LENGOLO LE EANG HO BAROMA
1 Lengolo lena le tsoa ho ’na Pauluse, lekhoba la Jesu Kreste. Ke bitselitsoe ho ba moapostola ebile ke khethetsoe ho bolela litaba tse monate tsa Molimo.+ 2 Molimo o ile a phatlalatsa litaba tsena esale pele ka Mangolong a halalelang a sebelisa baprofeta ba hae. 3 Ke litaba tse mabapi le Mora oa hae eo e neng e le setloholo sa Davida.+ 4 Ho ile ha hlaka hore ke Mor’a Molimo+ ha Molimo a sebelisa matla a moea o halalelang ho mo tsosa bafung.+ Enoa ke eena Jesu Kreste Morena oa rona. 5 Ke ka lebaka la hae Molimo a ileng a ba mosa* ho rona, ka ba ka khethoa hore ke be moapostola+ e le hore ke thuse batho ba lichaba tsohle ho mamela,+ ho ba le tumelo le ho hlompha lebitso la hae. 6 Le lona le tsoa lichabeng tseo Molimo a li bitsitseng hore li latele Jesu Kreste. 7 Ke ngolla lona bohle ba ratoang ke Molimo ba leng Roma, ba khethetsoeng ho ba bahalaleli:
E se eka Molimo Ntate oa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa ho lona le ho le fa khotso.
8 Pele ho tsohle, ke leboha Molimo oa ka ka lebitso la Jesu Kreste ka lebaka la lona kaofela hobane batho lefatšeng lohle ba bua ka tumelo ea lona. 9 Etsoe Molimo eo ke mo sebeletsang ka pelo eohle* ka ho phatlalatsa litaba tse monate ka Mora oa hae, a ka mpakela hore kamehla ke bua ka lona lithapelong tsa ka.+ 10 Ke rapella hore haeba ho khoneha ebile e le thato ea Molimo, ke qetelle ke tlile ho lona. 11 Ke labalabela ho le bona e le hore ke le fe mpho e tsoang ho Molimo hore le tle le matlafale 12 kapa e le hore ’na le lona re ka khothatsana+ ka tumelo ea rona.
13 Bana beso, ke batla hore le tsebe hore ke ile ka rera ho tla ho lona ka makhetlo a mangata empa ka ’na ka hloleha ho tla ho fihlela hona joale. Ke ne ke batla ho tla bona litholoana tse ntle tsa mosebetsi oo re o entseng moo joalokaha ho bile le litholoana le lichabeng tse ling. 14 Ke kolota Bagerike le batho bao e seng Bagerike,* batho ba rutehileng le ba sa rutehang. 15 Kahoo, ke labalabela ho le bolella litaba tse monate moo Roma.+ 16 Ha ke soabele ho phatlalatsa litaba tse monate tsa Molimo.+ Litaba tsena ke bopaki ba matla a Molimo ’me a ka pholosa bohle ba nang le tumelo.+ O qala ka Bajuda pele+ ebe o fetela ho Bagerike.+ 17 Molimo o tsebahatsa litsela tsa hae tse lokileng ho batho ba nang le tumelo ’me ho etsa joalo ho matlafatsa tumelo ea bona+ feela joalokaha Mangolo a re: “Ea lokileng o tla phela hobane a e-na le tumelo.”+
18 Molimo o ntse a senola khalefo ea hae+ a le leholimong, o halefisitsoe ke lintho tsohle tse sa lokang tseo batho ba li etsang. Batho bao ba thibela ’nete+ hore e se ke ea tsebahala. 19 Ba tlameha hore ebe ba tseba Molimo hobane o se a ntse a ba bontšitse lintho tse ngata ka eena.+ 20 Le hoja Molimo a ke ke a bonoa, makhabane a hae a bonoa ka ho hlaka linthong tseo a li bopileng lefatšeng hobane batho ba ka a bona ha ba li sheba.+ Lintho tseo a li bopileng ke bopaki ba matla a hae a sa feleng+ le hore ke Molimo.+ Batho ba hanang bopaki boo ha ba na mabaka a ho ikemela. 21 Le hoja ba tsebile Molimo, ha baa ka ba mo tlotlisa kapa ba mo leboha empa ba ile ba nahana lintho tse se nang thuso, le likelello* tsa bona tsa hloka kutloisiso.+ 22 Le hoja ba ne ba re ba bohlale, e ne e le lithoto. 23 Ho e-na le hore ba rorise Molimo ea sa shoeng, ba khetha ho rorisa litšoantšo tsa batho, linonyana, lihahabi le liphoofolo tse maoto a mane.+
24 Ka hona, Molimo oa ba tlohela hore ba phethe litakatso tse litšila tsa lipelo tsa bona ’me ba etse lintho tse soabisang ka ’mele ea bona. 25 Ba khethile ho lumela leshano ho e-na le ho lumela ’nete e tsoang ho Molimo. Ba rorisa le ho sebeletsa* lintho tseo Molimo a li bopileng ho e-na le ho rorisa ’Mopi oa tsona. O lokela ho rorisoa ka ho sa feleng. Amen. 26 Kahoo, Molimo o ba tlohetse hore ba laoloe ke litakatso tsa bona tse soabisang tsa thobalano.+ Basali ba tlohetse ho etsa thobalano ka tsela ea tlhaho ’me ba sebelisa ’mele ea bona ka tsela eo e seng ea tlhaho.+ 27 Banna le bona ba se ba tlohetse ho robala le basali ’me ba lakatsana ka bobona, banna ba etsa lintho tse nyonyehang le banna ba bang+ ’me ba fumana kotlo* e feletseng bakeng sa liphoso tsa bona.+
28 Kaha ba nkile ho se bohlokoa ho tseba Molimo,* o ba tlohetse hore ba nahane ka lintho tse se nang thuso le hore ba etse lintho tseo ba sa lokelang ho li etsa.+ 29 Ha baa loka ho hang,+ ba khopo, ba meharo,+ ba mona,+ ke babolai,+ ba rata ntoa, ba leshano,+ ba rata ho utloisa batho bohloko+ ebile ba rata ho seba batho ba bang. 30 Ba bua batho ba bang hampe,+ ba hloile Molimo, ke banyefoli, baa ikhohomosa, ba rata ho ithorisa, ba rera lintho tse mpe* ebile ha ba mamele batsoali.+ 31 Ba lihlooho li thata,+ ha ba tšepahalle litumellano, ha ba rate batho ba bang ebile ha ba na mohau. 32 Ba tseba hantle hore Molao oa Molimo o re ba tloaetseng ho etsa lintho tseo ba tšoaneloa ke lefu+ empa ba tsoela pele ho li etsa ebile ba lumellana le batho ba li etsang.
2 Ho sa tsotellehe hore na u mang,+ ha u na mabaka a ho ikemela ha u ahlola batho ba bang. Haeba u ahlola batho ba bang, oa ikahlola hobane le uena u etsa lintho tse tšoanang.+ 2 Rea tseba hore Molimo o ahlola batho ba etsang lintho tse joalo ’me o ahlola ka toka.*
3 Na u nahana hore u tla phonyoha kahlolo ea Molimo ha u ahlola batho ba tloaetseng ho etsa lintho tseo empa le uena u ntse u li etsa? 4 Kapa u nyatsa hore ebe Molimo o na le mamello+ ebile o mosa haholo?+ Na ha u hlokomele hore ka mosa Molimo o leka ho u thusa hore u bake?+ 5 Empa kaha u manganga ebile ha u batle ho baka, Molimo o tla u halefela. O tla u fa kotlo letsatsing leo ka lona a ahlolang batho ’me o tla ahlola ka toka.+ 6 O tla ahlola e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae.+ 7 Ba batlang khanya, tlhompho le bophelo bo ke keng ba fela+ ka ho lula ba etsa lintho tse lokileng, o tla ba fa bophelo bo sa feleng. 8 Empa o tla halefela batho ba ratang likhang, ba sa lateleng ’nete ’me ba tloaetse ho etsa lintho tse fosahetseng.+ 9 Motho e mong le e mong ea etsang lintho tse mpe o tla ba le mahlomola ho sa tsotellehe hore na ke Mojuda kapa ke Mogerike. 10 Molimo o tla fa e mong le e mong ea etsang lintho tse ntle tlotla le khotso. O tla qala ka Mojuda,+ a fetele ho Mogerike.+ 11 Molimo ha a leeme.+
12 Batho bohle ba etsang sebe hobane ba sa tsebe molao ba tla ’ne ba shoe le hoja ba sa ka ba o tseba.+ Ba etsang sebe ba ntse ba tseba molao ba tla ahloloa ka oona.+ 13 Batho ba utloang molao ha se bona bao Molimo a ba nkang ba lokile empa ba phethang molao ke bona ba tla nkoa ba lokile.+ 14 Batho ba lichaba ha ba tsebe Molao oa Molimo+ empa ba etsa lintho tse hlahang Molaong. Le hoja ba sa tsebe Molao oa Molimo, ba na le molao ka lipelong tsa bona. 15 Baa bontša hore litaba tsa molao li ngotsoe ka lipelong tsa bona, le matsoalo a bona aa ba pakela. Ha ba ntse ba nahana, ba khona ho iqosa kapa ho ikemela. 16 Lintho tsena li tla etsahala ha Molimo a ahlola batho a sebelisa Kreste Jesu.+ Lintho tsena tseo ke li buang ke karolo ea litaba tse monate tseo ke li phatlalatsang.
17 Ba bang ba lona le ipitsa Bajuda+ ’me le tšepile molao ebile le ikotla sefuba ka hore le batho ba Molimo. 18 Le tseba thato ea hae ebile le khona ho elelloa lintho tse lokileng hobane le rutiloe Molao.+ 19 Le bua le kholisehile hore le ka khona ho tataisa batho ba foufetseng le be le fe batho ba lefifing leseli. 20 Le nahana hore le ka khalemela batho ba se nang kelello ’me la ruta bana hobane le utloisisa lithuto tsa motheo tsa Molimo le ’nete e tsoang Molaong. 21 Uena ea rutang ba bang, ke hobane’ng ha u sa etse lintho tseo u li rutang?+ U ruta batho ba bang hore ba se ke ba utsoa,+ joale ke hobane’ng ha u utsoa? 22 U ruta batho hore ba se ke ba feba,+ joale u febela’ng? U re u nyonya litšoantšo tse rapeloang, joale ke hobane’ng ha u utsoa thepa ea litempele? 23 U ikotla sefuba ka hore u tseba molao, joale ke hobane’ng ha u tella Molimo ka ho tlola Molao? 24 “Lebitso la Molimo le ntse le rohakoa har’a lichaba ka lebaka la lona” feela joalokaha Mangolo a boletse.+
25 Lebollo+ le molemo haeba feela u mamela molao+ empa haeba u tlola molao, ho tšoana le ha u sa bolla. 26 Haeba motho ea sa bollang+ a etsa lintho tseo Molao o reng li lokile, Molimo o tla mo nka a bolotse.+ 27 Ha molichaba ea sa bollang a mamela Molao, oa bontša hore uena ea tlolang Molao, u molato le hoja u tseba Molao ebile u bolotse. 28 Ho ba Mojuda oa ’nete ha hoa itšetleha ka tsela eo motho a shebahalang ka eona,+ le lebollo ha le amane le ntho e etsoang ’meleng feela.+ 29 Mojuda oa ’nete ke eo e leng eena ka pelong,+ o bololitsoe pelong+ ka moea o halalelang eseng ka Molao.+ Motho eo o rorisoa ke Molimo eseng batho.+
3 Molemo oa ho ba Mojuda ke ofe kapa molemo oa lebollo ke ofe? 2 Ho na le melemo e mengata. Oa pele ke hore ba ile ba fuoa melaetsa e halalelang ea Molimo.+ 3 Joale ho thoe’ng haeba ba bang ba bona ba sa ka ba tšepahala? Na hore ebe ba hlokile tumelo ho bontša hore Molimo ha a tšepahale? 4 Ho hang! Le haeba batho bohle ba ka fumanoa ba buile leshano+ empa Molimo eena o bua ’nete ka linako tsohle.+ Feela joalokaha ho ngoliloe ha thoe: “E le hore u ka pakoa hore u nepile ha u bua le hore u ka hlola ha u ntse u ahloloa.”+ 5 Leha ho le joalo, re tla re’ng hobane ha re etsa lintho tse mpe batho baa bona hore Molimo o lokile? Na Molimo ha a na toka ha a re halefela? (Ke bua joaloka motho feela.) 6 O na le eona. Haeba ha a na toka, o tla ahlola lefatše joang?+
7 Empa haeba leshano la ka le etsa hore ’nete ea Molimo e hlake le ho feta le hore a rorisoe le ho feta, joale ke hobane’ng ha ke ntse ke ahloloa joaloka moetsalibe? 8 Ke hobane’ng ha re sa re, “A re etseng lintho tse mpe e le hore lintho tse molemo li ka tla” joalokaha batho ba bang ba re etselletsa ka hore re cho joalo? Batho bao ba tla ahloloa ka toka.+
9 Joale na rona Bajuda re phahametse ba bang? Le hanyenyane! Etsoe re hlakisitse ka holimo hore Bajuda hammoho le Bagerike kaofela ke baetsalibe.+ 10 Feela joalokaha ho ngoliloe: “Ha ho motho le ea mong ea lokileng,+ 11 ha ho ea nang le temohisiso, ha ho ea batlang Molimo. 12 Batho bohle ba khelohile, kaofela ha bona ha ba sa na thuso, ha ho le ea mong oa bona ea mosa.”+ 13 “’Metso ea bona ke lebitla le ahlameng, ba qhekella batho ka maleme a bona.”+ “Lintho tseo ba li buang li kotsi joaloka chefo ea linoha tse nyenyane.”+ 14 “Melomong ea bona ho tsoa litlhapa le mantsoe a hlabang.”+ 15 “Ba potlakela ho tšolla mali.”+ 16 “Baa senyetsana, ba bakelana masisa-pelo 17 ’me ha ba tsebe tsela ea ho ba le khotso le batho ba bang.”*+ 18 “Ha ba tšabe Molimo.”+
19 Rea tseba hore lintho tsohle tse Molaong li sebetsa ho batho ba tlas’a Molao e le hore batho ba khaotse ho ikemela le hore ho bonahale hore lefatše lohle le molato ka pel’a Molimo ebile le tšoanela ho fuoa kotlo.+ 20 Ka hona, ha ho motho eo ho ka thoeng o lokile hobane feela a mamela Molao+ kaha Molao o re thusa ho utloisisa hantle hore na sebe ke’ng.+
21 Empa joale ho hlakile hore batho e ntse e ka ba ba lokileng ka pel’a Molimo+ ntle le hore ba mamele Molao. Taba ena e pakiloe ke Molao le Baprofeta.+ 22 Molimo o nka batho bohle ba bontšang hore ba lumela ho Jesu Kreste ba lokile hobane batho bohle baa tšoana ho Molimo.+ 23 Bohle ba entse sebe ’me ba hloleha ho bonahatsa khanya ea Molimo.+ 24 Molimo o bile mosa* ’me a ba nka ba lokile+ hobane ba ile ba lopolloa libeng tsa bona ka Kreste Jesu.+ O entse ntho eo e le mpho.+ 25 Molimo o ile a fana ka Jesu e le nyehelo+ e le hore re ka khutlela ho eena ka hore re bontše tumelo maling a Jesu.+ O entse joalo e le hore a bonahatse ho loka ha hae hobane a ne a bontša hore o na le mamello ka ho tšoarela libe tse entsoeng nakong e fetileng. 26 Hape hona joale oa re mamella ka hore a nke motho ea nang le tumelo ho Jesu a lokile.+
27 Na re na le lebaka la ho ithorisa? Che! Na re lokela ho ithorisa ka hore e be re mamela Molao?+ Che, empa re lokela ho ithorisa ka tumelo. 28 Motho o nkoa a lokile hobane a e-na le tumelo eseng hobane a phetha Molao.+ 29 Na Molimo ke oa Bajuda feela?+ Na ha se le oa batho ba lichaba?+ E, hape ke oa batho ba lichaba.+ 30 Kaha Molimo o mong,+ o tla nka batho ba bolotseng le ba sa bollang ba lokile+ haeba ba bontša hore ba na le tumelo. 31 Na re felisa Molao ka tumelo ea rona? Ho hang! Empa rea o tiisa.+
4 Ha ho le joalo, re tla re’ng ka Abrahama moholo-holo oa rona? 2 Ka mohlala, haeba ho ne ho ka thoe Abrahama o ne a lokile ka lebaka la mesebetsi ea hae, o ne a tla ba le lebaka la ho ithorisa empa eseng ka pel’a Molimo. 3 Etsoe lengolo le re: “Abrahama o ile a bontša tumelo ho Jehova* ’me a nkoa e le motho ea lokileng.”+ 4 Ha motho a sebetsa ha a fuoe moputso hobane a bontšoa mosa* empa o o fuoa hobane a tlamehile ho o fumana.* 5 Ka lehlakoreng le leng, motho ea sa sebetseng empa a lumela ho Molimo ea bolelang hore motho ea sa lokang o lokile, o tla nkoa a lokile ka lebaka la tumelo ea hae.+ 6 Davida le eena o ile a bua ka thabo ea motho eo Molimo a mo nkang a lokile empa e se ka lebaka la mesebetsi ea hae. O ile a re: 7 “Ho thaba bao liketso tsa bona tse sa eeng ka molao li tšoaretsoeng le bao libe tsa bona li koahetsoeng.* 8 Ho thaba motho eo Jehova* a ke keng a hopola sebe sa hae ho hang.”+
9 Na thabo ee e fumanoa ke batho ba bolotseng feela kapa le batho ba sa bollang baa e fumana?+ Re qeta ho re: “Abrahama o ile a nkoa e le motho ea lokileng ka lebaka la tumelo ea hae.”+ 10 O ile a nkoa a lokile neng? Na ke ha a ne a bolotse kapa ha a sa bolla? O ne a e-s’o ka a bolla. 11 Molimo o ile a mo laela hore a bolle e le letšoao.+ Lebollo leo e ne e le sesupo* sa hore o ne a lokile ka lebaka la tumelo eo a neng a e-na le eona pele a bolla. Ka lebaka leo, Abrahama e ile ea e-ba ntate oa bohle ba nang le tumelo+ le hoja ba sa bolla ’me Molimo le eena o ba nka ba lokile. 12 Hape e ile ea e-ba ntate oa ba bolotseng eseng ba bolotseng feela empa le ba latelang mohlala oa tumelo eo ntate oa rona Abrahama+ a e bontšitseng pele a bolla.
13 Tšepiso ea hore Abrahama e tla ba mojalefa oa lefatše+ ha ea ka ea etsetsoa eena kapa litloholo tsa hae ka lebaka la ho mamela molao empa e ne e le hobane a e-na le tumelo ’me Molimo a mo nka a lokile.+ 14 Haeba tšepiso eo e ne e fumanoa ke batho ba mamelang molao, ho bolela hore tumelo ha e na thuso le hore tšepiso eo e etselitsoeng Abrahama ha e na thuso. 15 Ha e le hantle, haeba motho a tlola Molao o tla fumana kotlo+ empa ha ho na motho ea ka tlolang molao haeba o le sieo.+
16 Ka lebaka la mosa oa Molimo,+ re khona ho bona ha litšepiso li phethahala hobane re bontša tumelo. Bana ba Abrahama ba ka khona ho bona ha tšepiso e phethahala+ eseng feela ba mamelang Molao empa le ba nang le tumelo e kang ea Abrahama eo e leng ntate oa rona bohle.+ 17 (Taba ena e joalokaha e boletsoe ka Mangolong ha a re: “Ke tla u etsa ntate oa lichaba tse ngata.”)+ Abrahama o ile a bontša tumelo ho Molimo ea tsosang bafu le ea buang ka lintho tse e-s’o be teng joalokaha eka li se li le teng.* 18 Abrahama o ne a e-na le tšepo le tumelo ea hore e tla ba ntate oa lichaba tse ngata le hoja ho ne ho bonahala eka ha se ntho e ka etsahalang. O ile a lumela hobane ho ile ha thoe: “Bana* ba hao ba tla ba bangata joaloka tsona.”+ 19 Le hoja tumelo ea hae e ne e ntse e le matla, o ne a nahana hore a ke ke a khona ho ba le bana (hobane o ne a se a le lilemo tse ka bang 100).+ Hape o ne a tseba hore Sara le eena o se a tsofetse haholo hore a ka ba le bana.+ 20 Empa kaha Molimo o ne a mo tšepisitse, ha aa ka a belaela kapa a hloka tumelo. Ho e-na le hoo, tumelo ea hae e ile ea e-ba matla le ho feta ’me a rorisa Molimo. 21 O ne a kholisehile ka ho feletseng hore Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae.+ 22 Kahoo, “o ile a nkoa e le motho ea lokileng.”+
23 Leha ho le joalo, mantsoe a reng “o ile a nkoa” a ne a sa ngolloa eena feela+ 24 empa a ne a ngoletsoe le rona. Le rona re tla nkoa re lokile hobane re lumela ho Molimo ea tsositseng Jesu Morena oa rona bafung.+ 25 Ho ile ha fanoa ka eena e le hore a shoele libe tsa rona+ ’me o ile a tsosoa e le hore re ka nkoa re lokile.+
5 Ka hona, kaha joale re nkoa re lokile ka lebaka la tumelo,+ a re thabeleng khotso* eo re nang le eona le Molimo ka Morena oa rona Jesu Kreste.+ 2 Tumelo eo re nang le eona ho Jesu e re fa monyetla oa ho atamela ho Molimo le ho thabela mosa* oa hae.+ A re thabeng* hobane re na le tšepo ea hore re tla tlotlisoa ke Molimo.* 3 Hape a re thabeng* leha re e-na le mathata+ kaha rea tseba hore mathata a etsa hore re be le mamello,+ 4 mamello eona e etsa hore Molimo a re amohele+ ’me ha Molimo a re amohela re ba le tšepo.+ 5 Tšepo ha e soetse+ hobane Molimo o sebelisa moea o halalelang oo a re fileng oona ho bontša hore oa re rata.+
6 Etsoe Kreste o ile a shoela batho ba sa lokang ka nako e behiloeng. O ile a re shoela ha re ntse re le baetsalibe.*+ 7 Ho thata hore mang kapa mang a shoele motho ea lokileng empa mohlomong motho a ka batla ho shoela motho ea molemo. 8 Empa Molimo o bontšitse hore oa re rata ka hore ebe Kreste o ile a re shoela re ntse re le baetsalibe.+ 9 Kaha joale re nkoa re lokile ka lebaka la mali a Jesu,+ re ka kholiseha le ho feta hore re tla pholosoa khalefong ea Molimo.+ 10 Le hoja re ne re le lira tsa Molimo, re ile ra ba metsoalle ea hae* ka lebaka la lefu la mora oa hae.+ Kaha joale re se re le metsoalle ea* Molimo, re ka kholiseha le ho feta hore re tla pholosoa ka bophelo ba Jesu. 11 Rea thaba ka lebaka la ntho eo Molimo a re etselitseng eona ka Morena oa rona Jesu Kreste hobane re se re le metsoalle ea Molimo ka lebaka la hae.+
12 Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong ’me sa tlisa lefu.+ Kahoo, lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.+ 13 Sebe se bile teng lefatšeng pele ho Molao. Leha ho le joalo, ha ho na motho ea ka qosoang ka hore o entse sebe ha ho se na molao.+ 14 Lefu le ile la busa e le morena ho tloha mehleng ea Adama ho ea mehleng ea Moshe, la busa batho bohle le hoja ba ne ba sa etsa sebe joaloka Adama. Adama o ne a tšoana le ea neng a tla tla.+
15 Mpho ea Molimo ha e tšoane le sebe sa Adama. Batho ba bangata ba ile ba shoa ka lebaka la sebe sa motho a le mong. Empa mosa oa Molimo le mpho eo Molimo a fanang ka eona ka lebaka la mosa oa motho a le mong+ e leng Jesu Kreste li kholo haholo. Molimo o tla sebelisa mpho ena ho tlisetsa batho ba bangata litlhohonolofatso tse ngata.+ 16 Hape mpho ea Molimo le sebe sa motho a le mong li fapana ka tsela ena:+ Sebe sa motho a le mong se entse hore batho bohle ba nkoe ba le molato+ empa mpho eo Molimo a faneng ka eona ka mor’a hore ho etsoe libe tse ngata e entse hore batho ba bangata ba nkoe ba lokile.+ 17 Lefu le ile la busa e le morena ka lebaka la motho a le mong.+ Empa re ka kholiseha le ho feta hore batho bao Molimo a tla ba bontša mosa le ho ba fa mpho ea ho loka+ ba tla busa e le marena+ ka lebaka la motho a le mong e leng Jesu Kreste.+
18 Joalokaha batho bohle ba ile ba nkoa ba le molato ka lebaka la sebe se le seng,+ ka tsela e tšoanang ka lebaka la ketso e le ’ngoe e lokileng, batho bohle+ ba nkoa ba lokile ’me ba fumana bophelo.+ 19 Joalokaha ho se mamele ha motho a le mong ho ile ha etsa hore ba bangata e be baetsalibe,+ ka ho tšoanang ho mamela ha motho a le mong ho tla etsa hore ba bangata e be ba lokileng.+ 20 Molao o bile teng ho bontša hore na batho ke baetsalibe hakae.+ Empa ha ho ntse ho hlaka hore na sebe se sengata hakae, mosa oa Molimo oa ’na oa eketseha le ho feta. 21 Joalokaha sebe se ile sa busa e le morena ’me sa tlisa lefu,+ ka ho tšoanang le mosa oa Molimo o busa e le morena ka ho loka, ka tebello ea hore bophelo bo sa feleng bo tla ba teng ka Jesu Kreste Morena oa rona.+
6 Na joale taba ee e bolela hore re tlameha ho tsoela pele re etsa sebe e le hore Molimo a ’ne a be mosa* haholo ho rona? 2 Ho hang! Kaha ha re sa laoloa ke sebe,*+ ke hobane’ng ha re ka tsoela pele ho se etsa?+ 3 Kapa na ha le tsebe hore kaofela ha rona ba ileng ba kolobeletsoa ho Kreste Jesu,+ re ile ra kolobeletsoa lefung la hae?+ 4 Ha re ne re kolobeletsoa lefung la hae, re ile ra patoa le eena.+ Feela joalokaha Kreste a ile a tsosoa bafung ka matla* a Ntate le rona re se re phela bophelo bo bocha.+ 5 Etsoe haeba re kopantsoe le eena ka hore re shoe joaloka eena,+ re tla boela re kopanngoe le eena ka hore re tsosoe joaloka eena.+ 6 Rea tseba hore botho ba rona ba khale bo ile ba khokhothelloa palong le eena+ e le hore ’mele ea rona e se ke ea hlola e laoloa ke litakatso tse fosahetseng+ le hore re se ke ra hlola re e-ba makhoba a sebe.+ 7 Etsoe motho ea shoeleng o tšoaretsoe sebe* sa hae.
8 Ho feta moo, haeba re shoele le Kreste, re lumela hore re tla boela re phele le eena. 9 Rea tseba hore Kreste ha a sa tla hlola a shoa+ kaha o tsositsoe bafung,+ lefu ha le sa na matla ho eena. 10 O ile a shoa hanngoe ebile e le la ho qetela e le hore a felise sebe.+ Hona joale o phelela ho etsa thato ea Molimo. 11 Ka tsela e tšoanang, le lona le inke le shoele ha ho tluoa tabeng ea ho etsa sebe empa le inke le phelela ho etsa thato ea Molimo le le balateli ba Kreste Jesu.+
12 Le se ke la lumella sebe hore se le buse. Le se ke la inehella litakatso tsa ’mele ea lona e shoang.+ 13 Le se ke la fana ka ’mele ea lona sebeng e le hore le etse lintho tse mpe* ka eona empa le inehele ho Molimo le le batho ba tsohileng bafung. Hape le fe Molimo ’mele ea lona e le hore le etse lintho tse lokileng* ka eona.+ 14 Le se ke la lumella sebe hore se le laole kaha ha le tlas’a molao+ empa Molimo o bile mosa haholo ho lona.+
15 Na taba ee e bolela hore re lokela ho etsa sebe hobane Molimo a bile mosa ho rona ebile re se re se tlas’a molao?+ Ha ho joalo. 16 Na ha le tsebe hore ha le mamela motho le iketsa makhoba a hae? Kahoo, haeba le le makhoba a sebe+ le tla shoa.+ Empa haeba le le makhoba a Molimo ’me le mo mamela,+ le tla ba batho ba lokileng. 17 Le hoja pele le ne le le makhoba a sebe, re leboha Molimo hore ebe hona joale le mamela thuto eo le e fumaneng ka lipelo tsohle. 18 Kaha le ile la lokolloa sebeng,+ le ile la ba makhoba a ho loka.+ 19 Ke bua mantsoe ao batho ba ka a utloisisang hobane ha lea phethahala. Le ne le tloaetse ho lumella litakatso tsa lona hore li le etse makhoba a lintho tse sa hloekang le tse mpe. Hona joale le faneng ka ’mele ea lona hore e be makhoba a lintho tse lokileng le tse halalelang.+ 20 Etsoe ha le ne le le makhoba a sebe, le ne le sa hloke ho etsa lintho tse nepahetseng.
21 Ka nako eo, litholoana tsa mesebetsi ea lona e ne e le life? E ne e le lintho tseo hona joale le seng le li soabela. Qetello ea lintho tseo ke lefu.+ 22 Empa kaha le ile la lokolloa sebeng ’me la fetoha makhoba a Molimo, le etse lintho tse halalelang+ ’me le tla fumana bophelo bo sa feleng.+ 23 Etsoe moputso oo sebe se o lefang ke lefu+ empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng+ ka Kreste Jesu Morena oa rona.+
7 Na ha le tsebe, bana beso, hore Molao o laola motho hafeela a ntse a phela? (Ke bua le lona ba tsebang molao.) 2 Ka mohlala, mosali ea nyetsoeng o tlameletsoe ke molao ho monna oa hae ha a sa ntse a phela empa haeba monna oa hae a shoa, o lokolohile molaong oa monna oa hae.+ 3 Haeba a nyaloa ke monna e mong empa monna oa hae a ntse a phela, o tla be a feba.+ Empa haeba monna oa hae a shoa, o lokolohile molaong oa hae, e leng hore o tla be a sa febe haeba a nyaloa ke monna e mong.+
4 Ka tsela e tšoanang bana beso, le lokolotsoe Molaong ka ’mele oa Kreste ea ileng a tsosoa bafung+ e le hore le ka ba ba hae.+ Hona joale re se re ka khona ho sebeletsa Molimo.*+ 5 Ha re ne re phela ho ea ka litakatso tsa boetsalibe, Molao o ile oa re bontša hore litakatso tsa rona tse fosahetseng ke tsona tse neng li etsa hore re etse sebe ka ’mele ea rona. Kahoo, sebe seo se etsa hore re shoe.+ 6 Joale re se re lokolotsoe Molaong+ hobane ha o sa na matla ho rona ’me re bahlanka ba Molimo ba laoloang ke moea o halalelang+ eseng molao o ngotsoeng.+
7 Na joale re re Molao ke sebe? Ho hang! Nka be ke sa tsebe hore na hantle sebe ke’ng hoja ha se ka Molao.+ Ka mohlala, nka be ke sa tsebe hore ke phoso ho lakatsa lintho tsa motho e mong hoja Molao ha oa ka oa re: “U se ke oa lakatsa lintho tsa motho e mong.”+ 8 Empa sebe se ile sa nka monyetla ka molao ona ’me sa hlahisa ka hare ho ’na litakatso tsohle tsa boithati. Sebe se ne se se na matla ha molao o le sieo.+ 9 Ha e le hantle, ke ne ke phela pele molao o fihla. Eitse ha molao o fihla, sebe se ile sa boela sa phela empa ’na ka shoa.+ 10 Ke ile ka hlokomela hore molao o neng o lokela ho ntlisetsa bophelo,+ o ntliselitse lefu. 11 Sebe se ile sa nka monyetla ka molao ona ’me sa nthetsa le ho mpolaea. 12 Ho ntse ho le joalo, Molao oa halalela le lintho tseo o li buang lia halalela, li lokile ebile li molemo.+
13 Na taba ee e bolela hore lefu la ka le bakiloe ke ntho e molemo? Ha ho joalo! Ke sebe se mpolaileng. Molao o lokile empa o ile oa hlakisa hore sebe ke sona se mpolaeang.+ Kahoo, molao o bontšitse hore na sebe ke ntho e mpe hakae.+ 14 Rea tseba hore Molao o tsoa ho Molimo* empa ’na ke motho ea sa phethahalang,* ea rekisitsoeng hore e be lekhoba la sebe.+ 15 Ha ke utloisise hore na hobane’ng ha ke etsa lintho tseo ke li etsang. Ho e-na le hore ke etse lintho tseo ke batlang ho li etsa, ke etsa tseo ke li hloileng. 16 Kea lumela hore Molao o lokile empa ke ntse ke etsa lintho tseo ke sa batleng ho li etsa. 17 Kahoo, ha se ’na ea etsang lintho tsena tse mpe empa ke sebe se ho ’na.+ 18 Kea tseba hore ha ho letho le lokileng ho ’na, ke hore ’meleng oa ka. Ke lakatsa ho etsa lintho tse nepahetseng empa ha ke khone.+ 19 Ho e-na le hore ke etse lintho tse ntle tseo ke batlang ho li etsa, ke etsa lintho tse mpe tseo ke sa batleng ho li etsa. 20 Kahoo, haeba ke etsa lintho tseo ke sa batleng ho li etsa, ha se ’na ea li etsang empa ke sebe se ho ’na se li etsang.
21 Ke fumana hore taba ena ke ’nete boemong ba ka: Ha ke batla ho etsa lintho tse nepahetseng, tse mpe li teng ho ’na.+ 22 Ke rata molao oa Molimo ho tloha botebong ba pelo ea ka.+ 23 Empa ’meleng oa ka ke bona molao o mong o loantšang molao oa kelello+ ea ka ebile o nketsa motšoaruoa oa molao oa sebe+ o ’meleng oa ka. 24 Kannete ke otla pelo! Ke mang ea tla mpholosa ’meleng oo o nkisang lefung? 25 Ke leboha Molimo hobane o mpholosa ka Jesu Kreste Morena oa rona. Kahoo, ke lekhoba la molao oa Molimo ka kelello ea ka empa ke lekhoba la molao oa sebe ka ’mele oa ka.+
8 Ba bonngoeng le Kreste Jesu ha ba nkoe ba le molato. 2 Molao oa moea o halalelang o fanang ka bophelo o le lokolotse e le hore le ka ba bonngoeng le Kreste Jesu. Molao oo o le lokolotse+ molaong oa sebe le oa lefu. 3 Molao oa Moshe o ne o se na matla a ho le lokolla+ hobane batho ke baetsalibe ebile baa fokola.+ Kahoo, Molimo o ile a re lokolla ka hore a romele mora oa hae+ ka sebopeho sa batho ba baetsalibe e le hore a felise sebe.+ Ka ho etsa joalo, o ile a ahlola sebe se ho rona 4 e le hore re ka etsa lintho tse lokileng tseo Molao o reng re li etse,+ ka hore re se ke ra lumella litakatso tsa rona ho re laola empa re lumelle moea oa Molimo ho re laola.+ 5 Batho ba laoloang ke litakatso tsa bona ba nahana ka litakatso tse fosahetseng+ empa batho ba laoloang ke moea oa Molimo ba nahana ka lintho tse amanang le moea oa Molimo.+ 6 Batho ba lulang ba amehile ka litakatso tse fosahetseng ba tla shoa+ empa ba lulang ba amehile ka lintho tse amanang le moea oa Molimo ba tla fumana bophelo le khotso.+ 7 Haeba re lula re amehile ka litakatso tse fosahetseng, re iketsa lira tsa Molimo.+ ’Mele e laoloang ke litakatso tse fosahetseng ha e ikobele molao oa Molimo ebile e ke ke ea khona. 8 Kahoo, batho ba inehellang litakatso tse fosahetseng ba ke ke ba khahlisa Molimo.
9 Empa lona bana beso, ha le laoloe ke litakatso tse fosahetseng.+ Haeba kannete moea oa Molimo o ho lona, le laoloa ke oona. Haeba motho a se na moea oa Kreste, motho eo ha se oa Kreste. 10 Haeba Kreste a le bonngoeng le lona,+ ’mele o shoele ka lebaka la sebe empa moea o etsa hore le phele hobane le lokile. 11 Moea oa Molimo o tsositse Jesu bafung. Haeba le e-na le moea oo, Molimo ea tsositseng Jesu bafung+ o tla phelisa ’mele ea lona e shoang+ ka moea oa hae o ho lona.
12 Kahoo bana beso, ha rea lokela ho laoloa ke litakatso tse fosahetseng.+ 13 Haeba le itumella ho laoloa ke litakatso tse fosahetseng, kannete le tla shoa.+ Empa haeba le lumella moea ho le thusa hore le bolaee litakatso tse fosahetseng le tla phela.+ 14 Bohle ba tataisoang ke moea oa Molimo ke bara ba Molimo.+ 15 Ha lea fuoa moea o etsang hore le be makhoba le o etsang hore le lule le tšohile. Empa le fuoe moea o etsang hore Molimo a re nkele ka lapeng. Moea oo o etsa hore re hoeletse re re: “Abba,* Ntate!”+ 16 Moea oa Molimo oa re kholisa*+ hore re bana ba Molimo.+ 17 Haeba re bana ba Molimo, re boetse re majalefa a hae ebile re majalefa-’moho+ le Kreste hafeela re utloa bohloko hammoho+ e le hore re ka boela ra tlotlisoa hammoho.+
18 Ke nka lintho tsohle tse bohloko tse re hlahelang hona joale e se letho ha li bapisoa le nako eo ka eona Molimo a tla bonahatsa moputso o moholo oo re tla o fumana.+ 19 Popo ea Molimo e letetse ka tjantjello ho senoloa ha bara ba Molimo.+ 20 Molimo o ile a tlohela popo ea hae hore e ahloleloe+ bophelo bo se nang bokamoso le hoja e ne e sa batle. Leha ho le joalo, ha Molimo a phatlalatsa kahlolo eo, o ne a fana ka tšepo 21 ea hore popo ea hae e tla lokolloa+ bokhobeng ba tšenyeho ’me e fumane tokoloho joaloka bana ba Molimo. 22 Rea tseba hore popo eohle e ntse e bobola le ho utloa bohloko hammoho ho fihlela joale. 23 Ha se popo ea Molimo feela, le rona ba fumaneng karolo ea pele ea moputso e leng moea o halalelang, rea bobola+ ha re ntse re letetse ka tjantjello ho nkeloa ka lapeng re le bara.+ Ka nako eo, re tla lopolloa ’meleng ea rona e nang le sebe ka Kreste Jesu.* 24 Ha re pholosoa re ile ra ba le tšepo empa ha motho a lebella ntho eo a seng a e fumane, hoo ha e sa le tšepo. Na ha motho a se a fumane ntho ho sa hlokahala hore a be le tšepo ea hore ea tla? 25 Empa haeba re e-ba le tšepo+ ea hore ntho eo re e-s’o e fumane+ e tla fihla, re tsoela pele ho e letela ka mamello.+
26 Hape moea o halalelang o ka re thusa ha re se na matla.+ Bothata ke hore re hloka ho rapela empa ha re tsebe hore na re re’ng. Ha re lla empa re sa tsebe hore na re re’ng, moea o halalelang oa re buella. 27 Molimo o hlahloba lipelo+ ’me o utloisisa seo moea o se buang hobane moea o rapella bahalaleli tumellanong le thato ea Molimo.
28 Rea tseba hore Molimo o etsa hore mesebetsi eohle ea hae e hlophisehe molemong oa ba mo ratang, ba khethiloeng ho ea ka thato ea hae.+ 29 O ile a ba khetha ho tloha qalong ’me a etsa qeto esale pele ea hore ba tla tšoana le Mora oa hae+ e le hore mora e ka ba letsibolo+ har’a bana babo ba bangata.+ 30 O ile a bitsa bao a ba khethileng esale pele,+ a ba nka ba lokile+ ’me a ba tlotlisa.+
31 Re tla re’ng ka litaba tsee? Ha Molimo a eme le rona, ke mang ea ka re loantšang?+ 32 Ha aa ka a tsila-tsila ho tela esita le Mora oa hae empa o ile a fana ka eena+ hore a re shoele kaofela. Kahoo, na a ke ke a ba mosa ’me a re fa le lintho tse ling tsohle? 33 Ke mang ea tla qosa ba khethiloeng ke Molimo?+ Molimo ke eena ea reng ba lokile.+ 34 Ke mang ea ka ba ahlolang? Kreste Jesu ke eena ea ba shoetseng ’me a tsosoa bafung. Hona joale o ka letsohong le letona la Molimo,+ o ntse a re rapella.+
35 Ke eng e ka sitisang Kreste hore a re rate?+ Na ke mathata, mahlomola, mahloriso, tlala, tlhobolo, kotsi kapa sabole?+ 36 Mangolo a re: “Re bolaoa kamehla ka lebaka la hao. Re nkoa joaloka linku tse lokelang ho hlajoa.”+ 37 Empa linthong tsena tsohle re hlaha re hlotse+ ka lebaka la ea ileng a re rata. 38 Ke kholisehile hore lefu, bophelo, mangeloi, mebuso, lintho tse teng hona joale, lintho tse tlang, matla,+ 39 bophahamo, botebo kapa lintho tse ling tsohle tse bopiloeng li ke ke tsa re arohanya le lerato leo Molimo a re bontšitseng lona ka Kreste Jesu Morena oa rona.
9 Kaha ke molateli oa Kreste, ke bua ’nete ha ke bue leshano. Le letsoalo la ka le tataisoang ke moea o halalelang lea mpakela 2 hore ke lula ke utloile bohloko pelong ea ka ebile ke saretsoe haholo. 3 Ke lakatsa eka e ka be e le ’na ea arotsoeng le Kreste, e le ’na ea tl’o felisoa sebakeng sa bana beso, batho ba morabe oa heso 4 e leng Baiseraele. Molimo o ba khethile hore e be bara ba hae,+ a ba phahamisa, a etsa lilekane le bona,+ a ba fa Molao,+ litšepiso+ le tlotla ea hore ba mo sebeletse.+ 5 Ke litloholo tsa baholo-holo ba rona+ bao Kreste le eena e ileng ea e-ba setloholo sa bona ha e le motho.+ Molimo ea busang tsohle a ke a rorisoe ka ho sa feleng. Amen.
6 Leha ho le joalo, tšepiso ea Molimo ha ea hloleha ho phethahala. Etsoe ha se Baiseraele bohle bao ehlileng e leng “Baiseraele.”+ 7 Hape ha se hore litloholo* tsohle tsa Abrahama ke bana ba hae.+ Molimo o ile a re ho Abrahama: “U tla ba le litloholo* ka Isaka.”+ 8 E leng hore bana ba tsoetsoeng ke Abrahama ha se bana ba Molimo.+ Bana ba tsoetsoeng ka lebaka la tšepiso+ ea Molimo ke bona ba nkoang e le bana ba Abrahama. 9 Molimo o ile a fana ka tšepiso ena: “Ke tla khutlela ho uena ka eona nako ena ’me Sara o tla be a e-na le mora.”+ 10 Molimo o ile a ’na a etsa tšepiso ha Rebeka a tla ima mafahla ao ntate oa ’ona e neng e le Isaka moholo-holo oa rona.+ 11 Le pele mafahla ao a hlaha ’me a etsa letho le letle kapa le lebe, Molimo o ile a bontša hore morero oa hae ha oa itšetleha ka mesebetsi empa o itšetlehile ka hore na o batla ho khetha mang. 12 Ho ile ha thoe ho eena: “E moholo e tla ba lekhoba la e monyenyane”+ 13 joalokaha Mangolo a re: “Ke ratile Jakobo empa ke hloile Esau.”+
14 Na re re Molimo ha a na toka? Ha ho joalo.+ 15 O re ho Moshe: “Ke tla bontša mohau ho eo ke tla mo bontša mohau, ke tla ba mosa ho eo ke batlang ho ba mosa ho eena.”+ 16 Kahoo, tsela eo Molimo a khethang ka eona ha ea itšetleha ka hore na motho o batla’ng kapa o sebetsa ka thata hakae empa e itšetlehile ka mohau oa Molimo.+ 17 Lengolo le re ho Faro: “Ke u bolokile u phela ka lebaka lena: Hore ke bontše matla a ka ka uena le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.”+ 18 Kahoo, Molimo o hauhela eo a batlang ho mo hauhela empa ea batlang ho ba manganga oa mo tlohela.+
19 Ba bang ba ka mpotsa ba re: “Ke hobane’ng ha a re tšoaea liphoso? Ke mang ea ka hanyetsang thato ea Molimo?” 20 Uena motho, u mang hore u arabise Molimo?+ Na ntho e bopiloeng e ka re ho ea e bopileng: “Ke hobane’ng ha u mpopile tjee?”+ 21 Na sebopi ha se na matla a ho bopa sejana se khethehileng* le se tloaelehileng* se sebelisa letsopa+ le le leng? 22 Molimo o ne a batla ho tsebahatsa matla a hae le ho bontša khalefo ea hae ho batho ba sa lokang. Empa o ile a khetha ho mamella batho bana ba neng ba tšoanela ho fuoa kotlo ebile ba tšoana le lijana tse lokelang ho senngoa. 23 O ile a etsa joalo e le hore a bontše boemo ba hae bo phahameng haholo ho batho bao a neng a tla ba hauhela+ le ba tla fumana moputso oo a ba lokiselitseng oona. 24 Ke rona bao a ba bitsitseng har’a Bajuda esita le har’a lichaba tse ling.+ 25 Ho joalokaha a ile a bolela bukeng ea Hosea a re: “Batho bao e seng sechaba+ sa ka ke tla ba bitsa sechaba sa ka ’me mosali ea neng a sa ratoe ke tla mo bitsa ea ratoang.+ 26 Sebakeng seo ho sona ho ileng ha thoe ho bona, ‘Ha le sechaba sa ka,’ ke hona moo ba tla bitsoa bara ba Molimo ea phelang.”+
27 Hape Esaia o re ka Baiseraele: “Le hoja palo ea Baiseraele e ka lekana le lehlabathe la leoatle, ke batho ba seng bakae feela ba tla pholosoa+ 28 hobane Jehova* o tla ahlola lefatše ’me a fane ka kahlolo a sa senye nako.”+ 29 Ho joalokaha Esaia a ile a bolela nakong e fetileng a re: “Hoja Jehova* oa mabotho a se ke a re siela bana, re ka be re bile feela joaloka Sodoma hape re ka be re tšoana le Gomora.”+
30 Re ka re’ng? Re ka re batho ba lichaba tse ling ba nkoa ba lokile ka lebaka la tumelo ea bona+ le hoja ba sa etse lintho tse lokileng.+ 31 Le hoja Baiseraele ba ne ba etsa lintho tse lokileng ho ea ka molao, ha baa ka ba latela molao oo ka botlalo. 32 Hobane’ng? Ba ne ba nahana hore ba tla nkoa ba lokile ka lebaka la mesebetsi ea bona eseng hobane ba e-na le tumelo. Ba ile ba khoptjoa ke “lejoe le khopang.”+ 33 Ho joalokaha ho ngoliloe ha thoe: “Bonang! Ke beha lejoe Sione,+ lejoe le khopang le lefika le khopisang empa ea lumelang ho lona a ke ke a phoqeha.”+
10 Bana beso, takatso ea pelo ea ka le thapelo e matla eo ke e etsang ho Molimo bakeng sa batho ba heso ke hore ba pholosoe.+ 2 Kea ba pakela hore ba chesehela Molimo+ empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng. 3 Kaha ha ba tsebe hore na Molimo o re ke eng e nepahetseng,+ ba etsa lintho tseo bona ba nahanang hore li nepahetse.+ Kahoo, ha ba mamele melao ea Molimo e bontšang hore na ke eng e nepahetseng.+ 4 Kreste o felisitse Molao+ e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo a ka nkoa a lokile.+
5 Moshe o ile a re motho ea etsang lintho tse nepahetseng ho ea ka Molao o tla phela.+ 6 Empa ha lentsoe la Molimo le bua ka motho ea lokileng hobane a bontša tumelo le re: “U se ke oa re ka pelong ea hao,+ ‘Ke mang ea tla nyolohela leholimong?’+ Ke hore ke mang ea tla nyolohela leholimong a theole Kreste? 7 Hape u se ke oa re: ‘Ke mang ea tla theohela botebong ba lefatše?’+ Ke hore a e’o tsosa Kreste bafung?” 8 Mangolo a re’ng? A re: “Lentsoe le haufi le lona, le melomong ea lona ’me le ka lipelong tsa lona.”+ Lentsoe leo ke molaetsa oo re o bolelang o hlokang hore batho ba be le tumelo. 9 Haeba u bolela phatlalatsa hore Jesu ke Morena+ ebile u lumela ka pelong ea hao hore Molimo o mo tsositse bafung, u tla pholoha. 10 Ha motho a bontša tumelo e tsoang pelong, e ba motho ea lokileng empa ha a bolella ba bang ka tumelo ea hae+ o tla pholoha.
11 Etsoe Mangolo a re: “Mang kapa mang ea lumelang ho eena a ke ke a phoqeha.”+ 12 Ha ho na phapang pakeng tsa Mojuda le Mogerike.+ Kaofela ha rona re na le Morena a le mong ea thusang bohle ba kopang thuso. 13 Etsoe “e mong le e mong ea tšepetseng* lebitsong la Jehova* o tla pholoha.”+ 14 Leha ho le joalo, ba tla mo tšepa joang empa ba sa lumele ho eena? Hape ba tla lumela ho eena joang empa ba e-s’o ka ba utloela ka eena? Hape ba tla tseba ka eena joang ho se ea ba bolellang? 15 Hape ba tla bolela joang empa ho se ea ba rommeng?+ Etsoe Mangolo a re: “A matle hakaakang maoto a ba bolelang litaba tse monate!”+
16 Leha ho le joalo, ha se bohle ba ileng ba mamela litaba tseo. Etsoe Esaia o re: “Jehova,* ke mang ea lumetseng ntho eo re e tlalehileng?”+ 17 Kahoo, motho o ba le tumelo ka mor’a hore a utloe lentsoe+ ’me lentsoe leo le utluoa ha motho e mong a bua ka Kreste. 18 Na Baiseraele ha baa ka ba utloa? E, ba ile ba utloa. Ebile Mangolo a re: “Batho lefatšeng lohle ba utloile molaetsa oo ’me oa fihla le likarolong tse hole tsa lefatše.”+ 19 Ke boetse kea botsa, na Baiseraele ba ne ba sa tsebe?+ Moshe o ile a qala ka ho re: “Ke tla etsa hore u halefele batho bao e seng sechaba sa ka, ke tla u khopisa ka sechaba se se nang kelello.”+ 20 Esaia eena o ile a bua ka sebete a re: “Ke ile ka fumanoa ke ba sa mpatleng+ ’me ka tsejoa ke ba neng ba sa batle ho ntseba.”+ 21 Empa ha a bua ka Baiseraele o re: “Ke otlolotse matsoho a ka letsatsi lohle bakeng sa sechaba sena se manganga le se sa mameleng.”+
11 Joale, na Molimo o ile a lahla batho ba hae?+ Ho hang! Etsoe le ’na ke Moiseraele oa leloko la Benjamine, ke setloholo sa Abrahama. 2 Molimo ha aa ka a lahla batho ba hae bao a ileng a ba khetha pele.+ Na ha le tsebe seo Mangolo a se buang ka Elia, ha a ne a tletleba ho Molimo ka lebaka la Baiseraele? O ile a re: 3 “Jehova,* ba bolaile baprofeta ba hao, ba sentse lialetare tsa hao ’me ke setse ke le mong, joale le ’na ba batla ho mpolaea.”+ 4 Molimo o ile a re’ng ha a mo araba? O ile a re: “Ho ntse ho e-na le banna ba 7 000 ba sa kang ba khumamela Baale.”+ 5 Ka tsela e tšoanang, le hona joale ho ntse ho e-na le sehlopha se senyenyane+ sa ba khethiloeng har’a Bajuda ka lebaka la mosa* oa Molimo. 6 E leng hore o ba khethile ka lebaka la mosa oa hae+ eseng hobane ho e-na le ntho eo ba e entseng.+ E ne e tla be e se e se mosa haeba a ne a ba khethile ka lebaka la lintho tseo ba li entseng.
7 Joale re re’ng? Ntho eo Baiseraele ba neng ba hlile ba e batla ha baa ka ba e fumana. Ba seng bakae ba khethiloeng ba ile ba e fumana.+ Ba bang bohle ha baa ka ba mamela.+ 8 Etsoe Mangolo a re: “Molimo o ba robalitse boroko bo tebileng+ e le hore mahlo a bona a se ke a bona le litsebe tsa bona li se ke tsa utloa ho tla fihlela letsatsing lena.”+ 9 Hape Davida o re: “E se eka tafole ea bona e ka ba leraba le sefi e le hore ba oe ’me ba fumane kotlo. 10 Mahlo a bona a fifale e le hore ba se ke ba bona ’me u etse hore bophelo ba bona bo be boima.”*+
11 Na Bajuda ba ile ba khoptjoa le ho oela hoo ba sa kang ba khona ho ema? Ha ho joalo. Empa kaha ba ile ba etsa sebe ’me batho ba lichaba tse ling ba bolokoa, ba ile ba ba mona.+ 12 Joale haeba ho tlola molao ha Bajuda ho tliselitse lefatše lohle tlhohonolofatso, le ho fokotseha ha bona ho tliselitse batho ba lichaba tse ling tlhohonolofatso,+ tlhohonolofatso e tla ba kholo hakae ha Bajuda le batho ba lichaba ba kopantsoe kaofela?
13 Ke bua le lona batho ba lichaba hobane ke moapostola ea ronngoeng ho lona+ ’me ke nka mosebetsi oo ke o etsetsang Molimo o le bohlokoa.+ 14 Ke tšepa hore ka tsela e itseng ke tla etsa hore batho ba heso ba be mona ’me ke pholose ba bang ba bona. 15 Haeba ho lahloa ha bona+ ho thusitse ba bang lefatšeng hore e be metsoalle ea Molimo, ho tla ba joang ha ba se ba amoheloa hape? E tla ba joalokaha eka ba tsosoa bafung. 16 Ho feta moo, haeba karolo ea hlama e nkoang e le litholoana tsa pele e halalela, hlama eohle ea halalela. Hape haeba motso oa sefate o halalela le makala a sona aa halalela.
17 Leha ho le joalo, a mang a makala a sefate a ile a khaoloa eaba uena u nyalisoa le sefate seo ’me u fumana molemo motsong oa sona le hoja u le lekala la sefate sa mohloaare sa naheng. 18 U se ke oa ikhohomosetsa makala a khaotsoeng. Haeba u ikhohomosetsa ’ona,+ u hopole hore ha u fepe motso empa motso ke oona o u fepang. 19 Empa u tla re: “Makala a mang a ile a khaoloa e le hore nka nyalisoa le sefate seo.”+ 20 Ke ’nete. A ile a khaoloa hobane a ne a se na tumelo+ empa kaha uena u na le tumelo, ha oa tlosoa.+ Kahoo, u se ke oa ikhohomosa empa u be hlokolosi. 21 Etsoe haeba Molimo ha aa ka a qenehela makala a sefate seo le uena a ke ke a u qenehela. 22 Oa bona hore Molimo o mosa+ empa hape o bohale. O ile a halefela ba ileng ba oa hobane ba ne ba se na tumelo+ empa o tla ba mosa ho uena haeba u tšoaneleha hore u ka fumana mosa oa hae. Ho seng joalo le uena o tla u khaola. 23 Le bona haeba ba bontša tumelo ho Molimo, o tla ba nyalisa le sefate+ hape hobane a ka khona. 24 U ile oa khaoloa sefateng sa mohloaare sa naheng ’me oa nyalisoa le sefate sa mohloaare se lenngoeng jareteng, e leng ntho e sa tloaelehang. Kahoo, ho tla ba bonolo le ho feta hore makala a sefate sa mohloaare se lenngoeng jareteng a neng a khaotsoe a khutlisetsoe ho sona.
25 Bana beso, ke batla hore le tsebe lekunutu lena le halalelang+ e le hore le se ke la nahana hore le bohlale: Karolo e itseng ea Iseraele e tla ba manganga ho fihlela palo ea balichaba e fella. 26 Mangolo aa bontša hore Iseraele+ e tla pholosoa ka tsela ena ha a re: “Ho tla hlaha mopholosi Sione+ ’me o tla thusa litloholo tsa Jakobo hore li tlohele ho etsa lintho tse mpe. 27 Sena ke selekane sa ka le tsona+ ha ke tlosa libe tsa tsona.”+ 28 Ke ’nete hore ba bang ba Bajuda ba hloile litaba tse monate empa ho le tsoela molemo. Leha ho le joalo, Molimo o ile a ba khetha ’me a ba rata ka lebaka la baholo-holo ba bona.+ 29 Molimo a ke ke a ikoahlaela hore ebe o fane ka limpho tseo a faneng ka tsona kapa a ikoahlaela ho bitsa bao a ba khethileng. 30 Pele le ne le sa mamele Molimo+ empa kajeno le hauhetsoe+ ka lebaka la ho se mamele ha Bajuda.+ 31 Kahoo, o bile mosa ho lona ka lebaka la ho se mamele ha Bajuda e leng hore o ntse a ka ba mosa le ho bona. 32 Etsoe Molimo o ba tlohetse e le batšoaruoa kaofela hobane ba sa mamele+ e le hore a ka ba mosa ho bona kaofela.+
33 Litlhohonolofatso tsa Molimo li ngata hakaakang! Bohlale ba hae le lintho tseo a li tsebang li ke ke tsa lekanngoa. Likahlolo tsa hae li ke ke tsa utloisisoa ka ho feletseng hape re ke ke ra tseba litsela tsa hae kaofela. 34 Etsoe “ke mang ea ka tsebang menahano ea Jehova* kapa ke mang ea ka mo eletsang?”+ 35 Kapa “ke mang ea kileng a fa Molimo ho hong e le hore Molimo a ka mo buseletsa?”+ 36 Lintho tsohle li tsoa ho eena, li teng ka lebaka la hae ebile ke tsa hae. O tšoaneloa ke thoriso ka ho sa feleng. Amen.
12 Ka hona bana beso, kaha Molimo o le qenehetse, ke kopa hore le mo fe ’mele ea lona+ le bophelo ba lona joalokaha eka ke sehlabelo se halalelang+ seo a tla se amohela le be le mo sebeletse ka kelello eohle.+ 2 Le khaotse ho etsisa batho ba lefatše lena.* Ho e-na le hoo, le lumelle Molimo hore a fetole tsela eo le nahanang ka eona+ e le hore le ka ikholisa hore thato ea Molimo+ e molemo, ea amoheleha hape e phethahetse.
3 Ka lebaka la mosa* oo Molimo a mpontšitseng oona, ke eletsa e mong le e mong oa lona hore a se ke a inka a le bohlokoa haholo.+ Empa e mong le e mong a inahane hantle ho ea ka tumelo eo Molimo a mo abetseng eona.+ 4 Etsoe ’meleng o le mong re na le litho tse ngata+ tse etsang mesebetsi e fapaneng. 5 Ka tsela e tšoanang le hoja re le bangata, re ’mele o le mong o momahaneng le Kreste. Re boetse re litho tsa ’mele o le mong ’me rea hlokana.+ 6 Kaofela ha rona re na le limpho tse fapaneng ho ea ka mosa oo Molimo a re bontšitseng oona.+ Kahoo, haeba re e-na le mpho ea ho profeta, a re profeteng ho ea ka tumelo eo re nang le eona. 7 Haeba re fuoe mosebetsi, re o etse ka boitelo bohle kapa haeba mpho ea rona e le ho ruta, re rute ka boitelo bohle.+ 8 Haeba mpho ea hao e le ho khothatsa* ba bang,+ ba khothatse.* Haeba mpho ea hao e le ho fana,+ u fane. Ea etellang* pele a etse joalo ka mafolofolo.+ Ea hauhelang a etse joalo ka pelo eohle.+
9 Le ratane ka tsela e se nang boikaketsi.+ Nyonyang se khopo+ le khomarele se molemo. 10 Ratanang ka matla joaloka bana ba motho. E-ba oa pele oa ho bontša hore u hlompha batho ba bang.+ 11 Le se ke la ba botsoa empa le sebetse ka thata.*+ Lumellang moea o halalelang+ hore o etse hore le be mafolofolo. Le sebeletse Jehova* ka pelo eohle.+ 12 Thabang ka lebaka la tšepo eo le nang le eona. Mamellang ha le e-na le mathata.+ Le se ke la khaotsa ho rapela.*+ 13 Arolelanang seo le nang le sona le balumeli-’moho le lona* ho ea ka hore na ba hloka’ng.+ Itloaetseng ho amohela baeti.+ 14 Kopelang ba le hlorisang tlhohonolofatso,+ le se ke la ba bua hampe.+ 15 Thabang le ba thabileng, llang le ba llang. 16 Le nahanele ba bang ka tsela e tšoanang le eo le inahanelang ka eona. Le se ke la ikhohomosa* empa le ikokobetse.*+ Le se ke la inka le le bohlale.+
17 Haeba batho ba bang ba le etsa hampe, le se ke la ba etsa hampe le lona.+ Etsang lintho tseo batho bohle ba nkang li lokile. 18 Le etse sohle seo le ka se khonang e le hore le be le khotso le batho bohle.+ 19 Baratuoa, le se ke la iphetetsa empa le lumelle Molimo hore a bontše khalefo ea hae.+ Mangolo a re: “Jehova* o re: ‘Phetetso ke ea ka, ke tla fana ka kotlo.’”+ 20 Empa “haeba motho ea u hloileng a lapile, u mo fe lijo. Haeba a nyoriloe, u mo fe se nooang. Etsoe u tla be u bokella mashala a mollo hloohong ea hae.”*+ 21 U se ke oa itlohela hore u hloloe ke bobe empa u ’ne u hlole bobe ka botle.+
13 Motho e mong le e mong a hlomphe balaoli ba phahameng+ kaha ba teng ka lebaka la Molimo.+ Balaoli ba leng teng ba behiloe maemong a bona a fapaneng ke Molimo.+ 2 Ka hona, ea hanyetsang bolaoli o hanyetsa seo Molimo a se thehileng ’me ba se hanyetsang ba tla ahloloa. 3 Balaoli ha ba tšajoe ke batho ba etsang lintho tse ntle empa ba tšajoa ke ba etsang lintho tse mpe.+ Ha u sa batle ho tšaba balaoli,+ u ’ne u etse lintho tse ntle ’me ba tla u rorisa. 4 Ba sebeletsa Molimo molemong oa hao. Empa u lokela ho tšoha haeba u etsa lintho tse fosahetseng hobane ba fuoe matla* le tokelo ea ho otla ba etsang lintho tse fosahetseng. Ke basebeletsi ba Molimo ba otlang batho ba etsang lintho tse fosahetseng.
5 Ka hona, le na le mabaka a le tlamang hore le mamele, eseng feela hore le balehe kotlo empa hape hore le be le matsoalo a khutsitseng.+ 6 Ke ka lebaka leo hape le ntšang makhetho hobane Molimo oa ba sebelisa hore ba sebeletse sechaba kamehla. 7 Fang bohle tse ba lokelang, ea batlang lekhetho la mofuta ofe kapa ofe le mo fe lona,+ ea batlang ho tšajoa le mo tšabe,+ ea batlang ho hlomphuoa le mo hlomphe.+
8 Le se ke la kolota mang kapa mang letho haese lerato+ kaha ea ratang oa habo o phethahalitse molao.+ 9 Etsoe molao o reng, “U se ke oa feba,+ u se ke oa bolaea,+ u se ke oa utsoa,+ u se ke oa lakatsa lintho tsa motho e mong”+ le taelo efe kapa efe e teng, e akarelitsoe polelong ena e reng: “U rate moahisani oa hao joalokaha u ithata.”+ 10 Ea ratang oa habo ha a mo etse hampe.+ Kahoo, ho ba le lerato ke ho etsa seo molao o se laelang.+
11 Le etse lintho tsena hobane lea tseba hore nako e se e fihlile ea hore le tsohe borokong.+ Nako ea hore re pholosoe e haufi haholo ho feta ha re ne re e-ba balumeli. 12 Bosiu bo se bo tla sa, letsatsi le atametse. Ka hona, a re hloboleng mesebetsi ea lefifi+ ’me re apareng lihlomo tsa leseli.+ 13 A re itšoareng hantle+ joalokaha batho ba itšoara hantle motšehare. Re se ke ra tsamaea liphathi tse sa laoleheng, ra tahoa, ra etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano, ra etsa boitšoaro bo bobe re sa soabe,*+ ra loana kapa ra monela batho ba bang.+ 14 Empa le etsise Morena Jesu Kreste*+ ’me le se ke la rera esale pele hore na le tla khotsofatsa litakatso tse fosahetseng joang.+
14 Amohelang motho ea nang le tumelo e fokolang+ ’me le se ke la mo ahlola hobane a e-na le maikutlo a fapaneng le a lona. 2 Motho ea nang le tumelo e matla a ka ja lijo tsa mefuta eohle empa motho ea fokolang tumelong o ja meroho feela. 3 Ea jang lijo tsa mefuta eohle a se ke a khella fatše ea sa li jeng. Ea sa jeng lijo tsa mefuta eohle a se ke a ahlola ea li jang+ kaha Molimo oa mo amohela. 4 U mang hore u ahlole mohlanka oa motho e mong?+ Motho ea tla etsa qeto ea hore na o nepile kapa o fositse ke mong’a hae e leng Molimo.+ Kaha Jehova* oa mo thusa, a ka atleha.
5 Motho e mong o nka hore letsatsi le leng le bohlokoa ho feta a mang,+ e mong eena o nka hore matsatsi ’ohle aa tšoana.+ Taba ke hore e mong le e mong a kholisehe ka botlalo hore o nepile. 6 Ea nkang letsatsi le leng le le bohlokoa ho feta a mang, o etsa joalo ho hlompha Jehova.* Ea jang lijo tsa mefuta eohle o etsa joalo ho hlompha Jehova*+ kaha o leboha Molimo ka lijo tseo. Le ea sa jeng lijo tsa mefuta eohle o hlompha Jehova* ’me oa mo leboha.+ 7 Ha e le hantle, ha ho le ea mong oa rona ea iphelelang+ ’me ha ho le ea mong oa rona ea ichoellang. 8 Haeba re phela, re phelela Jehova.*+ Haeba re shoa, re shoela Jehova.* Kahoo, ebang rea phela kapa rea shoa, re ba Jehova.*+ 9 Kreste o ile a shoa a ba a tsoha bafung e le hore e tle e be Morena oa ba shoeleng le ba phelang.+
10 Ke hobane’ng ha u ahlola ngoan’eno?+ Kapa ke hobane’ng ha u mo khella fatše? Kaofela re tla ahloloa ke Molimo.*+ 11 Mangolo a re: “Jehova* o re, ‘Hafeela ke ntse ke phela,+ motho e mong le e mong o tla nkhumamela ’me motho e mong le e mong o tla lumela hore ke ’na Molimo.’”+ 12 Kahoo, e mong le e mong oa rona o tla ikarabella ho Molimo.+
13 Le se ke la hlola le ahlolana.+ Empa le itjoetse hore le ke ke la etsa eng kapa eng e tla fokolisa tumelo ea ngoan’abo lona kapa e tla mo lihela.+ 14 Kaha ke molateli oa Morena Jesu, kea tseba ebile ke kholisehile hore ha se hore lintho tseo re li jang ha lia hloeka+ empa haeba motho a nahana hore ntho e itseng ha ea hloeka, ho fosahetse ho eena hore a e je. 15 Haeba ngoan’eno a khopisoa ke lijo tseo u li jang, ha u sa na lerato.+ Kreste o shoetse ngoan’eno. Kahoo, u se ke oa senya tumelo ea hae ka lijo tseo u li jang.+ 16 Le se ke la lumella hore lintho tse ntle tseo le li etsang li buuoe hampe. 17 U ke ke oa kena ’Musong oa Molimo ka lebaka la lintho tseo u li jang le tseo u li noang+ empa ntho ea bohlokoa ke hore u be motho ea lokileng, ea nang le khotso le thabo e tlisoang ke moea o halalelang. 18 Haeba motho a e-na le makhabane ana ebile e le mohlanka oa Kreste, o khahlisa Molimo ’me le batho ba tla mo hlompha.
19 Kahoo, a re etseng sohle seo re ka se khonang e le hore re hahane+ le ho ba le khotso.+ 20 Khaotsang ho senya mosebetsi oa Molimo ka lebaka la lijo feela.+ Ke ’nete hore lijo tsa mefuta eohle li hloekile empa ho kotsi* ho ja ntho e itseng haeba e ka fokolisa tumelo ea motho e mong.*+ 21 Ho molemo hore u se ke oa ja nama, oa noa veine kapa oa etsa eng kapa eng e tla etsa hore ngoan’eno a fokolloe ke tumelo.+ 22 Ntho eo u e lumelang ka litaba tsena e pakeng tsa hao le Molimo. U tla thaba haeba u sa ikutloe u le molato ka lebaka la ho etsa ntho eo u lumelang hore e nepahetse. 23 Empa haeba u ja u ntse u e-na le lipelaelo, u se u ntse u le molato hobane u etsa joalo u sa lumele hore ntho eo u e etsang e nepahetse. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang re se na tumelo ke sebe.
15 Rona ba matla tumelong, re lokela ho nahanela mefokolo ea ba seng matla tumelong+ ’me re se ke ra ikhahlisa.+ 2 E mong le e mong oa rona a etse lintho tse tla tsoela moahisani oa hae molemo e le hore a mo matlafatse.+ 3 Le Kreste ha aa ka a icheba boeena,+ le Mangolo a re ka eena: “Lithohako tsa ba neng ba u rohaka li oetse holim’a ka.”+ 4 Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa khale li ile tsa ngolloa ho re ruta+ e le hore re be le tšepo. Ha e le hantle,+ Mangolo ao aa re tšelisa ebile a re thusa hore re mamelle.+ 5 E se eka Molimo ea re thusang ho mamella le ea re tšelisang a ka etsa hore le nahane ka tsela eo Kreste a neng a nahana ka eona 6 e le hore le ka tlotlisa Molimo, Ntate oa Morena oa rona Jesu Kreste le momahane.+
7 Ka hona, amohelanang+ feela joalokaha Kreste le eena a ile a le amohela+ hobane ha le etsa joalo le tlotlisa Molimo. 8 Kea le bolella hore Kreste e ile ea e-ba mosebeletsi oa Bajuda+ e le ho bontša hore Molimo o na le ’nete, ho tiisa litšepiso tseo Molimo a ileng a li etsetsa baholo-holo ba bona+ 9 le hore lichaba tse ling li tlotlise Molimo ka lebaka la mohau oa hae.+ Etsoe Mangolo a re: “Ke ka lebaka leo ke tla u rorisa har’a lichaba, ke tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso.”+ 10 A boetse a re: “Thabang lona lichaba hammoho le batho ba hae.”+ 11 Hape a re: “Rorisang Jehova* lona lichaba tsohle ’me lichaba li ke li mo rorise.”+ 12 Esaia le eena o re: “Ho tla ba le e mong ea tsoang lelapeng la Jese*+ ea tla busa lichaba+ ’me lichaba li tla mo tšepa.”+ 13 E se eka Molimo ea fanang ka tšepo a ka etsa hore le be le khotso le thabo e ngata hobane le mo tšepa e le hore moea o halalelang o ka matlafatsa tšepo eo le nang le eona.+
14 Bana beso, ke kholisehile hore le etsa lintho tse molemo, le na le tsebo e ngata ebile le khona ho eletsana.* 15 Leha ho le joalo, ke le ngolletse lintlha tse ling ke sa hlathe koana le koana e le hore ke le hopotse tsona hobane Molimo o bile mosa* ho ’na. 16 O nkhethetse hore ke be mohlanka oa Kreste Jesu hore ke bolele litaba tse monate tse tsoang ho Molimo lichabeng.+ Ke etsa mosebetsi ona o halalelang e le hore lichaba tsena li ka ba joaloka sehlabelo seo Molimo a tla se amohela,+ se halalelitsoeng ka moea o halalelang.
17 Ka hona, ke thabela hore ebe ke morutuoa oa Kreste Jesu le hore ebe ke etsa mosebetsi oa Molimo. 18 Nke ke ka re letho ka lintho tseo ke li entseng. Ke tla bua feela ka tseo Kreste a ileng a ntšebelisa ho li bua le ho li etsa e le hore lichaba li mo mamele. 19 Li ile tsa mamela ka lebaka la mehlolo le limakatso+ tse entsoeng ka matla a moea o halalelang. Ka lebaka leo, ke boletse ka botlalo litaba tse monate tse mabapi le Kreste ho tloha Jerusalema ho ea fihla Ilirikame.+ 20 Sepheo sa ka e ne e le ho qoba ho bolela litaba tse monate moo batho ba teng ba neng ba se ba tseba ka Kreste e le hore ke se ke ka tsoela pele ka mosebetsi o neng o se o qaliloe ke motho e mong.* 21 Ho joalokaha Mangolo a bolela ha a re: “Ba sa kang ba bolelloa letho ka eena ba tla mo bona le ba sa utloang ba tla utloisisa.”+
22 Ke ka lebaka leo ka makhetlo a mangata ke ileng ka sitoa ho tla ho lona. 23 Empa joale ke se ke qetile ho ruta batho libakeng tsena ’me ka lilemo tse ngata* esale ke batla ho tla ho lona. 24 Ke tšepa hore ha ke le tseleng e eang Spain ke tla le bona, ke qete nako le lona ebe ka mor’a moo lea mphelehetsa le nkhutlela tseleng. 25 Hona joale ke mothating oa ho ea Jerusalema ho ea thusa balumeli-’moho le rona.*+ 26 Bana ba bo rona ba Macedonia le Akaia ba ile ba utloa ba rata hore ba fe bana ba bo rona* ba futsanehileng ba Jerusalema limpho.+ 27 Ba ne ba thabetse ho etsa joalo hobane ba ne ba ikutloa ba ba kolota. Kaha bao ba Jerusalema ba ile ba arolelana le bona lintho tse tsoang ho Molimo, le bona ba Macedonia le Akaia ba ne ba lokela ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang.+ 28 Ha ke se ke isitse limpho tsena ho bona, ke tla pota ho lona ha ke ea Spain. 29 Kea tseba hore ha ke tla ho lona, ke tla le tlisetsa litlhohonolofatso tse ngata tse tsoang ho Kreste.
30 Bana beso, kaha re lumela ho Morena oa rona Jesu Kreste ebile moea o halalelang o entse hore re ratane, ke le kopa hore le nthapelise.+ 31 Le nthapelise hore ke pholosoe+ ho batho ba Judea ba sa lumeleng ho Jesu le hore bana ba bo rona* ba Jerusalema ba amohele limpho tsena tseo ke li isang ho bona.+ 32 Ha Molimo a rata, ke tla fihla ho lona ke thabile haholo ebile re tla khothatsana. 33 E se eka Molimo ea fanang ka khotso a ka ba le lona kaofela.+ Amen.
16 Ke le tsebisa khaitseli ea rona Fibi, eo e leng mosebeletsi oa phutheho e Senkrea.+ 2 Ke kopa le mo amohele ka tsela e tšoanelang batho ba Morena ba halalelang. Le mo thuse ka sohle seo a se hlokang+ hobane le eena o ile a thusa* batho ba bangata ho akarelletsa le ’na.
3 Ntumelisetseng Priska le Akuila+ bao re sebeletsang Kreste Jesu ’moho le bona. 4 Ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing bakeng sa ka.+ ’Na le liphutheho tsohle tsa lichaba rea ba leboha. 5 Le lumelise le phutheho e kopanelang ka tlung ea bona.+ Lumelisang Epinitase eo ke mo ratang. Ke e mong oa batho ba pele ba Asia bao e ileng ea e-ba barutuoa ba Kreste. 6 Lumelisang Maria, ea sebelitseng ka thata bakeng sa lona. 7 Lumelisang Andronikase le Juniase, beng ka ’na+ bao ke neng ke tšoeroe le bona. Ke banna ba tsejoang haholo ke baapostola hape e bile barutuoa ba Kreste nako e telele ho mpheta.
8 Ntumelisetseng Ampliatase motsoalle oa ka eo ke mo ratang, le eena ke molateli oa Morena. 9 Lumelisang Erbanase eo re sebeletsang Kreste le eena le Stakise motsoalle oa ka eo ke mo ratang. 10 Lumelisang Apelese ea tšepahallang Kreste. Lumelisang ba ntlo ea Aristobulase. 11 Lumelisang Herodione eo ke amanang le eena le ba ntlo ea Narsisase bao e leng balateli ba Morena. 12 Lumelisang Tryfina le Tryfosa, basali ba sebeletsang Morena ka thata le Persise moratuoa oa rona, o ile a sebeletsa Morena ka thata. 13 Lumelisang Rufase mohlanka ea ikhethang oa Morena le ’mè oa hae eo ke mo nkang e le ’mè oa ka. 14 Lumelisang Asinkritase, Flegone, Hermese, Patrobase, Hermase le bana ba bo rona ba nang le bona. 15 Lumelisang Filologase le Julia, Nerease le khaitseli ea hae, Olimpase le batho bohle ba Molimo* ba nang le bona. 16 Lumelisanang ka lerato.* Liphutheho tsohle tsa Kreste lia le lumelisa.
17 Bana beso, ke le eletsa hore le hlokomele ba bakang likarohano le ba khelosang ba bang tumelong ka ho ruta lithuto tse sa tsamaisaneng le tseo le ithutileng tsona. Le ba qobe.+ 18 Batho ba joalo ha se makhoba a Morena oa rona Kreste empa ke makhoba a litakatso tsa bona. Ba khelosa batho ka ho ba buela lipuo tse monate le ka ho ba rorisa empa ha e le hantle ba ba phoqa. 19 Kea thaba hobane batho bohle baa tseba hore lea mamela. Ke batla hore le be bohlale ’me le etse lintho tse nepahetseng hape le be batho ba se nang molato ka hore le qobe lintho tse fosahetseng.+ 20 Haufinyane Molimo ea fanang ka khotso o tla le fa matla a ho felisa Satane.+ E se eka Morena oa rona Jesu a ka ba mosa* ho lona.
21 Timothea mosebetsi-’moho le ’na o re le lumele. Lusiase, Jasone le Sosipatere bao ke amanang le bona, le bona ba re le lumele.+
22 ’Na Tershiase ea ngotseng lengolo lena a laeloa ke Pauluse, ke le lumelisa ka lebitso la Morena.
23 Gaiase,+ eo ke leng moeti oa hae le eo phutheho eohle e kopanelang ha hae o re le lumele. Erastase ea ikarabellang licheleteng tsa motse hammoho le ngoan’abo Kortase ba re le lumele. 24* ——
25 Molimo a ka le matlafatsa ka litaba tse monate tseo ke li bolelang le ka molaetsa o mabapi le Jesu Kreste. Litaba tsena tse monate li mabapi le lekunutu le halalelang+ leo Molimo a re tsebisitseng lona. Lekunutu leo le ne le patiloe ka lilemo tse ngata. 26 Empa re le bontšitsoe ra ba ra le tsebisoa ka boprofeta bo ka Mangolong. Molimo oa rona ea lulang a le teng o ile a laela hore molaetsa oo o tsebahatsoe lichabeng tsohle e le hore batho ba ka ba le tumelo ’me ba mo mamela. 27 Molimo eo e leng eena feela ea bohlale+ o tšoaneloa ke ho rorisoa ka ho sa feleng ka lebaka la Jesu Kreste. Amen.
Ka Segerike: “ka moea oa ka.”
Kapa: “balichaba.” Ka Segerike: “Babarebare.”
Ka Segerike: “lipelo.”
Kapa: “rapela.”
Kapa: “moputso.”
Kapa: “ha baa ka ba batla ho ba le tsebo e nepahetseng ka Molimo.”
Kapa: “ba qapa lintho tse mpe.”
Ka Segerike: “kahlolo ea hae e tumellanong le ’nete.”
Kapa: “ho ba le khotso.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “hobane a kolotoa.”
Kapa: “tšoaretsoeng.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “setempe.”
Kapa mohlomong: “ea bitsang lintho tse e-s’o ka li e-ba teng joalokaha eka li teng.”
Ka Segerike: “Peo.”
Kapa mohlomong: “re na le khotso.”
Kapa mohlomong: “Rea thaba.”
Ka Segerike: “fumana khanya ea Molimo.”
Kapa mohlomong: “rea thaba.”
Ka Segerike: “fokola.”
Ka Segerike: “ra khutlisetsoa ho eena.”
Ka Segerike: “khutliselitsoe ho.”
Ka Segerike: “re ile ra shoa mabapi le sebe.”
Ka Segerike: “khanya.”
Kapa: “lokolotsoe sebeng.”
Ka Segerike: “hore e be lihlomo tsa ho se loke.”
Ka Segerike: “hore e be lihlomo tsa ho loka.”
Ka Segerike: “behela Molimo litholoana.”
Ka Segerike: “ke oa moea.”
Ka Segerike: “oa nama.”
Ke lentsoe la Seheberu kapa la Searame le bolelang “Ntate!”
Ka Segerike: “Moea o paka le moea oa rona.”
Ka Segerike: “ka thekollo eo Jesu a e patetseng.”
Ka Segerike: “peo.”
Ka Segerike: “peo.”
Kapa: “se hlomphehang.”
Kapa: “se sa hlompheheng.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “ipiletsang.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “u kotlobanye mekokotlo ea bona.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “ba mehleng ena.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “eletsa.”
Kapa: “eletse.”
Kapa: “okamelang.”
Kapa: “le chesehe.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “Phehellang thapelong.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Kapa: “la nahana ka lintho tse phahameng.”
Ka Segerike: “le tsamaisane le lintho tse tlase.”
Sheba Ntlha ea A5.
E leng ho nolofatsa pelo ea motho.
Ka Segerike: “sabole.”
Kapa: “boitšoaro bo hlabisang lihlong.” Ka Segerike ke bongata ba lentsoe a·sel′gei·a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “le apare Morena Jesu Kreste.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “ema ka pel’a setulo sa kahlolo sa Molimo.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “ho fosahetse.”
Ka Segerike: “haeba e ka etsa hore motho e mong a khoptjoe.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “motsong oa Jese.”
Kapa: “rutana.”
Ka Segerike: “haha holim’a motheo oa motho e mong.”
Kapa mohlomong: “tse ’maloa.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Kapa: “sireletsa.”
Ka Segerike: “bahalaleli bohle.”
Ka Segerike: “kako e halalelang.”
Sheba Ntlha ea A3.