Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha Kakaretso ea 1 Bakorinthe 1 BAKORINTHE KAKARETSO EA BUKA 1 Litumeliso (1-3) Pauluse o leboha Molimo ka lebaka la Bakorinthe (4-9) O ba eletsa hore ba momahane (10-17) Kreste o bontša hore Molimo o matla ebile o bohlale (18-25) Re ithorise hobane re tseba Jehova (26-31) 2 Pauluse o ruta batho ba Korinthe (1-5) Bohlale ba Molimo bo phahametse ba batho (6-10) Motho ea tataisoang ke menahano ea hae le motho ea tataisoang ke moea oa Molimo (11-16) 3 Bakorinthe e ntse e le batho ba laoloang ke litakatso tsa bona (1-4) Molimo ke eena ea holisang (5-9) Basebetsi-’moho le Molimo (9) Haha ka thepa e sa cheng (10-15) Le tempele ea Molimo (16, 17) Bohlale ba batho ba lefatše ha bo na thuso ho Molimo (18-23) 4 Bahlanka ba Kreste ba lokela ho tšepahala (1-5) Bakreste ba lokela ho ikokobetsa (6-13) “Le se ke la fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngotsoeng” (6) Bakreste ke sebonoang ka pel’a lefatše (9) Pauluse o tsotella bao a ba rutileng ’nete (14-21) 5 Boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano (1-5) Tomoso e nyenyane e belisa hlama kaofela (6-8) Moetsalibe a tlosoe (9-13) 6 Bakreste ba isana khotla (1-8) Batho ba ke keng ba kena ’Musong oa Molimo (9-11) Tlotlisang Molimo ka ’mele ea lona (12-20) “Balehang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano” (18) 7 Keletso bakeng sa ba keneng lenyalong le ba seng lenyalong (1-16) Le ’ne le be ka tsela eo le neng le le ka eona pele le bitsoa (17-24) Batho ba seng lenyalong le bahlolohali (25-40) Melemo ea ho se kene lenyalong (32-35) Nyaloa feela ke “molateli oa Morena” (39) 8 Lijo tse nyeheloang bakeng sa litšoantšo tse rapeloang (1-13) Rona re na le Molimo a le mong feela (5, 6) 9 Mohlala oa moapostola Pauluse (1-27) “U se ke oa tlama poho molomo” (9) ‘Nka ba malimabe haeba ke sa bolele litaba tse monate’ (16) Ke bile lintho tsohle ho batho bohle (19-23) Re be le boitšoaro ha re matha peisong ea bophelo (24-27) 10 Lintho tseo re ka ithutang tsona historing ea Baiseraele (1-13) Le balehe borapeli ba litšoantšo (14-22) Tafole ea Jehova le tafole ea bademona (21) Bolokolohi le ho nahanela batho ba bang (23-33) “Le etse lintho tsohle ka tsela e tla etsa hore Molimo a rorisoe” (31) 11 “Le nketsise” (1) Bohlooho le ho roala (2-16) Ho ja Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena (17-34) 12 Limpho tseo Molimo a fanang ka tsona (1-11) ’Mele o mong, litho li ngata (12-31) 13 Lerato le bohlokoa ho feta lintho tsohle (1-13) 14 Mpho ea ho profeta le ea ho bua lipuo tse fapaneng (1-25) Liphutheho tsa Bokreste tse hlophisehileng (26-40) Boemo ba basali ka phuthehong (34, 35) 15 Tsoho ea Kreste (1-11) Tsoho ea bafu ke motheo oa tumelo (12-19) Tsoho ea Kreste ke bopaki ba hore bafu ba tla tsosoa (20-34) ’Mele oa leholimo le ’mele oa lefatše (35-49) ’Mele o sa shoeng le o sa boleng (50-57) Le lule le phathahane ka mosebetsi oa Morena (58) 16 Chelete e bokelloang bakeng sa Bakreste ba Jerusalema (1-4) Merero ea Pauluse ea ho eta (5-9) Merero ea hore Timothea le Apolose ba etele Bakorinthe (10-12) Likeletso le litumeliso (13-24)