Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha Kakaretso ea Jobo JOBO KAKARETSO EA BUKA 1 Botšepehi ba Jobo le maruo a hae (1-5) Satane o belaella botšepehi ba Jobo (6-12) Jobo o lahleheloa ke maruo le bana ba hae (13-19) Jobo ha a behe Molimo molato (20-22) 2 Satane o belaella botšepehi ba Jobo hape (1-5) Satane o lumelloa hore a otle Jobo ka mathopa a bohloko (6-8) Mosali oa Jobo o re: “Rohaka Molimo ’me u shoe!” (9, 10) Metsoalle ea Jobo e meraro e tla ho eena (11-13) 3 Jobo o bitsetsa letsatsi leo a hlahileng ka lona bomalimabe (1-26) Oa botsa hore na ke hobane’ng ha a utloa bohloko (20, 21) 4 Elifaze o qala ho bua (1-21) O belaela hore Jobo ha a tšepahale (7, 8) O bua ka molaetsa oo a o utloileng (12-17) ‘Molimo ha a tšepe bahlanka ba hae’ (18) 5 Elifaze o tsoela pele ho bua (1-27) ‘Molimo o tšoara ba bohlale mererong ea bona e mebe’ (13) ‘Jobo a se ke a hana khalemelo ea Molimo’ (17) 6 Jobo oa araba (1-30) O re o na le tokelo ea ho lla (2-6) O tšelisoa ke batho ba bolotsana (15-18) “’Nete ha e utloise bohloko” (25) 7 Jobo o tsoela pele ho bua (1-21) Bophelo bo tšoana le mosebetsi o thata (1, 2) “Ke hobane’ng ha u shebane le ’na?” (20) 8 Bildade o qala ho bua (1-22) O re bana ba Jobo ba entse sebe (4) ‘Haeba u ne u hloekile, Molimo o ne a tla u sireletsa’ (6) O re Jobo ha a lumele ho Molimo (13) 9 Jobo oa araba (1-35) Motho a ke ke a loantša Molimo (2-4) ‘Molimo o etsa lintho tse kholo le tse ke keng tsa batlisisoa’ (10) Motho a ke ke a khona ho phehisana le Molimo (32) 10 Jobo o tsoela pele ho araba (1-22) ‘Ke hobane’ng ha Molimo a ntoantša?’ (2) Molimo o bapisoa le Jobo (4-12) ‘E se eka nka fumana phomolo’ (20) 11 Tsofare o qala ho bua (1-20) O qosa Jobo ka hore o bua mantsoe a se nang thuso (2, 3) O bolella Jobo hore a tlohele ho bua lintho tse sa lokang (14) 12 Jobo oa araba (1-25) “Ha le mphete ka letho” (3) “Ke fetohile litšeho” (4) “Molimo o bohlale” (13) Molimo o phahametse baahloli le marena (17, 18) 13 Jobo o tsoela pele ho araba (1-28) ‘Nka mpa ka bua le Molimo’ (3) “Le lingaka tse se nang thuso” (4) “Kea tseba hore ha ke na molato” (18) Oa botsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a mo nka e le sera sa hae (24) 14 Jobo o tsoela pele ho araba (1-22) Motho o phela nako e khutšoanyane le e tletseng mathata (1) “Le sefate se na le tšepo” (7) “Ekare u ka mpata Lebitleng” (13) “Ha motho a shoa, na a ka phela hape?” (14) Molimo o tla hopola mosebetsi oa matsoho a hae (15) 15 Elifaze o bua ka lekhetlo la bobeli (1-35) O re Jobo ha a tšabe Molimo (4) O re Jobo oa ikhohomosa (7-9) “Molimo ha a tšepe mangeloi a hae” (15) “Motho ea khopo o lula a e-na le mathata” (20-24) 16 Jobo oa araba (1-22) “Le batšelisi ba likhathatso!” (2) O re Molimo o ikemiselitse ho mo hlasela (12) 17 Jobo o tsoela pele ho araba (1-16) “Ke pota-potiloe ke basomi” (2) “U entse hore batho ba ntšome” (6) “Lebitla e tla ba lehae la ka” (13) 18 Bildade o bua ka lekhetlo la bobeli (1-21) O bua ka lintho tse tla etsahalla batho ba khopo (5-20) O re Jobo ha a tsebe Molimo (21) 19 Jobo oa araba (1-29) Ha a lumellane le lintho tseo batho ba iketsang metsoalle ea hae ba li buang (1-6) O re o lahliloe (13-19) “Molopolli oa ka oa phela” (25) 20 Tsofare o bua ka lekhetlo la bobeli (1-29) O re Jobo oa mo rohaka (2, 3) O re Jobo o khopo (5) O re Jobo o thabela ho etsa sebe (12, 13) 21 Jobo oa araba (1-34) ‘Ke hobane’ng ha batho ba khopo ba atleha?’ (7-13) O bolella batho ba etsang eka ba tl’o mo tšelisa ’nete (27-34) 22 Elifaze o bua ka lekhetlo la boraro (1-30) “Na motho o na le molemo ho Molimo?” (2, 3) O qosa Jobo ka hore o meharo ebile ha a na toka (6-9) ‘Khutlela ho Molimo ’me u atlehe’ (23) 23 Jobo oa araba (1-17) O batla ho isa nyeoe ea hae ho Molimo (1-7) O re ha a fumane Molimo (8, 9) “Ke mo latetse ’me ha kea kheloha” (11) 24 Jobo o tsoela pele ho araba (1-25) ‘Ke hobane’ng ha Molimo a sa beha nako?’ (1) O re Molimo o lumella bokhopo (12) Baetsalibe ba rata lefifi (13-17) 25 Bildade o bua ka lekhetlo la boraro (1-6) ‘Na motho e ka ba ea lokileng ho Molimo?’ (4) O re botšepehi ba motho ha bo na thuso (5, 6) 26 Jobo oa araba (1-14) ‘U thusitse batho ba se nang matla’ (1-4) ‘Molimo o etsa hore lefatše le leketle moeeng’ (7) ‘Linyane feela tsa litsela tsa Molimo’ (14) 27 Jobo o ikemiselitse ho lula a tšepahala (1-23) “Ke tla lula ke tšepahala” (5) Motho ea lahlileng Molimo ha a na tšepo (8) “Ke hobane’ng ha le bua lintho tse se nang thuso?” (12) Batho ba khopo ba qetella ba se na letho (13-23) 28 Jobo o bapisa matlotlo a lefatšeng le bohlale (1-28) Boiteko ba motho ba ho fumana matlotlo a tsoang mobung (1-11) Bohlale bo bohlokoa ho feta liperela (18) Ho tšaba Jehova ke ho ba bohlale e le kannete (28) 29 Jobo o hopola nakong eo a neng a se na mathata a bile a thabile (1-25) A hlomphuoa keiting ea motse (7-10) Lintho tse ntle tseo a neng a li etsetsa batho (11-17) Batho bohle ba ne ba mamela likeletso tsa hae (21-23) 30 Jobo o hlalosa kamoo maemo a hae a fetohileng kateng (1-31) O songoa ke batho ba se nang thuso (1-15) O bona eka Molimo ha a mo thuse (20, 21) “Letlalo la ka le letšo” (30) 31 Jobo o re oa tšepahala (1-40) “Selekane le mahlo a ka” (1) O kopa Molimo hore a mo kale (6) O tšepahalla mosali oa hae (9-12) Ha a rate chelete (24, 25) O rapela Molimo feela (26-28) 32 Elihu e mocha le eena oa bua (1-22) O halefetse Jobo le metsoalle ea hae (2, 3) Ka tlhompho o ile a emela ho bua (6, 7) Ha se lilemo tse ngata feela tse etsang hore motho a be bohlale (9) Elihu o tatetse ho bua (18-20) 33 Elihu o khalemella Jobo ho iketsa motho ea lokileng (1-33) Ho fumanoa mopholosi (24) A be matla joaloka bocheng ba hae (25) 34 Elihu o bua ka toka ea Molimo le litsela tsa hae (1-37) Jobo o re Molimo ha aa mo ahlola ka toka (5) Molimo oa ’nete ha aa etse bokhopo (10) Jobo ha a na tsebo (35) 35 Elihu o bontša Jobo hore o beha mabaka hampe (1-16) Jobo o itse o lokile ho feta Molimo (2) Molimo o phahame haholo, ha a angoe ke sebe (5, 6) Jobo o lokela ho emela Molimo (14) 36 Elihu o hlalosa kamoo Molimo a leng matla kateng (1-33) Ba mamelang baa atleha, ba lahlileng Molimo ha ba atlehe (11-13) ‘Ha ho na morupeli ea tšoanang le Molimo’ (22) Jobo o lokela ho rorisa Molimo (24) “Molimo o moholo ho feta kamoo re nahanang kateng” (26) Molimo o laola pula le lehalima (27-33) 37 Lintho tsa tlhaho li bontša matla a maholo a Molimo (1-24) Molimo a ka emisa lintho tseo batho ba li etsang (7) ‘Nahanisisa ka mesebetsi e hlollang ea Molimo’ (14) Ha ho na motho ea ka utloisisang Molimo (23) Ha ho na motho ea lokelang ho nahana hore o bohlale (24) 38 Jehova o ruta hore batho ha ba lekane le eena (1-41) “U ne u le hokae ha ke etsa lefatše?” (4-6) Bara ba Molimo ba ile ba mo rorisa (7) Lipotso ka lintho tse bopiloeng (8-32) “Melao e laolang lintho tse maholimong” (33) 39 Liphoofolo li bontša hore motho ha a na tsebo (1-30) Lipoli tsa thaba le khama (1-4) Tonki e hlaha (5-8) Poho e hlaha (9-12) Mpshe (13-18) Pere (19-25) Phakoe le ntsu (26-30) 40 Lipotso tse ling tse botsoang ke Jehova (1-24) Jobo oa lumela hore o feletsoe ke mantsoe (3-5) “Na u tla re ha ke na toka?” (8) Molimo o hlalosa matla a Behemothe (15-24) 41 Molimo o hlalosa matla a Leviathane (1-34) 42 Jobo o araba Jehova (1-6) Metsoalle e meraro ea khalemeloa (7-9) Jehova o hlohonolofatsa Jobo hape (10-17) Bara le barali ba Jobo (13-15)