LENGOLO LE EANG HO BAEFESE
1 ’Na Pauluse, moapostola oa Kreste ho ea ka thato ea Molimo, ke ngolla balumeli-’moho le rona* ba Efese+ ba tšepahalang ebile e le balateli ba Kreste Jesu.
2 E se eka Molimo Ntate oa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa khotso.
3 Molimo Ntate oa Morena oa rona Jesu Kreste a ke a rorisoe. Leholimong o re file litlhohonolofatso tsohle tse tlisoang ke moea o halalelang hobane re le balateli ba Kreste Jesu.+ 4 O re khethile hore re momahane le eena* pele lefatše le thehoa e le hore re be lerato, re halalele le hore re hlahe re se na molato+ ka pel’a hae. 5 O ile a re khetha esale pele+ hore re nkeloe ka lapeng re le bara ba hae+ a sebelisa Jesu Kreste. Ke eona ntho e mo thabisang le eo e leng thato ea hae.+ 6 O entse joalo e le hore batho ba rorise Molimo ka lebaka la mosa oa hae o moholo+ oo a re bontšitseng oona a sebelisa mora oa hae eo a mo ratang haholo.+ 7 Re lopolotsoe sebeng hobane mora oa hae o ile a re patalla ka mali a hae.+ Ka hona, re tšoareloa libe+ ka lebaka la mosa o moholo oa Molimo.
8 O ile a ba mosa haholo ho rona a ba a re fa bohlale bohle le bokhoni bohle ba ho nahana hantle 9 ka hore a re tsebise lekunutu le halalelang+ la thato ea hae. Lekunutu leo le lumellana le lintho tse mo thabisang tseo a li rerileng. 10 Le boetse le akareletsa hore a hlophise lintho ha nako e behiloeng e fihla* ka hore a bokelle lintho tsohle tse maholimong le tse lefatšeng+ a sebelisa Kreste. Lintho tsohle li tla bokelloa ho sebelisoa Kreste 11 eo re momahaneng le eena ebile re khethiloe ho ba majalefa-’moho+ le eena. Molimo o ile a re khetha esale pele hobane e le thato ea hae. O etsa lintho tsohle ho ea ka thato ea hae 12 e le hore a tlotlisoe le ho rorisoa ka lebaka la rona ba ileng ba lumela ho Kreste pele. 13 Le ile la lumela ho eena ka mor’a hore le utloe lentsoe la ’nete e leng litaba tse monate tse buang ka hore le tla pholosoa. Ka mor’a hore le lumele, Molimo o ile a sebelisa Kreste ho le tšoaea+ ka moea o halalelang oo a neng a o tšepisitse. 14 Moea oo ke pontšo* ea hore re tla fumana lefa leo re le tšepisitsoeng.+ Molimo o ile a re tšoaea e le hore a ka fana ka tefo e hlokahalang hore batho ba hae+ ba lokolloe+ e leng ntho e tla etsa hore a rorisoe haholo.
15 Ka lebaka leo, kaha ke utloile ka tumelo eo le nang le eona ho Morena Jesu le tsela eo le ratang balumeli-’moho le rona* ka eona, 16 ha ke khaotse ho leboha Molimo ka lebaka la lona. Ke lula ke le rapella 17 e le hore Molimo oa Morena oa rona Jesu Kreste, Ntate ea nang le khanya eohle, a ka le fa bohlale le ho le thusa ho utloisisa lintho tseo a le senoletseng tsona e le hore le ka mo tseba ka tsela e nepahetseng.+ 18 Molimo o le butse mahlo* e le hore le bone tšepo eo a le khethetseng* eona, litlhohonolofatso tse ke keng tsa bapisoa le eng kapa eng tseo a li tšepisitseng balumeli*+ 19 le hore le bone matla a maholo ao a a sebelisang ho rona balumeli.+ Matla ao a hae a maholo a ile a bonahala 20 ha a tsosa Kreste bafung ’me a mo beha ka letsohong la hae le letona+ leholimong. 21 O phahamiselitsoe ka holim’a mebuso eohle, bolaoli bohle, matla ’ohle, borena ba mofuta o mong le o mong le lebitso le leng le le leng le nkoang le le bohlokoa+ eseng hona joale* feela empa le nakong e tlang. 22 Molimo o boetse o behile lintho tsohle tlas’a taolo ea* Kreste+ ebile o mo entse hlooho holim’a lintho tsohle tse amanang le phutheho.+ 23 Phutheho ke ’mele+ oa hae ’me o e fa lintho tsohle tseo e li hlokang.
2 Le hoja e ne eka le shoele ka lebaka la libe tsa lona le litšito tsa lona,+ Molimo o entse hore le phele. 2 Le ile la li etsa hobane ho na le nako eo le neng le phela joaloka batho ba lefatše lena.+ Le ne le mamela ’musi ea laolang moea+ o hlohlelletsang batho+ hore ba se ke ba mamela Molimo. 3 Nakong e fetileng, kaofela re ne re etsa lintho joaloka batho bana hobane re ne re etsa lintho ho ea ka litakatso tsa rona tse fosahetseng+ ebile re etsa lintho tseo re li nahanang.+ Re ne re tšoaneloa ke bohale ba Molimo ho tloha feela ha re tsoaloa+ feela joaloka batho ba bang. 4 Empa kaha Molimo o mohau haholo+ hape o re rata haholo,+ 5 o ile a etsa hore re phele hammoho le Kreste le hoja e ne eka re shoele ka lebaka la liphoso tsa rona.+ O le pholositse hobane a le mosa.* 6 Hape Molimo o ile a re tsosa ’moho le eena, a ba a re beha ’moho le eena leholimong kaha re barutuoa ba Kreste Jesu.+ 7 O entse joalo e le hore lefatšeng le lecha* a ka re bontša mosa o moholo ha a etsetsa rona balateli ba Kreste Jesu lintho tse ntle.
8 Kaha le na le tumelo, le pholositsoe ka lebaka la mosa o moholo oa Molimo.+ Ha lea pholosoa hobane ho e-na le ntho eo le e entseng empa ke mpho eo Molimo a le fileng eona. 9 Ehlile ha lea pholosoa hobane ho e-na le ntho eo le e entseng+ e le hore le se ke la ithorisa. 10 Re mosebetsi oa matsoho a hae.+ Kaha re balateli ba Kreste Jesu,+ re bopetsoe ho etsa mesebetsi e metle eo Molimo a ileng a rera esale pele hore re tle re e etse.
11 Le hopole hore ho na le nako eo Bajuda ba “bololitsoeng” ke batho, ba neng ba le bitsa “ba sa bollang.” 12 Ka nako eo, le ne le sa tsebe Kreste, ho se na letho le le kopanyang le Baiseraele ebile le ne le sa kenyelletsoa lilekaneng tse amanang le tšepiso.+ Le ne le se na tšepo ebile le sa tsebe Molimo.+ 13 Le ne le le hole le Molimo empa le se le le haufi le eena ka lebaka la mali a Kreste hobane le se le le balateli ba Kreste Jesu. 14 Kreste ke eena ea re fang khotso+ hobane o entse hore lihlopha tse peli tse neng li arohane li kopane+ ka hore a lihe lerako le neng le li arotse.+ 15 Kaha o ile a etsa sehlabelo ka ’mele oa hae, o ile a hlakola molao le litaelo tsa Molao oa Moshe e le hore a ka etsa hore lihlopha tse peli tse neng li hloeane e be sehlopha se le seng+ se nang le khotso. 16 Ha a ne a shoella palong,*+ o ne a etsa hore lihlopha tsena tse peli li be le khotso le Molimo le hore e be ntho e le ’ngoe. Ka ho nyehela ’mele oa hae, o entse hore lihlopha tsena tse peli li se ke tsa hloeana.+ 17 O ile a tla ’me a bolella lona ba neng ba le hole le eena le ba neng ba le haufi le eena litaba tse monate tsa khotso. 18 Ka lebaka la hae, batho bohle ba khona ho atamela ho Ntate hobane kaofela re amohela moea o halalelang o tšoanang.
19 Ka hona, ha le sa le balichaba+ empa le se le lula le batho ba Molimo*+ ’me le litho tsa lelapa la Molimo.+ 20 Le hahiloe holim’a motheo oa baapostola le baprofeta,+ ha Jesu Kreste eena e le lejoe la sekhutlo la motheo.+ 21 Mohaho o momahaneng le Kreste le likarolo tsohle tsa oona li kopantsoe hantle.+ Mohaho oo o ntse o hola e le hore e be tempele ea Jehova.*+ 22 Kaha le momahane le Kreste, Molimo o entse hore lona le batho ba bang le be ntlo eo a lulang ho eona kahobane moea oa hae o ho eona.+
3 ’Na Pauluse, ke kentsoe teronkong+ ka lebaka la ho ba morutuoa oa Kreste Jesu hape ke kentsoe teronkong molemong oa lona batho ba lichaba. 2 Kannete le utloile hore ke fumane boikarabelo+ ba ho le thusa e le hore mosa* oa Molimo o ka le tsoela molemo. 3 Molimo o ile a ntšenolela lekunutu le halalelang. Ke sa tsoa le ngolla hakhutšoanyane ka lekunutu leo. 4 Ha le bala litaba tsena, le tla bona hore ke utloisisa lekunutu le halalelang+ la Kreste. 5 Molimo ha aa ka a tsebisa batho ba meloko e fetileng lekunutu leo ka tsela e hlakileng. Hona joale o le senoletse baapostola ba halalelang le baprofeta ka tsela e hlakileng a sebelisa moea o halalelang.+ 6 Lekunutu leo ke lena: Ka mor’a hore batho ba lichaba ba amohele litaba tse monate ’me e be barutuoa ba Kreste Jesu, e tla ba majalefa-’moho le rona. Re tla ba litho tsa sehlopha se le seng* le bona+ hape ba tla fumana lintho tse tšoanang le tseo Molimo a re tšepisitseng tsona. 7 Ke ile ka le thusa ho utloisisa* lekunutu leo ka lebaka la mpho ea mosa eo Molimo a mphileng eona e le ho bontša hore o matla.+
8 ’Na ea tlase ka ho fetisisa har’a balumeli* bohle,+ ke ile ka bontšoa mosa+ oo e le hore ke bolelle batho ba lichaba litaba tse monate tse mabapi le maruo a Kreste a ke keng a bapisoa le letho. 9 Hape ke ile ka bontšoa mosa e le hore ke bontše batho tsela eo lekunutu le halalelang+ le sebetsang ka eona. Lekunutu leo le ne le patiloe ka nako e telele ke Molimo ea bopileng lintho tsohle. 10 Lintho tsena li etsahetse e le hore hona joale Molimo a sebelise phutheho+ ho bontša mebuso le balaoli ba leholimong bohlale ba hae bo bonahetseng ka litsela tse ngata.+ 11 Taba ena e lumellana le morero oa hae o lulang o le teng ka ho sa feleng oo a ileng a o etsa, o amanang le Kreste+ Jesu Morena oa rona. 12 Ke ka Kreste re nang le bolokolohi ba ho bua le ho atamela Molimo+ re mo tšepile ka lebaka la tumelo eo re nang le eona ho Kreste. 13 Kahoo, ke kopa hore le se ke la nyahama ka lebaka la mathata a ntlhahetseng hobane ke le thusa empa le ithorise ka oona.+
14 Ka lebaka leo ke khumamela Ntate, 15 eo lelapa le leng le le leng leholimong le lefatšeng le leng teng ka lebaka la hae. 16 Ke rapella hore Molimo ea hlomphehang haholo a le matlafatse*+ a sebelisa matla a moea oa hae. 17 Hape ke rapella hore Kreste a lule ka lipelong tsa lona le hore le lule le e-na le lerato ka lipelong tsa lona+ ka lebaka la tumelo eo le nang le eona. E se eka le ka ema le tiile+ holim’a motheo oa tumelo joaloka sefate se metseng ka metso+ 18 e le hore lona hammoho le balumeli* bohle le ka khona ho utloisisa hantle bophara, bolelele, bophahamo le botebo ba lintho tsa Molimo 19 le hore le tsebe lerato la Kreste+ le leng bohlokoa ho feta tsebo e le hore Molimo a le fe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo.
20 Molimo o khona ho sebelisa matla a hae ao a re fileng ’ona+ ho etsa lintho tsohle tse fetang hole tseo re ka li kopang kapa tseo re ka li nahanang.+ 21 E se eka a ka rorisoa melokong eohle ka phutheho le ka Kreste Jesu ka ho sa feleng. Amen.
4 ’Na Pauluse ea kentsoeng teronkong+ hobane ke le molateli oa Morena, ke le kopa hore le itšoare ka tsela e bontšang hore le tšoaneloa+ ke hore ebe Molimo o le khethile.* 2 Le lule le ikokobelitse,+ le le bonolo ebile le e-na le mamello.+ Le bontše hore lea ratana+ ka hore le se ke la fellana pelo. 3 Kaha le kopantsoe ke moea o halalelang, le sebetse ka thata hore le lule le momahane ka hore le be le khotso.+ 4 Ho na le ’mele o le mong+ le moea o le mong+ feela joalokaha ho e-na le tšepo e le ’ngoe+ eo le e khethetsoeng.* 5 Morena o mong,+ tumelo e ’ngoe, kolobetso e ’ngoe. 6 Molimo eo e leng Ntate oa batho bohle o mong. O okametse bohle, o sebelisa bohle le matla a hae a sebetsa ka litsela tsohle.
7 Molimo o ile a ba mosa* ho e mong le e mong oa rona ’me Kreste ke eena ea re fileng mpho eo.+ 8 Mangolo a re: “Ha a nyolohela holimo o ile a nka batšoaruoa. A fana ka limpho e leng banna.”+ 9 Polelo e reng “a nyolohela holimo,” e bolela hore o ne a kile a theohela lefatšeng. 10 Motho ea ileng a theohela tlase ke eena ea ileng a nyolohela+ holimo-limo leholimong+ e le hore lintho tsohle li ka phethahatsoa ka eena.
11 Har’a limpho tseo a faneng ka tsona, ho na le baapostola,+ baprofeta,+ baevangeli,*+ balisa le mesuoe.+ 12 O fane ka bona e le hore ba thuse* balumeli* ho tsamaea tseleng e nepahetseng, hore ba sebeletse batho ba bang le hore ba hahe ’mele oa Kreste.*+ 13 Ba tla etsa joalo ho fihlela kaofela re lumela ntho e le ’ngoe ebile re tseba Mora oa Molimo ka tsela e nepahetseng. Ka tsela eo, re tla ba batho ba holileng+ ka litsela tsohle joaloka Kreste. 14 Kahoo, re se ke ra hlola re e-ba bana eaba re isoa koana le koana joaloka sekepe se khannoang ke maqhubu le se fefoloang ke moea, ka hore re lumele thuto e ’ngoe le e ’ngoe ea bohata+ e rutoang ke batho ba bolotsana kapa re mamele batho ba qhekellang ba bang ka maqiti a bona. 15 Re lokela ho bua ’nete re be re rate batho ba bang. Ka tsela eo, re tla khona ho hola ka litsela tsohle, re phele joaloka Kreste eo e leng hlooho ea rona.+ 16 Re tšoana le litho tsa ’mele oa motho.+ Litho tseo kaofela li kopanngoa hantle ka Kreste ’me li thusa ’mele ho sebetsa hantle. Ha setho se seng le se seng se etsa mosebetsi oa sona, ’mele o hola hantle ’me kaofela re tla ratana.+
17 Ke bua le lona ebile ke le kopa ka lebitso la Morena hore le se ke la hlola le etsisa batho ba lichaba+ hobane ba phela feela ho ea ka menahano ea bona e se nang thuso.+ 18 Likelello tsa bona li lefifing, ba suthetse hole le bophelo bo tsoang ho Molimo hobane ha ba batle ho tseba Molimo ebile ba ithatafalitse lipelo. 19 Kaha ha ba sa na mekhoa ho hang, ba ineheletse boitšoaro bo bobe boo ba bo etsang ba sa soabe,*+ ba tloaetse ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e litšila ka meharo.
20 Ha lea ka la tseba Kreste e le motho ea joalo 21 hobane le mo utloile la ba la rutoa ke eena kaha o ne a ruta ’nete. 22 Le ile la rutoa ho lahla botho ba khale*+ bo lumellanang le tsela eo le neng le itšoara ka eona pele. Botho boo ba lona ba khale bo bolile hobane le ne le khelosoa ke litakatso tsa lona.+ 23 Le ’ne le nchafatse tsela eo le nahanang ka eona.*+ 24 Le apare botho bo bocha+ boo Molimo a bo entseng ho ea ka thato ea hae. Botho boo bo lokile ebile boa tšepahala.
25 Kaha joale le tlohetse leshano, le bolellane ’nete+ hobane le litho tsa ’mele o le mong.+ 26 Halefang empa le se ke la etsa sebe.+ Letsatsi le se ke la likela le ntse le halefile,+ 27 le se ke la fa Diabolose monyetla.+ 28 Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa empa a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o motle ka matsoho a hae+ e le hore a be le ho hong hoo a ka ho fang motho ea hlokang.+ 29 Le se ke la bua mantsoe a bolileng+ empa le bue lintho tse molemo tse tla haha batho ba li mametseng neng kapa neng ha ho hlokahala.+ 30 Le se ke la utloisa moea o halalelang oa Molimo bohloko.*+ Molimo o le tšoaile ka moea oo+ e le hore le lopolloe ka tefo ea topollo ha letsatsi la topollo le fihla.+
31 Lehloeo,+ bohale, ho etsa lerata le halefile le lipuo tse hlabang+ hammoho le lintho tsohle tse mpe li se ke tsa e-ba teng har’a lona.+ 32 Empa le bontšane mosa, le be le qenehelo+ le be le tšoarelane ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena a le tšoaretse ka bolokolohi ka Kreste.+
5 Le etsise Molimo+ hobane le bana ba hae bao a ba ratang. 2 Le ’ne le ratane+ feela joalokaha Kreste le eena a ile a re* rata.+ O ile a tela bophelo ba hae bakeng sa rona* e le nyehelo le sehlabelo se nkhang hamonate ho Molimo.+
3 Boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* ntho e ’ngoe le e ’ngoe e litšila le meharo li se ke tsa buuoa le ho buuoa har’a lona+ hobane ha hoa lokela ho ba joalo har’a bahlanka ba Molimo.+ 4 Hape har’a lona ha hoa lokela ho ba le boitšoaro bo soabisang, lipuo tse se nang kelello le mesoaso e litšila+ e leng lintho tse sa lokang. Ho e-na le hoo, le be batho ba lebohang.+ 5 Le tseba hantle ebile lea hlokomela hore batho ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba sa hloekang kapa ba meharo (meharo ke borapeli ba litšoantšo)+ ba ke ke ba fumana ’Muso oa Kreste le oa Molimo.+
6 Le se ke la lumella mang kapa mang ho le qhekella ka mashano hobane ka lebaka la lintho tseo, Molimo o tla halefela ba sa mameleng. 7 Le se ke la itsoakanya le bona 8 hobane pele le ne le le lefifing empa hona joale le leseling+ kaha le ba Morena.+ Tsoelang pele le phela joaloka bana ba leseli 9 hobane leseli le hlahisa* mefuta eohle ea lintho tse molemo, tse lokileng le tsa ’nete.+ 10 Etsang bonnete ba hore na ke lintho life tse khahlisang+ Morena. 11 Le tlohele ho etsa lintho tse se nang thuso tsa lefifi.+ Ho e-na le hoo, le li senole. 12 Lintho tseo ba li etsang lekunutung li soabisa hoo li sa buuoeng. 13 Lintho tsohle li pepesoa ke leseli. Kahoo, leseli le etsa hore lintho tsohle li bonahale. 14 Ka lebaka leo, ho itsoe: “Tsoha uena ea robetseng, u tsohe bafung+ ’me Kreste o tla u fa leseli.”+
15 Le ichebe hore na le itšoere joang. Le se ke la itšoara joaloka batho ba se nang kelello empa le itšoare joaloka ba bohlale. 16 Le sebelise nako ea lona hantle*+ hobane matsatsing ao re phelang ho oona ho tletse bokhopo. 17 Le se ke la ba batho ba se nang kelello empa le lule le utloisisa hore na thato ea Jehova* ke efe.+ 18 Le se ke la tahoa ke veine+ hobane e etsa hore batho ba tsoe tseleng. Le ’ne le tlale moea o halalelang. 19 Binang lipesaleme hammoho,* le bine lipina tse rorisang Molimo le lipina tsa borapeli.+ Le letse ’mino ’me le binele Jehova*+ ho tsoa pelong.*+ 20 Le lule le leboha+ Molimo Ntate oa rona ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe le sebelisa lebitso la Morena oa rona Jesu Kreste.+
21 E mong le e mong a ikokobeletse e mong+ hobane le hlompha Kreste haholo. 22 Basali ba ikokobeletse banna ba bona+ joalokaha ba ikokobeletsa Morena 23 hobane monna ke hlooho ea mosali oa hae+ joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea phutheho.+ Ke eena mopholosi oa ’mele e leng phutheho. 24 Feela joalokaha phutheho e ikokobeletsa Kreste, basali le bona ba lokela ho ikokobeletsa banna ba bona nthong e ’ngoe le e ’ngoe. 25 Banna, le lule le rata basali ba lona+ feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho, a ba a tela bophelo ba hae bakeng sa eona.+ 26 O entse joalo e le hore a ka e halaletsa, a e hloekisa ka metsi e leng lentsoe la Molimo+ 27 e le hore phutheho e hlahe e le ntle ka pel’a hae, e se na matheba, masoebe kapa lintho tse tšoanang le tseo+ empa e halalela hape e hloka molato.+
28 Banna le bona ba rate basali ba bona joalokaha ba rata ’mele ea bona. Monna ea ratang mosali oa hae oa ithata 29 hobane ha ho motho ea kileng a hloea ’mele oa hae empa oa o fepa le ho o baballa joalokaha Kreste le eena a etsetsa phutheho lintho tsena 30 hobane re litho tsa ’mele oa hae.+ 31 “Ka lebaka leo, monna o tla siea ntate oa hae le ’mè oa hae ’me a khomarele* mosali oa hae, bobeli ba bona e tla ba nama e le ’ngoe.”+ 32 Lekunutu lena le leholo le halalelang+ le bua ka Kreste le phutheho.+ 33 Leha ho le joalo, e mong le e mong oa lona o lokela ho rata mosali oa hae+ joalokaha a ithata. Mosali le eena o lokela ho hlompha monna oa hae haholo.+
6 Bana, le mamele batsoali ba lona+ feela joalokaha Morena a batla hobane ho etsa joalo ho nepahetse. 2 Taelo ea pele e tsamaeang le tšepiso ke ena: “Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao+ 3 e le hore lintho li u tsamaele hantle* le hore u phele nako e telele lefatšeng.” 4 Bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lona+ empa le tsoele pele ho ba holisa ka ho ba khalemela le ho ba tataisa+ ka tsela eo Jehova* a e batlang.*+
5 Basebeletsi, le hlomphe benghali ba lona haholo+ ’me le ba mamele ka lipelo tsohle joalokaha le mamela Kreste. 6 Le se ke la etsa joalo feela ha le shebiloe hobane le batla ho thabisa batho+ empa le etse joalo hobane le le basebeletsi ba Kreste ba etsang thato ea Molimo ka moea* oohle.+ 7 Le ba sebeletse ka pelo eohle joalokaha eka le sebeletsa Jehova*+ eseng batho. 8 Lea tseba hore Jehova* o tla fa e mong le e mong moputso bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo eo a e etsang,+ ho sa tsotellehe hore na ke lekhoba kapa ha se lona. 9 Lona benghali, le tšoare basebeletsi ba lona ka tsela e tšoanang, le se ke la ba tšosa hobane lea tseba hore Mong’a lona le Mong’a basebeletsi ba lona o leholimong+ ’me ha a leeme.*
10 Ke qetella ka ho re ho lona, le ’ne le matlafatsoe ke Morena ka matla a hae a maholo.+ 11 Aparang lihlomo tsohle tsa ntoa+ tse tsoang ho Molimo e le hore le khone ho ema le tiile maqiting a Diabolose. 12 Ha re loane+ le batho ba nama le mali empa re loana le bademona ba leholimong, mebuso le balaoli ba laolang lefatše lena le lefifing.+ 13 Ka lebaka lena, nkang lihlomo tsohle tsa ntoa tse tsoang ho Molimo+ e le hore le ka khona ho itšireletsa ha sera sa lona se le hlasela* le hore le eme le tiile ha le se le lokisitse lintho tsohle.
14 Le eme le tiile, le itlamme matheka ka lebanta la ’nete,+ le apare tšireletso ea sefuba e leng boitšoaro bo botle.+ 15 Le roale lieta, e leng litaba tse monate tsa khotso+ tseo le itokiselitseng ho li phatlalatsa. 16 Ntle le moo, le nke thebe e kholo ea tumelo+ eo ka eona le tla khona ho tima metsu eohle e tukang ea ea khopo.+ 17 Hape le roale helmete ea poloko,+ le nke le sabole ea moea e leng lentsoe la Molimo.+ 18 Le lule le rapela ka linako tsohle le susumetsoa ke moea oa Molimo,+ le etse lithapelo tsa mefuta eohle+ le lithapelo tse matla. E le hore le khone ho etsa joalo, le lule le falimehile ’me le etsetse balumeli* kaofela lithapelo tse matla hangata. 19 Hape le nthapelle hore ha ke bula molomo ke bue mantsoe a nepahetseng e le hore ke khone ho bua ka sebete ka lekunutu le halalelang la litaba tse monate.+ 20 Ke moromuoa+ oa Molimo ea kentsoeng teronkong ea bolelang litaba tsena tse monate. Ke kopa hore le nthapelle hore ke li bolele ka sebete joalokaha ke tlamehile.
21 Tikikase+ ngoan’abo rona eo re mo ratang le ea sebeletsang Morena ka botšepehi o tla le bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le hore le tsebe hore na ho etsahala’ng ka ’na le hore na ke ntse ke ea joang.+ 22 Ke mo roma ho lona ka morero oa hore a le bolelle hore na re ntse re ea joang le hore a le tšelise.
23 E se eka bana ba bo rona ba ka ba le khotso, lerato le tumelo e tsoang ho Molimo Ntate oa rona le Morena Jesu Kreste. 24 E se eka Molimo a ka ba mosa* ho bohle ba ratang Morena oa rona Jesu Kreste ka lerato le sa feleng.
Ka Segerike: “bahalaleli.”
E leng Kreste.
Ka Segerike: “e felile.”
Kapa: “peheletso; tšepiso.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Ka Segerike: “mahlo a lipelo tsa lona.”
Kapa: “bitselitseng.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Kapa: “mehleng ena.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “maoto a.”
Kapa: “mehleng e tlang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “palong eo batho ba hlokofaletsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “’mele o le mong.”
Ka Segerike: “Ke ile ka ba mosebeletsi oa.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Kapa: “a matlafatse motho eo le leng eena ka hare.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Kapa: “bitsitse.”
Kapa: “bitselitsoeng.”
Kapa: “baboleli ba litaba tse monate.”
Kapa: “koetlise.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
E leng phutheho.
Kapa: “boitšoaro bo hlabisang lihlong.” Ka Segerike ke bongata ba lentsoe a·sel′gei·a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ho tlohela mekhoa ea khale.”
Kapa: “boikutlo bo laolang likelello tsa lona.”
Kapa: “soabisa moea o halalelang.”
Kapa mohlomong: “le.”
Kapa mohlomong: “lona.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “litholoana tsa leseli ke.”
Ka Segerike: “Le ithekele nako.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa mohlomong: “Le ipinele lipesaleme.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “ka lipelong.”
Kapa: “a lule le.”
Kapa: “e le hore u atlehe.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “ho ba kenya kelello ea Jehova.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “khetholle.”
Ka Segerike: “ka letsatsi le khopo.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”