LENGOLO LA PELE LE EANG HO BATHESALONIKA
1 ’Na Pauluse, ke na le Silvanase*+ le Timothea.+ Ke ngolla phutheho ea Bathesalonika e ikarabellang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste:
E se eka Molimo a ka ba mosa* ho lona le ho le fa khotso.
2 Kamehla re leboha Molimo ha re bua ka lona kaofela lithapelong tsa rona.+ 3 Ha re le ka pel’a Molimo Ntate oa rona, re lula re hopola mesebetsi eo le e etsang hobane le e-na le tumelo le lerato. Hape re lula re hopola kamoo le mameletseng mathata kateng hobane le e-na le tšepo+ ho Morena oa rona Jesu Kreste. 4 Lona bana ba bo rona ba ratoang ke Molimo, rea tseba hore Molimo o le khethile 5 hobane litaba tse monate tseo re li bolelang, ha rea li bua ka mantsoe feela empa le li utloile le thusoa ke moea o halalelang. Re ne re kholisehile hore molaetsa oo re le bolellang oona ke ’nete ’me o le thusitse haholo. Le tseba tsela eo re ileng ra itšoara ka eona molemong oa lona ha re ne re le har’a lona. 6 Le ile la re etsisa+ la ba la etsisa Morena+ hobane le ile la amohela lentsoe ka thabo e tlisoang ke moea o halalelang le hoja le ne le hlorisoa haholo.+ 7 Kahoo, le bile mohlala ho balumeli bohle ba Macedonia le ba Akaia.
8 Ha se hore le ile la hasa lentsoe la Jehova* Macedonia le Akaia feela empa tumelo ea lona ho Molimo ea tsebahala libakeng tsohle+ hoo re seng re se na letho leo re ka le buang. 9 Ba re boleletse kamoo re ileng ra kopana le lona kateng ka lekhetlo la pele le kamoo le ileng la furalla melimo ea litšoantšo+ kateng e le hore le sebeletse Molimo ea phelang le oa ’nete. 10 Hape ba re boleletse kamoo le ntseng le lebeletse Mora oa hae ea tsoang maholimong+ eo a ileng a mo tsosa bafung e leng Jesu, ea tla re lopolla bohaleng ba Molimo bo tlang.+
2 Bana beso, le tseba hantle hore ketelo ea rona e bile le melemo.+ 2 Lea tseba hore re ile ra hlokofatsoa le ho tšoaroa hampe ha re le Filipi.+ Leha ho le joalo, Molimo o ile a re fa sebete sa ho le bolella litaba tse monate tse tsoang ho eena+ le hoja re ne re hanyetsoa haholo.* 3 Likeletso tseo re le fang tsona ha lia fosahala. Ha re le fe tsona ka sepheo se fosahetseng kapa hobane re batla ho le thetsa. 4 Ho e-na le hoo, re bua le lona hobane re khethiloe ke Molimo ho bolela litaba tse monate. Ha re bue le lona hore re khahlise batho empa re batla ho khahlisa Molimo ea hlahlobang lipelo tsa rona.+
5 Lea tseba hore ha ho mohla re ileng ra le qhekella ka ho le bolella mantsoe a monate kapa ra iketsa eka re batho ba lokileng hobane feela re shebile ho fumana ho hong.+ Le Molimo a ka e paka taba ena. 6 Hape ha rea ka ra batla hore lona kapa batho ba bang ba re rorise. Kaha re baapostola ba Kreste, re ka be re ile ra le imetsa ka hore le re hlokomele.+ 7 Ho e-na le ho etsa joalo, re ile ra ba bonolo ho lona joalokaha ’mè a nyantša le ho baballa bana ba hae. 8 Kahoo, re ne re ikemiselitse ho le bolella litaba tse monate tse tsoang ho Molimo le ho tela bophelo ba rona+ e le hore re le thuse hobane re le rata haholo.+
9 Bana beso, le hopola hantle kamoo re neng re sebetsa ka thata kateng. Re ne re sebetsa bosiu le motšehare e le hore ha re ntse re le bolella litaba tse monate tse tsoang ho Molimo, re se ke ra imetsa le ea mong oa lona.+ 10 Bana beso, le lipaki tsa hore ha re ne re e-na le lona, re ne re le tšepahalla, re etsa lintho tse lokileng ebile re se na molato. Le Molimo a ka e paka taba ena. 11 Le tseba hantle hore re ne re hlola re khothatsa, re eletsa le ho tšelisa e mong le e mong oa lona+ feela joalokaha ntate+ a etsa ho bana ba hae. 12 Re entse joalo e le hore le ’ne le phele ka tsela e thabisang Molimo+ ea le bitselitseng ’Musong oa hae+ le khanyeng ea hae.+
13 Ka lebaka leo, re boetse re leboha Molimo re sa khaotse+ hobane ha le ne le utloa lentsoe la Molimo ho rona, ha lea ka la le nka e le lentsoe la batho. Le ile la le nka e le lentsoe la Molimo hobane kannete ke lona ’me lentsoe leo le thusa lona balumeli. 14 Bana beso, le ile la etsisa liphutheho tsa Molimo tse Judea tse ikarabellang ho Kreste Jesu hobane le ile la hlorisoa ke batho ba naha ea habo lona+ feela joalokaha le bona ba ntse ba hlorisoa ke Bajuda. 15 Hape Bajuda bao ba ile ba bolaea Morena Jesu+ le baprofeta ’me ba re hlorisa.+ Ha ba thabise Molimo, le lintho tseo ba li etsang ha li tsoele mang kapa mang molemo. 16 Ba leka ho re sitisa ho bolella batho ba lichaba hore na ba ka etsa’ng e le hore ba pholosoe.+ Ha ba etsa joalo, ba lula ba eketsa libe tsa bona. Leha ho le joalo, khalefo ea Molimo e ba fihletse.+
17 Bana beso, re ile ra tlameha ho arohana le lona ka nako e khutšoanyane. Leha re ne re sa bonane, ha rea ka ra le lebala. Kaha re ne re le hlolohetsoe haholo, re ile ra etsa sohle se matleng a rona hore re kopane le lona.* 18 Ka lebaka leo, re ne re batla ho tla ho lona ’me ’na Pauluse, ke ile ka leka ho tla ho lona habeli empa Satane a re koalla tsela. 19 Mohla Morena oa rona Jesu a bang teng, le tla ba tšepo ea rona, le tla re thabisa ebile le tla ba moputso* oo re tla ba motlotlo ka oona ha re le ka pel’a hae.+ 20 Kannete re motlotlo ka lona, lea re thabisa.
3 Re ile ra le hloloheloa hoo re neng re sitoa ho iphapanya. Kahoo, ra bona ho le molemo hore ke sale ke le mong Athene.+ 2 Re ile ra roma ngoan’abo rona Timothea,+ mohlanka oa Molimo* ea bolelang litaba tse monate ka Kreste. Re ne re mo romme hore a le matlafatse le ho le tšelisa e le hore tumelo ea lona e lule e le matla 3 le hore ho se ke ha e-ba le ea fokolisoang* ke mathata ana. Etsoe lea tseba hore mathata ana a ke ke a re pota ka thoko.+ 4 Ha re ne re e-na le lona, re ne re tloaetse ho le bolella hore re tla hlaheloa ke mathata ’me joalokaha le tseba, ke mona ho etsahetse.+ 5 Kahoo, eitse ha ke le hloloheloa hoo ke sitoang ho iphapanya, ka roma Timothea ho lona e le hore ke tsebe hore na le ntse le tšepahala.+ Ke ne ke tšohile hore mohlomong Diabolose*+ o le lekile eaba joale re sebelelitse lefeela.
6 Timothea o sa tsoa fihla ho rona a tsoa ho lona+ ’me o re boleletse litaba tse monate tsa hore le lerato ebile lea tšepahala. Hape o re boleletse hore le lula le re hopotse haholo ebile le hlolohetsoe ho re bona joalokaha le rona re hlolohetsoe ho le bona. 7 Ka lebaka leo bana beso, ha re hlaheloa ke mathata le matšoenyeho, rea tšeliseha ka lebaka la lona le botšepehi ba lona.+ 8 Ha le ema le tiile ka lehlakoreng la Morena, rea hlasimoloha.* 9 Ebe re ka leboha Molimo joang ka lebaka la lona le ka lebaka la thabo eo le re fang eona? 10 Bosiu le motšehare re etsa lithapelo tse matla ka pelo eohle. Re rapella hore re le bone* le hore re le thuse ka lintho tseo le li hlokang ho matlafatsa tumelo ea lona.+
11 E se eka Molimo Ntate oa rona le Morena oa rona Jesu ba ka re bulela tsela e le hore re tle ho lona. 12 Hape e se eka Morena a ka etsa hore lerato leo le ratanang ka lona le leo le ratang batho ba bang ka lona+ le eketsehe feela joalokaha lerato leo re le ratang ka lona le ntse le eketseha. 13 Ka tsela eo, o tla etsa hore le tiee, le hloke molato hape le halalele ka pel’a Molimo+ Ntate oa rona nakong ea ho ba teng ha Morena oa rona Jesu+ le bahalaleli bohle ba hae.
4 Bana beso, re se re le rutile hore na le lokela ho itšoara joang e le hore le thabise Molimo+ ’me le se le ntse le etsa joalo. Rea le eletsa le ho le kopa ka lebitso la Morena Jesu hore le tsoele pele ho etsa joalo le ho feta. 2 Le tseba litaelo tseo re le fileng tsona tse tsoang ho Morena Jesu.
3 Molimo o batla hore le halalele+ le hore le se ke la etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ 4 E mong le e mong a tsebe ho laola ’mele oa hae+ e le hore o lule o halalela+ ebile o hlompheha. 5 Le se ke la etsisa batho ba lichaba ba sa tsebeng Molimo,+ ba laoloang ke litakatso tsa bona tse feteletseng tsa ho etsa thobalano.+ 6 Ho se ke ha e-ba le motho ea tlolang melao eo ea boitšoaro eaba o utloisa ngoan’abo bohloko. Jehova* o tla otla batho ba etsang lintho tsena kaofela feela joalokaha re ile ra le bolella le ho le lemosa ka matla. 7 Molimo ha a re bitsetsa hore re phele bophelo bo litšila, o re bitselitse hore re halalele.+ 8 Motho ea sa mameleng lithuto tsena ha a telle batho empa o tella Molimo+ ea le fang moea o halalelang.+
9 Ha e le taba ea ho rata bana ba bo lona,+ ha le hloke hore re le ngolle ka eona hobane Molimo ke eena ea le rutang hore le ratane.+ 10 Ha e le hantle, le rata bana ba bo rona ba Macedonia kaofela. Leha ho le joalo, rea le kopa bana beso hore le tsoele pele ho rata bana ba bo lona le ho feta. 11 Le ikemisetse ho phela ka khotso,+ le se ke la kena-kenana le litaba tsa batho ba bang,+ hape le sebetse+ feela joalokaha re ile ra le laela. 12 Ha le etsa joalo, le tla etsa hore batho ba le shebileng+ ba bone hore le phela bophelo bo hlomphehang le hore ha le hloke letho.
13 Bana beso, re batla hore le tsebe hore na ho tla etsahala’ng ka bafu+ e le hore le se ke la hlomoha joaloka batho ba se nang tšepo.+ 14 Haeba re lumela hore Jesu o ile a shoa a ba a tsoha,+ re boetse re lumela hore Molimo o tla tsosa bohle ba shoeleng e le balateli ba Jesu e le hore ba ka ba le Jesu.+ 15 Re le bolella taba ena e tsoang lentsoeng la Jehova:* Rona ba tla beng ba ntse ba phela mohla Morena a bang teng, re ke ke ra nyolohela leholimong pele ho ba seng ba ntse ba shoele. 16 Etsoe Morena o tla theoha leholimong a tšoere terompeta ea Molimo, a fana ka litaelo ka lentsoe la lengeloi le leholo.+ Barutuoa ba Kreste ba shoeleng ba tla tsoha bafung pele.+ 17 Ka mor’a moo, rona ba ntseng ba phela re tla nkeloa marung+ ho bona e le hore re kopane le Morena+ sepaka-pakeng. Kahoo, re tla lula re e-na le Morena.+ 18 Le ’ne le tšelisane ka mantsoe ana.
5 Bana beso, ha le hloke ho ngolloa letho ka linako le mehla. 2 Le tseba hantle hore letsatsi la Jehova*+ le tla tla feela joaloka lesholu bosiu.+ 3 Neng kapa neng ha ba re: “Khotso le tšireletseho!” Ba tla felisoa hang-hang ba sa lebella,+ joalokaha mosali oa moimana a tleloa ke mahlaba a pelehi ka tšohanyetso. Ho hang ba ke ke ba phonyoha. 4 Lona bana beso ha le lefifing. Kahoo, letsatsi leo le ke ke la le tsometsa joalokaha khanya ea letsatsi* e tsometsa lesholu 5 hobane kaofela le bana ba leseli le bana ba motšehare.+ Ha re bana ba bosiu kapa ba lefifi.+
6 Kahoo, a re se keng ra robala joalokaha ba bang ba robetse+ empa re lule re falimehile+ ebile re e-na le likelello tse hlaphohetsoeng.+ 7 Ba robalang ba tloaetse ho robala bosiu, le ba tahoang ba tloaetse ho tahoa bosiu.+ 8 Empa ha e le rona ba khanyeng, a re luleng re e-na le likelello tse hlaphohetsoeng. Re be le tumelo le lerato joalokaha eka re apere tšireletso ea sefuba. Re be le tšepo ea hore re tla pholoha ’me tšepo eo e be helmete ea rona.+ 9 Molimo ha a re khethela hore re otloe empa o re khethetse hore re pholosoe+ ka Morena oa rona Jesu Kreste. 10 O ile a re shoela+ e le hore ho sa tsotellehe hore na rea phela kapa rea shoa,* re tle re phele le eena.+ 11 Ka hona, le tsoele pele ho khothatsana* le ho matlafatsana+ feela joalokaha le ntse le etsa.
12 Bana beso, re le kopa hore le hlomphe ba sebetsang ka thata har’a lona, ba le etellang pele mosebetsing oa Morena le ho le eletsa. 13 Le ba nahanele le ho ba rata haholo ka lebaka la mosebetsi oa bona.+ Le phelisane ka khotso.+ 14 Hape bana beso, re le khothaletsa hore le eletse ba tsoileng tseleng,+ le tšelise ba nyahameng,* le tšehetse ba fokolang le be le mamelle bohle.+ 15 Etsang bonnete ba hore ho se ke ha e-ba le ea iphetetsang.+ Le lule le leka ka matla ho etsetsana lintho tse ntle le ho li etsetsa batho ba bang.+
16 Lulang le thabile.+ 17 Lulang le rapela.+ 18 Le lebohele lintho tsohle.+ Molimo o batla hore balateli ba Kreste Jesu ba etse lintho tsena. 19 Le se ke la sitisa moea oa Molimo hore o sebetse ho lona.*+ 20 Le se ke la bua hampe ka boprofeta.+ 21 Etsang bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse,+ le khomarele tse nepahetseng. 22 Le qobe lintho tsohle tse fosahetseng.+
23 Bana beso, e se eka Molimo oa khotso a ka etsa hore le halalele ka hohle. E se eka makhabane ’ohle a lona, bophelo* ba lona le ’mele ea lona li ka fumanoa li se na molato ebile li phethahetse ka litsela tsohle nakong eo Morena oa rona Jesu Kreste a bang teng.+ 24 Ea le khethileng* oa tšepahala ’me o tla etsa lintho tseo.
25 Bana beso, le lule le re rapella.+
26 Lumelisang bana ba bo rona kaofela ka lerato.*
27 Ke le kopa ka lebitso la Morena oa rona hore le balle bana ba bo rona kaofela lengolo lena.+
28 E se eka Morena oa rona Jesu Kreste a ka ba mosa* ho lona.
Lebitso le leng la hae ke Silase.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa mohlomong: “ho ne ho se bonolo.”
Ka Segerike: “re bone lifahleho tsa lona.”
Ka Segerike: “korone.”
Kapa mohlomong: “mosebetsi-’moho le Molimo.”
Ka Segerike: “sisingoang.”
Ka Segerike: “Moleki.”
Ka Segerike: “rea phela.”
Ka Segerike: “re bone lifahleho tsa lona.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “motšehare.”
Kapa: “robetse.”
Kapa: “tšelisana.”
Kapa: “ba sithabetseng.”
Ka Segerike: “Le se ke la tima mollo oa moea.”
Kapa: “moea.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “bitsitseng.”
Ka Segerike: “kako e halalelang.”