LENGOLO LE EANG HO BAGALATA
1 ’Na moapostola Pauluse ha kea khethoa ke motho kapa ke batho empa ke khethiloe ke Jesu Kreste+ le Molimo Ntate+ ea ileng a mo tsosa bafung. 2 ’Na le bana beso bohle bao ke nang le bona mona, re lumelisa liphutheho tsa Galatia:
3 E se eka Molimo Ntate oa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa khotso. 4 Jesu Kreste o ile a fana ka bophelo ba hae bakeng sa libe tsa rona+ e le hore a tle a re pholose lefatšeng lena le khopo*+ ho ea ka thato ea Molimo le Ntate oa rona,+ 5 ea lokeloang ke khanya ka ho sa feleng. Amen.
6 Ke makatsoa ke hore le fetohetse Molimo kapele, ea le bitsitseng ka mosa oa Kreste. Le se le amohela molaetsa o mong joalokaha eka ke litaba tse monate.+ 7 Ha se hore ho na le litaba tse ling tse monate empa ho na le batho ba batlang ho le khelosa+ ka hore ba senye litaba tse monate tse buang ka Kreste. 8 Haeba leha e le mang a ka le bolella litaba tse fapaneng le litaba tse monate tseo re ileng ra le bolella tsona, ebang ke rona kapa lengeloi le tsoang leholimong, motho eo a ahloloe. 9 Ke pheta mantsoe ao re a buileng ke re: Mang kapa mang ea tla le bolella litaba tse fapaneng le litaba tse monate tseo le ileng la li amohela, a ahloloe.
10 Na ke leka ho thabisa Molimo kapa batho? Haeba ke ne ke thabisa batho, nka be ke se lekhoba la Kreste. 11 Bana beso, ke batla le tsebe hore litaba tse monate tseo ke le boleletseng tsona ha lia iqapeloa ke batho.+ 12 Le ’na ha kea li bolelloa ke batho ebile ha kea li rutoa empa ke li senoletsoe ke Jesu Kreste.
13 Le utloile hore na ke ne ke itšoere joang ha ke ntse ke le bolumeling ba Bojuda,+ ke ne ke hlorisa phutheho ea Molimo haholo eseng hanyane ebile ke batla ho e felisa.+ 14 Ke ne ke tseba lintho tse ngata ka bolumeli ba Bojuda ho feta lithaka tsa ka tse ngata sechabeng sa heso hobane ke ne ke chesehela lithuto tsa baholo-holo ba ka.+ 15 Empa ha Molimo ea ileng a etsa hore ke tsoaloe* a mpitsa ka mosa oa hae,+ o ile a thabela 16 ho ntšenolela Mora oa hae e le hore nka phatlalatsa litaba tse monate ka Mora oa hae lichabeng.+ Ha ho na motho eo ke ileng ka mathela ho eena ho ea batla keletso. 17 Ha kea ka ka ea le ho batho bao e bileng baapostola pele ho ’na ba neng ba le Jerusalema empa ke ile ka ea Arabia eaba ke khutlela Damaseka.+
18 Ka mor’a lilemo tse tharo, ke ile ka ea Jerusalema+ ho etela Kefase*+ ’me ke ile ka lula le eena ka matsatsi a 15. 19 Empa ha kea ka ka bona baapostola ba bang, ke bone feela Jakobo+ e leng ngoan’abo Morena. 20 Ke hlapanya ka pel’a Molimo hore lintho tseo ke le ngollang tsona ha se leshano.
21 Ka mor’a moo, ke ile ka ea Siria le Silisia.+ 22 Empa batho ba liphutheho tsa Kreste tsa Judea ba ne ba sa ntsebe. 23 Ba ne ba tloaetse ho utloa ho thoe: “Monna ea neng a re hlorisa+ o se a phatlalatsa litaba tse monate ka bolumeli boo pele a neng a batla ho bo felisa.”+ 24 Kahoo, ba ile ba qala ho rorisa Molimo ka lebaka la ka.
2 Ka mor’a lilemo tse 14 ke ile ka khutlela Jerusalema ke tsamaea le Barnabase+ le Tite.+ 2 Ke ile ka khutlela teng hobane Morena o ne a ntšenoletse hore ke e’o bolella lichaba litaba tse monate moo. Ke ile ka li bolella banna ba hlomphehang ka lekunutu e le ho etsa bonnete ba hore litaba tseo ke li phatlalatsang li nepahetse, ho seng joalo ke ne ke tla be ke sebeletsa lefeela. 3 Le hoja Tite+ a ne a tsamaea le ’na, ha ho na motho ea ileng a mo qobella hore a bolle+ leha e ne e le Mogerike. 4 Empa taba ena e tlile ka lekunutu ka bana ba bo rona ba sa tšepahaleng,+ ba tlileng ka phuthehong ho tla senya khotso+ eo rona balateli ba Kreste Jesu re nang le eona e le hore ba ka re etsa makhoba.+ 5 Ha rea ka ra ba mamela ho hang+ e le hore re lule re e-na le ’nete ea litaba tse monate.
6 Le bana ba bo rona ba nkoang e le ba bohlokoa+ ha baa ka ba fetola tsela eo ke nahanang ka eona ebile ha ho na letho le lecha leo ba ileng ba mpolella lona hobane Molimo ha a ahlole motho ho latela tsela eo a shebahalang ka eona. 7 Ba ile ba bona hore ke filoe mosebetsi oa ho phatlalatsa litaba tse monate ho batho ba sa bollang+ feela joalokaha Petrose a ne a li phatlalatsa ho batho ba bolotseng. 8 Molimo o ile a fa Petrose matla a hore e be moapostola ho batho ba bolotseng ’me ’na o mphile matla a hore ke be moapostola ho batho ba lichaba tse ling.+ 9 Ba ile ba hlokomela hore Molimo o bile mosa* ho ’na.+ Ka lebaka leo, Jakobo+ le Kefase* le Johanne ba neng ba le joaloka lipilara tsa phutheho, ba ile ba tšoara ’na le Barnabase+ ka matsoho a matona ho bontša hore ba lumellana le taba ea hore re ee lichabeng tse ling ’me bona ba ee ho batho ba bolotseng. 10 Ntho e le ’ngoe eo ba ileng ba re kopa eona ke hore re thuse bafutsana, e leng ntho eo ke neng ke ikemiselitse ho e etsa.+
11 Leha ho le joalo, ha Kefase*+ a tlile Antioke,+ ke ile ka ea ho eena ka mo khalemella phoso eo a neng a e entse. 12 Pele banna ba neng ba rometsoe ke Jakobo+ ba fihla, o ne a tloaetse ho ja le batho ba lichaba+ empa eitse ha ba fihla a khaotsa ho ja le bona a ba a tloha ho bona hobane o ne a tšaba batho ba bolotseng.+ 13 Bajuda ba bang bohle le Barnabase ba ile ba mo etsisa.* 14 Empa ha ke bona hore ha ba phele tumellanong le ’nete ea litaba tse monate,+ ke ile ka re ho Kefase* ka pel’a bona kaofela: “Uena u Mojuda empa u phela joaloka batho ba lichaba tse ling eseng joaloka Mojuda. Joale ke hobane’ng ha u batla ho etsa hore batho ba lichaba tse ling ba phele joaloka Bajuda?”+
15 Rona bao ka tlhaho re leng Bajuda eseng baetsalibe ba tsoang lichabeng, 16 rea tseba hore motho ha e be ea lokileng ka lebaka la ho latela molao empa ka lebaka la tumelo+ eo a nang le eona ho Jesu Kreste.+ Kahoo, re lumela ho Kreste Jesu e le hore ho ka thoe re lokile ka lebaka la tumelo ea rona ho Kreste eseng ka lebaka la ho latela molao kaha ha ho motho eo ho ka thoeng o lokile hobane feela a mamela molao.+ 17 Haeba le rona re fumanoa re le baetsalibe empa re batla ho bitsoa batho ba lokileng ka lebaka la Kreste, na seo se bolela hore Kreste o re khothaletsa ho etsa libe? Che, ha ho joalo. 18 Haeba ke khutlela linthong tseo ke neng ke tloaetse ho li etsa,* ke tla be ke tlola molao. 19 Ke ile ka lokoloha* molaong+ e le hore nka phelela Molimo. 20 Ke khokhothetsoe palong le Kreste.+ Ha e sa le ’na ea phelang+ empa ke Kreste ea phelang ka hare ho ’na. Hona joale ke se ke phela ka tumelo eo ke nang le eona ho Mora oa Molimo+ ea ileng a nthata a ba a fana ka bophelo ba hae molemong oa ka.+ 21 Ha ke hane* mosa oa Molimo+ hobane haeba molao ke oona o etsang hore motho e be ea lokileng, Kreste o tla be a shoetse lefeela.+
3 Lona Bagalata ba se nang kelello, ke mang ea le susumelitseng hore le etse lintho tsee tse mpe+ le hoja le ile la hlalosetsoa hantle lebaka leo Jesu Kreste a ileng a khokhotheloa palong ka lona?+ 2 Ke batla ho le botsa potso e le ’ngoe feela: Na le ile la fuoa moea o halalelang hobane le mamela molao kapa hobane le lumela lintho tseo le li utloileng?+ 3 Na le nka hantle? Qalong le ne le tšepile moea o halalelang empa na joale qetellong le se le mamela lithuto tsa batho?+ 4 Na le ile la mamella mathata a mangata hakaale mahala? Ha ke kholoe. 5 Ka lebaka leo, na motho ea le fang moea o halalelang le ea etsang mesebetsi e matla+ har’a lona o etsa joalo hobane le mamela molao kapa hobane le lumela linthong tseo le li utloileng? 6 Abrahama le eena o ile “a bontša tumelo ho Jehova* eaba o nkoa e le motho ea lokileng.”+
7 Lea tseba hore batho ba nang le tumelo ke bona bana ba Abrahama.+ 8 Mehleng ea khale, Molimo o ile a bua ka lentsoeng la hae a re o ne a tla re batho ba lichaba tsohle ba lokile hobane ba e-na le tumelo. Kahoo, o ile a bolella Abrahama litaba tse monate esale pele a re: “Lichaba tsohle li tla hlohonolofatsoa ka lebaka la hao.”+ 9 Batho ba nang le tumelo ba hlohonolofatsoa hammoho le Abrahama ea neng a e-na le tumelo.+
10 Batho bohle ba tšepileng molao ba malimabe hobane Mangolo a re: “Batho bohle ba sa mameleng le ba sa etseng lintho tsohle tse ngotsoeng ka moqolong oa Molao ba malimabe.”+ 11 Ho hlakile hore Molimo ha a nke motho a lokile hobane feela a mamela molao+ empa o mo nka a lokile hobane Mangolo a re, “ea lokileng o tla phela hobane a e-na le tumelo.”+ 12 Molao ha oa itšetleha ka tumelo. Empa “motho ea etsang lintho tse nepahetseng ho ea ka Molao o tla phela.”+ 13 Kreste o re lopolotse+ thohakong ea Molao ka hore ho rohakoe eena eseng rona hobane Mangolo a re: “Ho rohakoe motho e mong le e mong ea fanyehoang palong.”+ 14 Sena se ile sa etsahala e le hore tlhohonolofatso eo Molimo a neng a e tšepisitse Abrahama e ka tlela lichaba tsohle ka Kreste Jesu+ le hore re fumane moea o halalelang+ ka lebaka la tumelo ea rona.
15 Bana beso, ke etsa mohlala oo batho ba ka o utloisisang: Ha ho entsoe selekane, ha ho na motho ea ka se fetolang kapa a se eketsa. 16 Litšepiso tseo li ile tsa etsetsoa Abrahama le ngoana* oa hae.+ Mangolo a re: “Le ngoana* oa hao,” se bolelang motho a le mong e leng Kreste empa ha ho na moo a reng “le bana* ba hao” joalokaha eka ho buuoa ka batho ba bangata.+ 17 Ke boetse ke re: Molao o bileng teng ka mor’a lilemo tse 430+ ha o hlakole selekane seo Molimo a se entseng khale ebile ha o felise le tšepiso eo a e entseng. 18 Haeba Molimo a fa batho lefa hobane ba mamela molao, o tla be a sa fane ka lona hobane a tšepisitse. Leha ho le joalo, Molimo o ile a ba mosa eaba o fa Abrahama lefa leo a neng a mo tšepisitse lona.+
19 Joale ke hobane’ng ha Molao o bile teng? O bile teng ho senola libe tsa batho+ ho fihlela leloko* leo le neng le filoe tšepiso eo le fihla.+ Molimo o ile a fa mangeloi+ molao ’me ’ona a o fetisetsa ho batho a sebelisa ’muelli.+ 20 Kaha Molimo o entse tšepiso a le mong, ha ho hlokahale ’muelli. 21 Na see se bolela hore Molao ha o lumellane le litšepiso tsa Molimo? Ha ho joalo hobane haeba batho ba ne ba filoe molao o khonang ho ba phelisa, ho ne ho tla thoe ba lokile hobane ba ne ba mamela molao. 22 Empa Mangolo a bontša hore batho ba laoloa ke sebe e le hore batho ba nang le tumelo ba ka fuoa litšepiso tse fumanoang ke batho ba bontšang tumelo ho Jesu Kreste.
23 Leha ho le joalo, pele re lumela ho Kreste re ne re laoloa ke molao, re emetse seo Molimo a tla se senola.+ 24 Ka lebaka leo, Molao o ile oa re tataisetsa* ho Kreste+ e le hore ho ka thoe re lokile ka lebaka la tumelo.+ 25 Empa kaha re na le tumelo ho Kreste,+ ha re sa hloka molao hore o re tataise.*+
26 Kaofela ha lona le bana ba Molimo+ hobane le lumela ho Kreste Jesu.+ 27 Lona bohle ba ileng ba kolobetsoa ’me la ba bonngoeng le Kreste, le se le e-na le makhabane a tšoanang le a hae.+ 28 Kaofela ha lona le bonngoeng le Kreste Jesu.+ Kahoo, ha ho sa na Mojuda kapa Mogerike,+ lekhoba kapa motho ea lokolohileng+ ebile ha ho sa na motho e motona kapa e motšehali.+ 29 Hape, haeba le le balateli ba Kreste, le bana* ba Abrahama.+
4 Ke re: Hafeela mojalefa e ntse e le ngoana, ha ho na moo a fapaneng teng le lekhoba le hoja ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ikarabella ho eena. 2 Empa ho na le batho ba hlokomelang eena le ntlo ea hae ho fihlela letsatsi leo ntate oa hae a mo behetseng lona le fihla. 3 Ka tsela e tšoanang, le rona ha re ne re le bana re ne re nahana ebile re etsa lintho joaloka batho ba lefatše lena.+ 4 Empa ha nako e behiloeng e fihla, Molimo o ile a romela Mora oa hae ea ileng a tsoaloa ke mosali+ le ea neng a mamela molao+ 5 hore a tl’o lokolla batho ba neng ba mamela molao+ e le hore Molimo a ka re nka re be bana ba hae.+
6 Kaha re bana ba hae, Molimo o kentse moea o halalelang+ oo Mora oa hae a nang le oona ka lipelong tsa rona+ ’me o re susumeletsa hore re hoeletse re re: “Abba,* Ntate!”+ 7 Kahoo, ha le sa le makhoba empa le bana ba Molimo ’me haeba le bana ba Molimo, le boetse le majalefa.+
8 Ha le ne le sa tsebe Molimo, le ne le le makhoba a melimo ea bohata. 9 Joale ke hobane’ng ha le khutlela linthong tse se nang thuso+ tsa lefatše lee ebile le batla ho ba makhoba a tsona hape+ le hoja le se le tseba Molimo ’me le eena a le tseba? 10 Le nka matsatsi, likhoeli,+ linako tsa selemo le lilemo tse itseng li le bohlokoa ’me lea li keteka. 11 Ke le utloela bohloko hobane ke bona eka ke sentse matla a ka ke le thusa.
12 Bana beso, ke kopa hore le tšoane le ’na hobane le ’na nkile ka ba joaloka lona.+ Ha lea nketsa letho le lebe. 13 Empa lea tseba hore ho kula ho ile ha mpha monyetla oa hore ke qale ho le bolella litaba tse monate. 14 Le hoja ho kula ha ka ho ne ho le imetsa, ha lea ka la ntšoara hampe kapa la ntlhoea* empa le ile la ntlhokomela joaloka lengeloi la Molimo, joaloka Kreste Jesu. 15 Ke hobane’ng ha le se le sa thaba joaloka pele? Ke kholisehile hore ha ho ne ho khoneha, le ka be le ile la ntša mahlo a lona la mpha ’ona.+ 16 Na joale le ntlhoile hobane ke le bolella ’nete? 17 Banna bao ha ba etse lintho tsena ka morero o motle empa ba leka kahohle ho le arohanya le ’na e le hore le ba latele. 18 Leha ho le joalo, ha se ntho e mpe hore motho a batle hore le mo latele hafeela a etsa seo ka morero o motle ebile e se ha ke le teng feela. 19 Bana ba ka ba banyenyane,+ le nkutloisa bohloko bo tšoanang le boo mosali a bo utloang ha a beleha. Ke tla ’ne ke utloe bohloko bona ho fihlela le e-ba le makhabane a tšoanang le a Kreste. 20 Ke ne nka rata ho ba le lona hona joale ’me ke bua le lona ka tsela e fapaneng hobane ha ke tsebe hore na ke etse’ng ka lona.
21 Mpolelleng lona ba batlang ho mamela molao. Na lea tseba hore na Molao o re’ng? 22 Ka mohlala, Mangolo a re Abrahama o ne a e-na le bara ba babeli, e mong o bile le eena le mosali oa lekhoba*+ ’me e mong a ba le eena le mosali eo eseng lekhoba.+ 23 Empa mora eo a bileng le eena le mosali eo oa lekhoba, o ile a tsoaloa joaloka bana ba bang+ ’me mora eo a bileng le eena le mosali eo eseng lekhoba, o ne a tšepisitsoe hore o tla ba le eena.+ 24 Lintho tsena ke papiso. Basali bao ba babeli ba tšoantšetsa lilekane tse peli, se seng se entsoe Thabeng ea Sinai+ ’me se tsoala bana hore e be makhoba. Selekane sena ke Hagare. 25 Hagare o tšoantšetsa Sinai+ e leng thaba e Arabia, mehleng ena o tšoantšetsa Jerusalema hobane o bokhobeng le bana ba hae. 26 Empa Jerusalema e leholimong e lokolohile ’me ke ’mè oa rona.
27 Mangolo a re: “Thaba uena mosali ea sa beng le bana. Hoeletsa u thabile uena mosali ea sa beng le mahlaba a pelehi hobane bana ba mosali ea lahliloeng ba bangata ho feta ba ea nang le monna.”+ 28 Bana beso, rona re tšoana le Isaka, re bana ba tšepisitsoeng.+ 29 Mehleng eo, mora ea tsoetsoeng joaloka bana ba bang o ile a hlorisa mora ea tsoetsoeng ka moea o halalelang.+ Ho joalo le mehleng ena.+ 30 Leha ho le joalo, Mangolo a boetse a re: “Leleka mosali enoa oa mosebeletsi le mora oa hae hobane mora oa hae a ke ke a ja lefa le mora oa mosali eo eseng lekhoba.”+ 31 Ka lebaka leo bana beso, re bana ba mosali ea lokolohileng eseng ba mosali oa lekhoba.
5 Kreste o re lokolotse e le hore re se ke ra hlola re e-ba tlas’a Molao. Ka lebaka leo, emang le tiile+ ’me le se ke la itlohela hore le be makhoba hape.+
2 ’Na Pauluse kea le bolella hore haeba le bolla, seo Kreste a le etselitseng sona se ke ke sa le tsoela molemo.+ 3 Ke boetse kea le bolella hore motho e mong le e mong ea bollang o tlameha ho mamela Molao oohle.+ 4 Lona ba batlang hore ho thoe le lokile hobane le mamela molao,+ le lahlile Kreste. Ha le batle mosa* oa hae. 5 Rona moea o halalelang o etsa hore re lule re letile ka mamello ho fihlela ho thoe re lokile hobane re e-na le tumelo. 6 Ha re le balateli ba Kreste Jesu, ho bolla kapa ho se bolle ha ho na thuso+ empa tumelo eo motho a e bontšang ka liketso hobane a susumetsoa ke lerato, ke eona ea bohlokoa.
7 Le ne le etsa lintho hantle.*+ Ke mang ea le sitisitseng ho tsoela pele le latela thuto ea ’nete? 8 Ho hang ha se ea le bitsang e leng Molimo. 9 Tomoso e nyenyane e belisa hlama kaofela.+ 10 Ke kholisehile hore lona balateli ba Jesu+ le tla lumellana le ’na. Motho ea le tšoenyang+ ho sa tsotellehe hore na ke mang, o tla fumana kahlolo e mo loketseng. 11 Bana beso, haeba ke ne ke ntse ke ruta batho ka lebollo, ba ne ba ke ke ba ntlhorisa ’me lintho tseo ke li rutang tsa hore Jesu o shoetse palong*+ li ne li ke ke tsa khopisa batho. 12 E se eka banna ba le khothaletsang hore le bolle ba ka khaola litho tsa bona tsa botona.*
13 Bana beso, Molimo o le khethile e le hore le ka lokoloha. Le se ke la sebelisa tokoloho eo e le monyetla oa ho etsa lintho tse mpe+ empa e se eka lerato le ka le susumelletsa ho thusana.+ 14 Molao oohle o akaretsoa* ke taelo ena e le ’ngoe e reng: “U rate moahisani oa hao joalokaha u ithata.”+ 15 Haeba le tsoela pele ho loantšana le ho utloisana bohloko,+ le hlokomele hore le se ke la bolaeana.+
16 Empa ke re le tsoele pele le tataisoa ke moea o halalelang+ ’me ho hang le ke ke la batla ho etsa lintho tse mpe.+ 17 Liketso tse mpe ha li lumellane le moea o halalelang le moea o halalelang ha o lumellane le liketso tse mpe. Lintho tsena ka bobeli li hanyetsana hoo le sa khoneng ho etsa lintho tseo le batlang ho li etsa.+ 18 Haeba le tataisoa ke moea o halalelang, ha le tlas’a molao.
19 Liketso tse mpe li bonahala ka ho hlaka. Tsona ke: Boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ho se hloeke, boitšoaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa soabe,*+ 20 ho rapela litšoantšo, ho buisana le balimo,*+ lehloeo, liqabang, mona, bohale, ho se utloane, likarohano, lihlotšoana, 21 mohono,* botahoa,+ liphathi tse sa laoleheng le lintho tse kang tsena.+ Joalokaha ke ile ka le lemosa pele, ke boela ke le lemosa hape hore batho ba etsang lintho tsena ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo.+
22 Leha ho le joalo, litholoana tse behoang ke moea o halalelang ke lerato, thabo, khotso, mamello,* mosa, molemo,+ tumelo, 23 bonolo le boitšoaro.+ Ha ho na molao o hanyetsanang le makhabane ana. 24 Balateli ba Kreste Jesu ba bolaile maikutlo le litakatso tsa ho etsa lintho tse mpe.+
25 Haeba re tataisoa ke moea o halalelang, a re tsoeleng pele ho etsa lintho tse bontšang hore re tataisoa ke oona.+ 26 A re se keng ra ikhohomosa,+ ra batla ho hlolisana le ba bang+ kapa ra honohela ba bang.
6 Bana beso, haeba motho a etsa ntho e fosahetseng a sa hlokomele, lona Bakreste ba tšoanelehang ba tataisoang ke moea o halalelang le leke ho thusa motho eo ka bonolo.+ Empa le lona le itlhokomele+ hore le se ke la lekeha ho etsa liphoso.+ 2 Tsoelang pele ho thusana* ha le e-na le mathata+ hobane ha le etsa joalo, le tla be le mamela molao oa Kreste.+ 3 Haeba motho a inka e le oa bohlokoa ho feta batho ba bang empa ho se joalo,+ oa ithetsa. 4 Motho e mong le e mong a ke a hlahlobe lintho tseo a li etsang+ kaha o tla thabela seo a se entseng a sa ipapise le motho e mong.+ 5 Motho e mong le e mong o tla ikarabella ka lintho tseo a li etsang.*+
6 Motho ea rutoang Lentsoe la Molimo le motho ea mo rutang ba lokela ho arolelana lintho tseo ba nang le tsona.+
7 Le se ke la ithetsa hobane ha ho na motho ea ka thetsang* Molimo. Motho e mong le e mong o tla kotula seo a se jetseng.+ 8 Motho ea latelang litakatso tsa hae tse mpe o tla shoa* empa motho ea tataisoang ke moea o halalelang o tla fumana bophelo bo sa feleng.+ 9 A re se keng ra khathala ho etsa lintho tse ntle hobane ka nako e nepahetseng re tla fumana moputso* haeba re sa khathale.+ 10 Ka lebaka leo, a re thuseng batho bohle ha re sa na le monyetla empa haholo-holo a re thuseng balumeli-’moho le rona.
11 Ke le ngolletse lengolo lena ka letsoho la ka ’me ke ngotse ka mongolo o motenya.
12 Batho bohle ba batlang ho khahlisa batho ba bang* ke bona ba lekang ho le qobella hore le bolle, ba etsa joalo e le hore ba se ke ba hlorisoa ka lebaka la Kreste.* 13 Le bona batho ba bolotseng ha ba mamele Molao+ empa ba batla hore le bolle e le hore ba tle ba ithorise ka lona. 14 Le ka mohla nke ke ka ithorisa empa ke tla ithorisa feela ka Morena Jesu Kreste ea shoetseng palong.*+ Ke nka lefatše le ahloletsoe lefu ka lebaka la hae ’me lefatše lona le nka ’na ke ahloletsoe lefu ka lebaka la hae. 15 Taba ea hore motho o bolotse kapa ha a bolla ha se ea bohlokoa+ empa ntho ea bohlokoa ke hore Molimo o etsa hore motho a be mocha.+ 16 E se eka Iseraele ea Molimo e leng batho bohle ba mamelang molao ona ba ka ba le khotso ’me Molimo a ba hauhele.+
17 Ho tloha hona joale, ho se ke ha e-ba le motho ea ntšoenyang hobane ’mele oa ka o na le mabali a bontšang hore ke molateli oa Jesu.+
18 Bana beso, e se eka Morena Jesu Kreste a ka ba mosa* ho lona ka lebaka la makhabane ao le a bontšang. Amen.
Ka Segerike: “ea nkarotseng popelong ea ’mè oa ka.”
Lebitso la hae le leng ke Petrose.
Lebitso la hae le leng ke Petrose.
Lebitso la hae le leng ke Petrose.
Kapa: “ba etsisa boikaketsi boo.”
Lebitso la hae le leng ke Petrose.
Ka Segerike: “Haeba ke haha lintho tseo ke neng ke li lihile.”
Kapa: “Ke ile ka shoa molaong.”
Kapa: “lahle.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “peo.”
Ka Segerike: “peo.”
Ka Segerike: “peo.”
Ka Segerike: “peo.”
Kapa: “ruta ka.”
Kapa: “rute.”
Ka Segerike: “peo.”
Lentsoe la Seheberu kapa la Searame le bolelang “Ntate!”
Kapa: “ntšoela ka mathe.”
Kapa: “mosebeletsi.”
Ka Segerike: “le ne le matha hantle.”
Kapa: “palong eo batho ba hlokofatsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso ea Palo.
Kapa: “e ka ba maqhalaha” e le hore ba se ke ba hlola ba tšoaneleha ho latela molao oo ba neng ba o buella.
Kapa: “o phethahalitsoe.”
Ka Segerike ke por·nei’a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “boitšoaro bo hlabisang lihlong.” Ka Segerike ke a·selʹgei·a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “boloi; ho sebelisa litlhare.”
Ho monela batho ba bang ka lintho tseo ba nang le tsona le ho lakatsa eka e ka be e le tsa hao hobane u nka hore ha li ba tšoanele.
Kapa: “tiisetso.”
Kapa: “ho jarelana meroalo.”
Kapa: “Motho e mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.”
Ka Segerike: “somang.”
Ka Segerike: “bola.”
Kapa: “kotula.”
Kapa: “ba iketsang eka ba lokile.”
Kapa: “ka lebaka la palo eo Kreste a ileng a hlokofaletsoa ho eona.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “palong eo batho ba hlokofaletsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso ea Palo.