletareng holim’a nyehelo ea secheso e le monko o monate* ka pel’a Jehova. Ke nyehelo e chesetsoang Jehova.
26 U nke sefuba sa ramo ea tlhomamiso+ e nyeheloang bakeng sa Arone ebe u se tsokela koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova ’me e be kabelo ea hao. 27 Ramong ea tlhomamiso+ eo ho ileng ha nyeheloa ka eona bakeng sa Arone le bara ba hae, u halaletse sefuba sa nyehelo e tsokoang le leoto la karolo e halalelang e leng tse ileng tsa tsokoa le tseo ho ileng ha fanoa ka tsona. 28 Ke karolo e halalelang, e be ea Arone le bara ba hae. E ke e be molao o tla lula o le teng o tla phethoa ke Baiseraele. E be karolo e halalelang eo Baiseraele ba tla fana ka eona+ bakeng sa Jehova e tsoang mahlabelong a bona a kopanetsoeng.+
29 Liaparo tse halalelang+ tsa Arone li aparoe ke bara ba hae+ bao e tla ba baprista ka mor’a hae ha ba se ba tlotsitsoe ’me ba hlomamisitsoe. 30 Moprista ea mo hlahlamang har’a bara ba hae le ea tlang tabernakeleng* ho sebeletsa sebakeng se halalelang a li apare ka matsatsi a supileng.+
31 U nke ramo ea tlhomamiso ’me u phehe nama ea eona sebakeng se halalelang.+ 32 Arone le bara ba hae ba je+ nama ea ramo eo le bohobe bo ka basketeng ba le monyako oa tabernakele.* 33 Ba je lintho tse ileng tsa sebelisoa ho etsa sehlabelo sa tšoarelo ea libe ha ba ne ba hlomamisoa hore e be baprista ’me ba halaletsoa. Empa motho ea sa lumelloang* ho li ja a se ke a li ja hobane ke lintho tse halalelang.+ 34 Haeba nama leha e le efe ea sehlabelo sa tlhomamiso le bohobe li ka sala ho fihlela hoseng, u li chese ka mollo.+ Li se ke tsa jeoa hobane ke lintho tse halalelang.
35 U etse ka tsela ena ho Arone le bara ba hae ho ea ka sohle seo ke u laetseng sona. U qete matsatsi a supileng u ba hlomamisa hore e be baprista.*+ 36 U etse sehlabelo ka poho letsatsi le leng le le leng e le nyehelo ea sebe bakeng sa ho kopa tšoarelo ea libe. Ka ho etsa joalo u tla hloekisa aletare sebeng. Hape u fafatse oli aletareng ho e halaletsa.+ 37 U qete matsatsi a supileng u etsa mahlabelo a ho kopa tšoarelo ea libe bakeng sa ho halaletsa aletare e le hore e ka ba aletare e halalelang ka ho fetisisa.+ Mang kapa mang ea amang aletare eo o tla halalela.
38 U nyehele tse latelang aletareng: Liramo tse peli tse nyenyane tse nang le selemo, u li nyehele letsatsi le letsatsi kamehla.+ 39 U nyehele ramo e ’ngoe e nyenyane hoseng ’me u nyehele ramo e ’ngoe e nyenyane ha letsatsi le likela.+ 40 Ramo ea pele e nyenyane e tsamaee le lilithara tse ka bang peli* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le lithara e le ’ngoe* ea oli e tutsoeng le nyehelo ea seno ea lithara e le ’ngoe ea veine. 41 U nyehele ramo ea bobeli e nyenyane ha letsatsi le likela hammoho le linyehelo tsa lijo* le tsa seno tse tšoanang le tsa hoseng. U e nyehele e le monko o monate* e le nyehelo e chesetsoang Jehova. 42 E be nyehelo ea secheso ea kamehla melokong eohle ea lona. E etsetsoe monyako oa tabernakele* ka pel’a Jehova moo ke tla itlhahisa ho lona ho bua le lona teng.+
43 Ke tla itlhahisa moo ho Baiseraele ’me sebaka seo se tla halaletsoa ke khanya ea ka.+ 44 Ke tla halaletsa tabernakele* le aletare, ke halaletse Arone le bara ba hae+ e le hore ba ka sebeletsa e le baprista ba ka. 45 Ke tla lula har’a batho ba Iseraele ’me ke be Molimo oa bona.+ 46 Ba tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona, ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta e le hore ke lule har’a bona.+ Ke ’na Jehova Molimo oa bona.