SEFELA SA LIFELA
1 Pina e monate ka ho fetisisa* ea Solomone:+
3 Lioli tsa hao li nkha hamonate.+
Lebitso la hao le joaloka oli e monko o monate,+ e tšetsoeng holim’a hlooho.
Ha se feela baroetsana ba u ratang.
Morena o nkentse ka likamoreng tsa hae.
A re nyakalle ’me re thabe ’moho.
A re bue* ka tsela eo u nthatang ka eona. Lerato la hao le monate ho feta veine.
Ba* u rata ka nepo.
5 Lona barali ba Jerusalema leha ke le motšoana,* ke motle,
Ke tšoana le litente tsa Kedare+ le masela a tente+ a Solomone.
6 Le se ke la ’makalla hobane ke le motšoana
Kaha ke chesitsoe ke letsatsi.
Likhaitseli tsa ka li ile tsa nkhalefela.
Tsa nketsa mohlokomeli oa lirapa tsa morara
Empa ha kea ka ka hlokomela serapa sa ka sa morara.
U o bothisa hokae motšehare?
Ke hobane’ng ha ke lokela ho ba joaloka mosali ea apereng lesira*
Har’a mohlape oa metsoalle ea hao?”
8 “Haeba u sa tsebe, uena e motle ka ho fetisisa har’a basali,
Latela mohlala oa mohlape,
U fulisetse lipotsanyane tsa hao pel’a litente tsa balisana.”
9 “Uena moratuoa oa ka, u motle joaloka pere* e tšehali likariking tsa Faro.+
13 Moratuoa oa ka o joaloka mokotla oa mira o nkhang hamonate+
O lulang pakeng tsa matsoele a ka bosiu.
15 “U motle, moratuoa oa ka.
U motle haholo. Mahlo a hao ekare a maeba.”+
16 “Le uena u motle,* moratuoa oa ka, oa khahleha.+
Joang bo botala ke bethe ea rona.
2 “Joaloka mohalalitoe har’a meutloa,
Moratuoa oa ka o joalo har’a baroetsana.”
3 “Joaloka sefate sa liapole har’a moru,
Moratuoa oa ka o joalo har’a bahlankana.
Ke labalabela ho lula moriting oa hae
’Me litholoana tsa hae lia ’natefela.
5 Nkhatholleng ka lipolokoe tsa morara o omisitsoeng,+
Le ’matlafatse ka liapole
Hobane kea shoa ke lerato.
Le se ke la leka ho tsosa lerato ka ho ’na ho fihlela lerato le itlhahisa.+
8 Ke utloa lentsoe la moratuoa oa ka.
Bonang! Ke eo a tla,
O hloa lithaba, o tlolaka maralleng.
9 Moratuoa oa ka o tšoana le tšephe, o tšoana le namane e tona ea khama.+
Ke eo o eme ka mor’a lerako la rona,
O shebile ka lifensetere,
O nyaretse ka fensetere.
10 Moratuoa oa ka o re ho ’na:
‘Ema, lerato la ka,
Seponono sa ka, u tsamaee le ’na.
12 Lithunthung li hlahile naheng,+
Nako ea ho kuta lifate e fihlile+
’Me pina ea leebana-khoroana ea utloahala naheng ea rona.+
13 Sefateng sa feie,* lifeie tse butsoang pele li se li butsoitse.+
Lifate tsa morara li thuntse, li ntša monko o monate.
Ema, u tle moratuoa oa ka,
Seponono sa ka, a re tsamaee.
14 Leeba la ka le itširelelitseng lefikeng,+
Mahaheng a selomo,
E-re ke u bone ke be ke utloe lentsoe la hao+
Hobane lentsoe la hao le monate ebile u motle.’”+
15 “Re tšoareleng liphokojoe,
Malinyane a liphokojoe a senyang lirapa tsa morara
Kaha lirapa tsa rona tsa morara li thuntse.”
16 “Moratuoa oa ka ke oa ka ke le mong ’me ’na ke oa hae.+
O lisetsa+ moo ho nang le mehalalitoe.+
17 Pele ho phola* le meriti e baleha,
U khutle kapele, moratuoa oa ka,
Joaloka tšephe+ kapa namane e tona ea khama+ e holim’a lithaba tse re arohantseng.”*
Ke ile ka mo batla empa ha kea ka ka mo fumana.+
Ke ile ka mo batla empa ha kea ka ka mo fumana.
3 Balebeli ba potolohang motseng ba ile ba kopana le ’na.+
Ka re ho bona: ‘Na le bone moratuoa oa ka?’*
Ke ile ka mo tšoara ’me ke ne ke sa batle ho mo tlohela
Ho fihlela ke mo tlisitse ka tlung ea ’Mè,+
Ka kamoreng ea ea ntsoetseng.
5 Barali ba Jerusalema, ke le hlapantša
Ka likhama tse tšehali tsa naha le ka litšephe:
Le se ke la leka ho tsosa lerato ka ho ’na ho fihlela lerato le itlhahisa.”+
6 “Ke’ng ntho ee e nyolohang naheng joaloka mosi,
E nkhisitsoeng hamonate ka mira, libano tse tšoeu
Le liphofshoana tsa rakhoebo tsa mefuta eohle tse nkhang hamonate?”+
Banna ba 60 ba matla ba se pota-potile,
Ke banna ba matla ba Iseraele,+
8 Kaofela ha bona ba tšoere lisabole,
Ba koetliselitsoe ho loana,
E mong le e mong o sabole thekeng la hae
E le ho mo sireletsa linthong tse kotsi bosiu.”
Moo a lulang teng ho entsoe ka boea bo pherese,
Bokahare ba sona bo khabisitsoe hantle
Ke barali ba Jerusalema.”
11 “Tsoang lona barali ba Sione,
Le bone Morena Solomone.
O roetse korone* eo ’mè oa hae+ a mo etselitseng eona
Ka letsatsi la lenyalo la hae,
Letsatsing leo pelo ea hae e neng e thabile.”
4 “U motle, moratuoa oa ka.
U motle haholo.
Mahlo a hao ekare a maeba ka har’a lesira la hao.
Moriri oa hao o joaloka mohlape oa lipoli
Tse theohang lithabeng tsa Gileade.+
2 Meno a hao a joaloka mohlape oa linku li qeta ho kutoa,
Li nyoloha moo li tsoa hlatsuoa teng,
Tseo kaofela ha tsona li tsoalang mafahla,
Ho se e shoetsoeng ke likonyana.
3 Molomo oa hao o joaloka khoele e khubelu
’Me lipuo tsa hao li monate.
Marama* a hao ka har’a lesira
A joaloka kharenate e arotsoeng.
4 Molala oa hao+ o joaloka tora ea Davida,+
E hahiloeng ka makhethe ka majoe,
Eo ho eona ho fanyehoang lithebe tse sekete,
Lithebe tsohle tse chitja tsa banna ba matla.+
Theoha tlhorong ea thaba ea Amana,*
Tlhorong ea thaba ea Senire e leng thaba ea Hermone,+
Lilaong tsa litau, lithabeng tseo mangau a phelang ho tsona.
9 U hapile pelo ea ka,+ uena moratuoa oa ka, monyaluoa oa ka,
U hapile pelo ea ka, ka ho ncheba hanngoe feela,
Ka mokhabiso o le mong oa sefaha sa hao.
10 Lerato la hao le monate hakaakang,+ uena moratuoa oa ka, monyaluoa oa ka.
Lerato la hao le monate haholo ho feta veine,+
Le monko oa lioli tsa hao o monate ho feta mefuta eohle ea linoko.+
11 Molomo oa hao o rotha mahe a linotši, uena monyaluoa oa ka.+
Mahe a linotši le lebese li tlas’a leleme la hao+
’Me monko o monate oa liaparo tsa hao o joaloka monko o monate oa Lebanone.
12 Moratuoa oa ka, monyaluoa oa ka, u joaloka serapa se kampetsoeng,
Serapa se kampetsoeng, seliba se koahetsoeng.
13 U tšoana le* serapa sa lifate tseo makala a tsona a tletseng likharenate,
Se nang le litholoana tse monate tsa mefuta-futa le limela tsa hena hammoho le limela tsa nareda,
14 Nareda+ le palesa ea safrone, lehlaka*+ le sinamone,+
Le lifate tsa mefuta eohle ea libano tse tšoeu, mira le makhala+
Hammoho le lioli tsohle tse nkhang hamonate tsa boleng bo botle ka ho fetisisa.+
16 Tsoha, moea oa leboea,
Kena, moea oa boroa.
Foka hamonate holim’a serapa sa ka.
Monko oa sona o tlale hohle.”
“Ke lakatsa eka moratuoa oa ka a ka tla serapeng sa hae,
A je litholoana tsa sona tse monate ka ho fetisisa.”
Ke khile mira ea ka le senoko sa ka.+
Ke jele mahe a ka a linotši a tsoang khekheng.
Ke noele veine ea ka le lebese la ka.”+
“Jang, metsoalle ea ka.
Noang ’me le tahoe ke lerato.”+
2 “Ke robetse empa pelo ea ka ea hlobaela.+
Ke utloa moratuoa oa ka a kokota.
‘Mpulele, lerato la ka,
Leeba la ka le se nang sekoli.
Etsoe hlooho ea ka e kolobisitsoe ke phoka,
Moriri oa ka o metsi ke mongobo oa bosiu.’+
3 Ke se ke hlobotse seaparo sa ka se selelele.
Ke se apare hape?
Ke se ke hlatsoitse maoto a ka.
Ke a silafatse hape?
4 Moratuoa oa ka o tlositse letsoho la hae lesobeng la lemati
’Me maikutlo a ka a ferekana.
5 Ke ile ka tsoha ho bulela moratuoa oa ka.
Matsoho a ka a ne a rotha mira
Le menoana ea ka e rotha oli ea mira,
Ea rothela holim’a loko ea lemati.
6 Ke ile ka bulela moratuoa oa ka
Empa o ne a se a tlohile, a se a ile.
Ka mo bitsa empa ha aa ka a nkaraba.
7 Balebeli ba neng ba potoloha motse ba ile ba mphumana.
Ba nkotla, ba ’ntša maqeba.
Balebeli ba marako ba ntlhobolisa sholo ea ka.*
8 Lona barali ba Jerusalema, kea le hlapantša hore
Haeba le fumana moratuoa oa ka,
Le mo bolelle hore kea shoa ke lerato.”
9 “Ke joang moratuoa oa hao a fetang mohlankana leha e le ofe e mong,
Uena e motle ka ho fetisisa har’a basali?
Ke joang moratuoa oa hao a fetang mohlankana leha e le ofe e mong,
Hoo u batlang hore re etse kano ee?”
10 “Moratuoa oa ka o motle ’me o mofubelu,
Oa ikhetha har’a ba likete tse leshome.
11 Hlooho ea hae e tšoana le khauta, khauta e ntle ka ho fetisisa.
Moriri oa hae o tšoana le makhasi a lifate tsa palema a fokoang ke moea.*
Moriri oa hae o motšo joaloka lekhoaba.
12 Mahlo a hae a joaloka maeba a pel’a melatsoana ea metsi,
A itlhatsoang ka lebese,
A lutseng pel’a letamo le nang le metsi a mangata.*
Molomo oa hae o tšoana le mehalalitoe e rothang oli ea mira.+
14 Menoana ea hae ke khauta e khabisitsoeng ka krisolite.
Mpa ea hae e tšoana le lenaka la tlou le bentšitsoeng le khabisitsoeng ka lisafire.
15 Litlhafu tsa hae ke lipilara tsa ’mabole tse hlonngoeng holim’a litšehetso tsa khauta e ntle ka ho fetisisa.
O motle joaloka naha ea Lebanone, o motle joaloka likedare.+
Enoa ke lerato la ka, ke moratuoa oa ka, lona barali ba Jerusalema.”
6 “Moratuoa oa hao o ile kae,
Uena e motle ka ho fetisisa har’a basali?
Moratuoa oa hao o tsoile le kae?
E-re re mo batle le uena.”
2 “Moratuoa oa ka o theohetse serapeng sa hae,
Serapeng sa limela tsa linoko,
Ho lisetsa lirapeng,
Le ho kha mehalalitoe.+
O lisetsa moo ho nang le mehalalitoe.”+
4 “Moratuoa oa ka,+ u motle joaloka motse oa Tirza,*+
U motle joaloka Jerusalema,+
U khahleha joaloka mabotho a pota-potileng lifolakha tsa ’ona.+
Moriri oa hao o joaloka mohlape oa lipoli
Tse theohang lithabeng tsa Gileade.+
6 Meno a hao a joaloka mohlape oa linku,
Li nyoloha moo li tsoa hlatsuoa teng,
Tseo kaofela ha tsona li tsoalang mafahla,
Ho se e shoetsoeng ke likonyana.
9 O mong eo e leng leeba+ la ka le se nang sekoli.
Ke moratuoa oa ’mè oa hae,
Thatohatsi ea* ea mo tsoetseng.
Baroetsana baa mo bona ’me ba re o lehlohonolo,
Mafumahali le basali ba lirethe baa mo rorisa,
10 ‘Ngoanana eo ea khanyang* joaloka mafube ke mang,
E motle joaloka khoeli e tolokileng,
Ea hloekileng joaloka khanya ea letsatsi,
Ea khahlehang joaloka mabotho a pota-potileng lifolakha tsa ’ona?’”+
11 “Ke ile ka theohela serapeng sa lifate tsa litholoana,+
Ho bona tse qalang ho mela ka khohlong,*
Ho bona hore na sefate sa morara se hlometse,
Hore na lifate tsa likharenate li thuntse.
13 “Khutla, khutla, uena Moshulame.
Khutla, khutla
E le hore re bone botle ba hao.”
“Le bona’ng ho Moshulame?”+
“O tšoana le tantši e etsoang ke lihlopha tse peli.”*
Lirope tsa hao tse ntle li tšoana le mekhabiso
E entsoeng ke setsebi sa mesebetsi ea matsoho.
2 Mokhubu oa hao ke sekotlolo se chitja.
E se eka se ka lula se e-na le veine.
Mpa ea hao ke qubu ea koro,
E pota-potiloeng ke mehalalitoe.
4 Molala oa hao+ o joaloka tora ea lenaka la tlou.+
Nko ea hao e joaloka tora ea Lebanone,
E shebileng Damaseka.
Morena o khahloa ke moriri oa hao o lepeletseng.
6 Uena ngoanana ea ratoang, u motle haholo ’me u khahleha haholo
Ho feta lintho tsohle tse ntle.
7 U tšoana le sefate sa palema ka seemo,
Matsoele a hao a tšoana le sehlahla sa litholoana tsa palema.+
8 Ke itse: ‘Ke tla hloella sefateng sa palema
E le hore ke khe litholoana tsa sona.’
E se eka matsoele a hao a ka tšoana le sehlahla sa morara,
Lehano la hao* le nkhe hamonate joaloka liapole,
9 Molomo* oa hao o be joaloka veine e monate ka ho fetisisa.”
“E se eka e ka lelemela hamonate bakeng sa moratuoa oa ka
Joaloka veine e theohelang hamonate molomong, e etsang hore motho a robale.
11 Tloo, uena moratuoa oa ka,
Re ee masimong.
A re itulele har’a limela tsa hena.+
12 A re tsohe hoseng ’me re ee lirapeng tsa morara
E le hore re bone hore na sefate sa morara se hlometse,*
Hore na thunthung e phutholohile,+
Le hore na lifate tsa likharenate li thuntse.+
Ha re le moo ke tla u bontša hore kea u rata.+
13 Limandrake*+ li nkha hamonate,
Menyakong ea rona ho na le litholoana tse monate tsa mefuta eohle.+
Uena moratuoa oa ka, ke u boloketse
Tse ncha hammoho le tsa khale.”
8 Hoja u ne u le khaitseli ea ka,
E antseng matsoele a ’mè oa ka.
Ha ke ne nka u fumana ka ntle, ke ne ke tla u suna+
’Me ho ne ho se motho ea tla ncheba hampe.
Ke ne ke tla u fa veine e nokiloeng ka linoko hore u e noe,
Lero le lecha la likharenate.
3 Letsoho la hae le letšehali le ne le tla ba tlas’a hlooho ea ka
Ebe o nkopa ka letsoho la hae le letona.+
4 Barali ba Jerusalema, kea le hlapantša
Hore le se ke la leka ho tsosa lerato ka ho ’na ho fihlela lerato le itlhahisa.”+
5 “Ke mang ngoanana eo ea nyolohang naheng,
Ea itšetlehileng ka moratuoa oa hae?”
“Ke ile ka u tsosa tlas’a sefate sa liapole
Moo ’mè oa hao a ileng a ba le mahlaba a pelehi.
Ke hona moo a ileng a u pepela teng.
6 Mpehe joaloka setempe pelong ea hao,
Joaloka setempe letsohong la hao
Hobane lerato le matla joaloka lefu,+
Botšepehi bo phehella joaloka Lebitla.*
Malakabe a lerato ke mollo o chesang, lelakabe la Jah.*+
Haeba motho a ne a ka fana ka maruo ’ohle a ntlo ea hae bakeng sa lerato,
Batho ba ne ba tla a* nyatsa.”
Re tla etsetsa khaitseli ea rona eng
Letsatsing leo a tla kopuoa ka lona?
9 Haeba ke lerako,
Re tla haha tora ea silevera holim’a hae
Empa haeba ke monyako,
Re tla mo koala ka lepolanka la kedare.”
10 “ ’Na ke lerako
Le matsoele a ka a joaloka litora.
Ke kahoo mahlong a hae ke leng motho
Ea nang le khotso.
11 Solomone o ne a e-na le serapa sa morara+ Baale-hamone.
O ile a se siea matsohong a bahlokomeli.
E mong le e mong o ne a tlisa likotoana tsa silevera tse sekete bakeng sa litholoana tsa sona.
12 Likotoana tse sekete tsa silevera* ke tsa hao, uena Solomone
’Me makholo a mabeli ke a ba hlokomelang litholoana tsa sona
Empa ’na ke na le serapa sa ka sa morara se taolong ea ka.”
E-re ke le utloe.”+
14 “Potlaka, moratuoa oa ka,
U mathe ka lebelo joaloka tšephe+
Kapa joaloka namane e tona ea khama
Holim’a lithaba tsa linoko.”
Kapa: “Sefela sa lifela.” E leng “pina ea lipina.”
Ka Seheberu: “Nkhule.”
Kapa: “ikhopotse.”
E leng baroetsana.
Ka Seheberu: “motšo.”
Kapa: “ea apereng lesira la motho ea utloileng bohloko.”
Kapa: “pere ea ka.”
Kapa mohlomong: “a matle har’a lithapo tsa moriri.”
Kapa: “ea khauta e selika-likoe.”
Kapa: “Oli e nkhang hamonate.”
Kapa: “tjaka.”
Kapa: “ntlo ea rona e ntle.”
Ka Seheberu: “ntlong ea veine.”
Kapa: “nako ea lipula e.”
Kapa: “feiga.”
Ka Seheberu: “letsatsi le phola.”
Kapa mohlomong: “lithaba tse arohaneng.” Kapa: “lithaba tsa Bethere.”
Kapa: “eo moea oa ka o mo ratang.”
Kapa: “eo moea oa ka o mo ratang.”
Kapa: “eo moea oa ka o mo ratang.”
Kapa: “eo moea oa ka o mo ratang.”
E ne e le setulo se neng se sebelisetsoa ho nka ba boholong.
E ne e le setulo se neng se sebelisetsoa ho nka ba boholong.
E ne e le litšiea tse tšehetsang marulelo a setulo seo, e le hore morena a be tlas’a moriti.
E ka ’na eaba korone eo e ne e entsoe ka lipalesa kapa makhasi.
Kapa: “Litlhafunelo.”
Ka Seheberu: “letsatsi le phola.”
Kapa: “Thaba e shebaneng le Lebanone.”
Kapa mohlomong: “Letlalo la hao ke.”
Lehlaka le nkhang hamonate.
Kapa mohlomong: “Ka batla ke akheha ha a bua.”
Kapa: “lesira la ka.”
Kapa mohlomong: “masihla a litholoana tsa palema.”
Kapa mohlomong: “seliba.”
Ka Seheberu: “Mahalapa.”
Kapa: “Motse o Khahlehang.”
Kapa: “Litlhafunelo.”
Ka Seheberu: “Ea hloekileng oa.”
Ka Seheberu: “shebang tlase.”
Kapa: “Takatso ena ea ka ea nkisa.”
Kapa: “ba itetseng.”
Kapa: “tantši ea Mahanaime.”
Ka Seheberu: “meqathatso.”
Ka Seheberu: “oa hlooho ea hao.”
Ka Seheberu: “nko ea hao.”
Ka Seheberu: “mahalapa.”
Kapa: “thuntse.”
Ke semela seo basali ba neng ba ja tholoana ea sona hobane ba nahana hore e tla ba thusa ho ima.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
“Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa mohlomong: “mo.”
Ka Seheberu: “Tse sekete.”
Kapa mohlomong: “ea hao.”