Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt 1 Timothea 1:1-6:21
  • 1 Timothea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1 Timothea
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Timothea

LENGOLO LA PELE LE EANG HO TIMOTHEA

1 ’Na Pauluse, moapostola oa Kreste Jesu ea ronngoeng ke Molimo Mopholosi oa rona le Kreste Jesu eo re nang le tšepo ka lebaka la hae,+ 2 ke ’ngolla uena Timothea,*+ molumeli-’moho le ’na eo ke mo nkang joaloka ngoan’a ka.+

E se eka Molimo Ntate le Kreste Jesu Morena oa rona ba ka u bontša mosa,* ba u hauhela le ho u fa khotso.

3 Ha ke ne ke le mothating oa ho ea Macedonia, ke ile ka u khothaletsa ho lula Efese. Le hona joale ke u khothaletsa ho etsa joalo e le hore u ka khalemela ba bang moo hore ba se ke ba ruta lithuto lisele. 4 Hape u ba khalemele hore ba se ke ba mamela lipale tsa bohata+ le litaba tsa hore na maloko a latellana joang. Lintho tseo ha li na thuso+ ebile li etsa hore batho ba bue lintho tseo ba ke keng ba li paka. Ha ho na moo li kopanang teng le lintho tseo Molimo a re fang tsona tse re matlafatsang tumelo. 5 Sepheo sa taelo ena ke hore batho bohle ba bontše lerato+ hobane ba e-na le lipelo tse hloekileng, matsoalo a khutsitseng le tumelo+ e se nang boikaketsi. 6 Ba bang ba lahlile lintho tsena ’me ba keneletse lipuong tsa bosaoana.+ 7 Ba batla ho ba mesuoe+ ea molao empa ha ba utloisise lintho tseo ba li buang kapa tseo ba li rutang ka matla.

8 Rea tseba hore Molao o lokile hafeela motho a o sebelisa hantle 9 ebile a tseba hore molao ha oa etsetsoa batho ba lokileng empa o etselitsoe batho ba sa mameleng molao,+ ba sa laoleheng, ba sa hlompheng Molimo, baetsalibe, ba sa tšepahaleng,* ba silafetseng, ba bolaeang batsoali le batho ba bang, 10 ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* banna ba robalang le banna ba bang, ba koetelang batho, ba leshano, ba sa phethahatseng litšepiso* le ba etsang ntho efe kapa efe e hanyetsanang le thuto ea ’nete.*+ 11 Thuto ena e tsoa ho Molimo ea thabileng ’me e thehiloe holim’a litaba tse monate le tse ntle haholo tseo ke khethiloeng hore ke li phatlalatse.+

12 Ke leboha Kreste Jesu Morena oa rona ea ileng a mpha matla hobane o ile a bona ke tšepahala eaba o mpha mosebetsi o halalelang+ 13 le hoja qalong ke ne ke nyefola Molimo, ke hlorisa batho ba hae ebile ke ikhohomosa.+ Ke ile ka etsa lintho tseo hobane ke se na tsebo ebile ke se na tumelo empa Kreste o ile a nkhauhela. 14 Morena oa rona o ile a ba mosa haholo ho ’na ’me ke ile ka fumana tumelo le lerato le tsoang ho Kreste Jesu. 15 Mantsoe a reng “Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe”+ ke ’nete hape re tšoanela ho a lumela. Har’a baetsalibe bao bohle, ke ’na ea ka pele-pele.+ 16 Kreste Jesu o ile a ba mosa ho ’na moetsalibe ea ka pele-pele e le hore a ka bontša mamello ea hae ka ’na ’me ke tle ke be mohlala ho batho ba tla lumela ho eena e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng.+

17 Molimo ea mong feela,+ Morena oa bosafeleng,+ ea ke keng a shoa+ le ea sa bonahaleng+ a ke a hlomphuoe a be a tlotlisoe ka ho sa feleng. Amen.

18 Timothea ngoan’a ka, ke u fa taelo ena e lumellanang le mantsoe ao baprofeta ba ileng ba a bua ka uena. Mantsoe ao a tla u thusa hore u tsoele pele u loana ntoa e ntle+ 19 le hore u lule u e-na le tumelo le letsoalo le khutsitseng+ leo ba bang ba le qheletseng ka thoko eaba tumelo ea bona e senyeha joaloka sekepe se soahlamaneng. 20 Himenea+ le Alexandere ke ba bang ba bona ’me ke fane ka bona ho Satane+ e le hore khalemelo eo e ka ba ruta hore ba se ke ba tella Molimo.

2 Pele ho tsohle, ke le eletsa hore le rapelle batho ba mefuta eohle, le ba kopele thuso, le ba etsetse lithapelo tse matla le be le ba lebohele ho Molimo. 2 Hape le rapelle marena le bohle ba maemong a phahameng+ e le hore re ka phela bophelo bo khutsitseng re bile re e-na le khotso ha re ntse re sebeletsa Molimo ka botšepehi le ka mafolofolo linthong tsohle.+ 3 Ha re etsa joalo, re etsa ntho e ntle e thabisang Molimo, Mopholosi oa rona+ 4 eo thato ea hae e leng hore batho ba mefuta eohle ba pholohe+ le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete. 5 Kaha ho na le Molimo a le mong+ le ’muelli a le mong+ pakeng tsa Molimo le batho.+ ’Muelli eo ke Kreste Jesu+ 6 ea ileng a fana ka bophelo ba hae e le tefo e neng e hlokahala e le hore batho bohle ba lopolloe sebeng.+ Batho ba tla bua ka taba ena ka nako e loketseng. 7 Ke ka lebaka leo Molimo a nkhethileng hore ke be moapostola+ le hore ke bolele le ho ruta batho ba lichaba ’nete+ le hore ba be le tumelo. Ke bua ’nete, ha ke bue leshano.

8 Ka hona, ke lakatsa hore libakeng tsohle banna ba tšepahalang ba lule ba rapela,+ ba se ke ba halefa+ kapa ba pheha khang le batho ba bang.+ 9 Basali le bona ba ikhabise ka ho apara hantle* le ka tsela e bontšang hore baa itlhompha le hore ba na le kelello. Ba se ke ba ikhabisa ka ho loha meloho e feteletseng, ka khauta, liperela kapa liaparo tse turang haholo.+ 10 Ho e-na le hoo, ba ikhabise ka liketso tse lokileng e leng eona tsela ea ho ikhabisa e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba hlompha Molimo.+

11 Mosali a thole* ’me a ikokobetse ha a rutoa.+ 12 Ha ke lumelle mosali ho ruta kapa ho laola monna empa a lule a thotse.*+ 13 Etsoe Adama o ile a boptjoa pele eaba ho boptjoa Eva.+ 14 Hape ha se Adama ea ileng a thetsoa empa ke mosali ea ileng a thetsoa+ ’me a etsa sebe. 15 Leha ho le joalo, o tla sireletsoa ke ho ba le bana+ hafeela a* lula a e-na le tumelo, a le lerato, a halalela a bile a e-na le kelello.+

3 Mantsoe ao ke tl’o a bua ke ’nete: Haeba monna a etsa boiteko ba ho ba molebeli,+ o lakatsa mosebetsi o motle. 2 Molebeli o lokela ho phela ka tsela eo ho seng motho ea ka mo tšoaeang phoso, a be le mosali a le mong, a be le teka-tekano linthong tsohle tseo a li etsang, a be le kelello,+ a hlophisehe, a amohele baeti+ a be a khone ho ruta.+ 3 E se ke ea e-ba letahoa,+ a se ke a rata ntoa, a se ke a ba manganga,+ a se ke a rata ho pheha khang+ hape a se ke a rata chelete.+ 4 E be motho ea laolang lelapa la hae hantle, ea nang le bana ba mamelang le ba itšoereng hantle.+ 5 Etsoe motho a ka hlokomela phutheho ea Molimo joang empa a sitoa ho laola lelapa la hae? 6 E se ke ea e-ba motho eo e sa tsoa ba Mokreste+ esere a ikhohomosa eaba o fumana kahlolo e tšoanang le ea Diabolose. 7 Hape e lokela ho ba motho ea buuoang hantle ke batho bao e seng balumeli+ e le hore a se ke a tlotlolleha le ho oela lerabeng la Diabolose.

8 Bahlanka ba sebeletsang le bona e lokela ho ba batho ba holileng kelellong, e se ke ea e-ba baikaketsi,* ba se ke ba noa veine haholo, ba se ke ba e-ba meharo ea ho fumana leruo ka bolotsana,+ 9 ba lule ba tšepahalla lekunutu le halalelang la tumelo ka letsoalo le khutsitseng.+

10 Hape ba hlahlojoe pele hore ho bonoe hore na baa tšoaneleha. Ka mor’a moo, e ka ba bahlanka ba sebeletsang ha ho se na letho leo ba qosoang ka lona.+

11 Basali le bona e be batho ba holileng kelellong, ba se ke ba senya batho mabitso,+ ba be le teka-tekano linthong tsohle tseo ba li etsang hape ba tšepahale linthong tsohle.+

12 Mohlanka ea sebeletsang a be le mosali a le mong, a laole lelapa la hae hantle, haholo-holo bana ba hae. 13 Banna ba etsang mosebetsi oa bona hantle ba iketsetsa lebitso le letle ebile ba ka khona ho bua ka bolokolohi ka tumelo eo ba nang le eona ho Kreste Jesu.

14 Ke batla ho tla ho uena empa ke u ngolla lintho tsena e le hore haeba nka sitoa ho tla kapele, 15 u tsebe hore na u lokela ho itšoara joang ka tlung ea Molimo,+ eo e leng phutheho ea Molimo ea phelang, e tšehetsang le ho sireletsa ’nete. 16 Re ke ke ra hana hore lekunutu le halalelang le amanang le ho sebeletsa Molimo ka botšepehi le leholo. Lekunutu leo ke lena: ‘Jesu e ile ea e-ba motho,+ Molimo a phatlalatsa hore o lokile ha a mo fa ’mele oa moea hape.+ O ile a hlaha ho mangeloi,+ ha buuoa ka eena har’a lichaba,+ batho ba lefatšeng ba lumela ho eena+ a ba a amoheloa leholimong le ho tlotlisoa.’

4 Lentsoe le tsoang ho Molimo* le bolela ka ho hlaka hore linakong tse tlang ba bang ba tla oa tumelong. Ba tla mamela lithuto tsa bademona le melaetsa eo e seng ’nete e bonahalang eka e tsoa ho Molimo.+ 2 Hape ba tla mamela mashano a banna ba baikaketsi,+ bao matsoalo a bona a cheleng joalokaha eka a chesitsoe ka tšepe e chesang. 3 Ba hanela batho ho nyala+ ebile ba ba laela hore ba se ke ba ja lijo+ tseo Molimo a li etselitseng+ batho ba nang le tumelo+ le ba tsebang ’nete hore ba li je ’me ba mo lebohe. 4 Lintho tsohle tseo Molimo a li bopileng li molemo.+ Ha ho letho le lokelang ho lahloa+ haeba batho ba li amohelang ba leboha 5 hobane li hloekisoa ke lentsoe la Molimo le thapelo.

6 Ha u fa bana ba bo rona likeletso tsena, u tla be u bontša hore u mosebeletsi ea lokileng oa Kreste Jesu, ea rutiloeng molaetsa o amanang le tumelo ea rona le thuto e nepahetseng eo u ntseng u e latela.+ 7 U se ke oa mamela lipale tsa bohata tse sa hlompheng Molimo+ tse kang tse phetoang ke basali-baholo. Empa u ikoetlise ka sepheo sa ho sebeletsa Molimo ka botšepehi. 8 Ho ikoetlisa ’mele ho na le molemo o itseng empa ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ho molemo linthong tsohle hobane ho thusa batho ho fumana litlhohonolofatso tseo Molimo a tšepisitseng ho re fa tsona hona joale le nakong e tlang.+ 9 Mantsoe ao ke ’nete hape re tšoanela ho a lumela. 10 Ke ka lebaka leo re sebetsang ka thata le ho ikitlaetsa+ hobane re tšepile Molimo ea phelang, ea pholosang+ batho ba mefuta eohle,+ haholo-holo ba tšepahalang.

11 Lula u fana ka litaelo tseo le ho ruta lintho tsena. 12 U se ke oa lumella mang kapa mang ho u khella fatše hobane u le mocha. Ho e-na le hoo, u behele ba tšepahalang mohlala ka lerato la hao, tumelo ea hao, bohloeki, tsela eo u buang ka eona le eo u itšoarang ka eona. 13 U tsoele pele ho ikitlaelletsa ho bala phatlalatsa,+ ho eletsa* le ho ruta ho fihlela ke fihla. 14 U se ke oa lebala mpho eo u ileng oa e fuoa ha ho ne ho profetoa ka uena nakong eo sehlopha sa baholo se neng se u beha matsoho.+ 15 Nahanisisa ka lintho tsena, u li etse ka mafolofolo ’ohle e le hore batho bohle ba bone hore oa hola. 16 Etsa sohle seo u ka se khonang hore u be mohlala o motle le hore u rute hantle.+ Lula u etsa lintho tseo hobane u tla pholoha u be u pholose le ba u mamelang.+

5 U se ke oa halefela monna ea holileng+ empa u bue le eena hantle joalokaha eka ke ntate oa hao. U bue le bahlankana joalokaha eka ke bo-abuti ba hao le bana beno. 2 U bue le basali ba baholo joalokaha eka ke bo-’mè ba hao le basali ba bacha joalokaha eka ke likhaitseli tsa hao. U itšoare hantle ha u sebelisana le bona.

3 Hlokomela* bahlolohali ba hlileng ba hlokang.*+ 4 Empa haeba mohlolohali ofe kapa ofe a e-na le bana kapa litloholo, bana bao ba bontše hore ba rata Molimo ka hore ba qale pele ba hlokomele malapa a habo bona.+ Ba buseletse batsoali ba bona le batsoali ba batsoali ba bona lintho tse ba tšoanetseng+ hobane ho etsa joalo ho thabisa Molimo.+ 5 Mohlolohali ea se nang letho o tšepa Molimo+ ’me o lula a mo rapela ka matla le ho mo kopa thuso bosiu le motšehare.+ 6 Empa mohlolohali ea phelelang feela ho khotsofatsa litakatso* tsa hae, o shoele le hoja a ntse a phela. 7 Kahoo, u ’ne u ba fe litaelo tsena e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea ka ba tšoaeang phoso. 8 Haeba motho a sa hlokomele batho bao a nang le boikarabelo ba ho ba hlokomela, haholo-holo ba lelapa la hae, o latotse tumelo ebile o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.+

9 Mohlolohali a kenngoe lethathamong la batho ba hlokang thuso haeba a le ka holimo ho lilemo tse 60 ebile a ne a tšepahalla monna oa hae,* 10 a tumme ka mesebetsi e metle,+ a holisitse bana hantle,+ a tloaetse ho amohela baeti,+ a hlatsoitse maoto a bahalaleli,+ a thusitse ba mahlomoleng+ ebile a tloaetse ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo ka mafolofolo.

11 Bahlolohali ba bacha lilemong bona u se ke oa ba kenya lethathamong leo hobane ha litakatso tsa bona tsa ho etsa thobalano li ba sitisa ho sebeletsa Kreste, ba batla ho nyaloa. 12 Ba tla ahloloa hobane ba sa ka ba tšepahalla tšepiso ea bona ea pele. 13 Ba qetella ba se ba tloaetse ho se etse letho, ba nyolosa ba theosa ba ea malapeng a batho ba bang. Ntle le hore ba tloaetse ho se etse letho, baa seba le ho kena-kenana le litaba tsa batho ba bang+ ebile ba bua ka lintho tse sa ba tlameng. 14 Kahoo, ke lakatsa hore bahlolohali ba bacha lilemong ba nyaloe,+ ba be le bana,+ ba hlokomele malapa a bona e le hore ba se ke ba fa mohanyetsi ofe kapa ofe monyetla oa ho ba bua hampe. 15 Bahlolohali ba bang ba khelohile tsela e nepahetseng ’me ba latela Satane. 16 Haeba mosali ofe kapa ofe oa Mokreste a amana le mohlolohali, o lokela ho mo thusa e le hore phutheho e se ke ea imeloa, e tle e khone ho thusa bahlolohali ba se nang letho.*+

17 Baholo ba tataisang phutheho hantle+ ba lokela ho fuoa tlhompho e tebileng,+ haholo-holo ba sebetsang ka thata ho bua ka lentsoe la Molimo le ho ruta.+ 18 Le Mangolo a re, “U se ke oa tlama poho molomo ha e pola.”+ Hape a re, “Motho ea sebetsang o tšoanela ho fuoa moputso oa hae.”+ 19 U se ke oa etsa letho haeba ho e-na le motho ea qosang monna ea holileng,* ntle leha ho e-na le batho ba babeli kapa ba bararo ba pakang taba eo.+ 20 Ba tloaetseng ho etsa sebe+ u ba khalemele+ ka pel’a batho bohle e le hore le ba bang ba tle ba tšabe ho etsa sebe. 21 Ke u laela ka pel’a Molimo, Kreste Jesu le mangeloi a khethiloeng ke Molimo hore u latele litaelo tsena u se na leeme kapa khethollo.+

22 U se ke oa potlakela ho khetha* monna ofe kapa ofe+ hore a be le boikarabelo bo itseng, hape u se ke oa kenella libeng tsa batho ba bang. Lula u itšoere hantle.

23 U se ke oa hlola u noa metsi* empa u noe veine e nyenyane bakeng sa mala a hao. E tla u thusa hobane u kula hangata.

24 Libe tsa batho ba bang lia tsebahala ’me seo se etsa hore ba ahloloe ka potlako empa libe tsa batho ba bang tsona li hlahella hamorao.+ 25 Ka tsela e tšoanang, mesebetsi e metle ea tsebahala.+ Le haeba e sa tsebahale, e ke ke ea lula e patehile.+

6 Bao e leng makhoba ba hlomphe beng ba bona ka pelo eohle+ e le hore lebitso la Molimo le lithuto tsa hae li se ke tsa buuoa hampe.+ 2 Makhoba ao beng ba ’ona e leng Bakreste a se ke a ba tella hobane feela e le balumeli-’moho le ’ona. Ho e-na le hoo, a ba sebeletse ka thata le ho feta hobane batho ba fumanang melemo ea mosebetsi oa ’ona o motle ke balumeli-’moho le ’ona le bana ba bo ’ona bao a ba ratang.

U ’ne u ba rute lintho tsena le ho ba fa likeletso tsena. 3 Haeba mang kapa mang a ruta thuto esele, a sa lumellane le thuto e nepahetseng*+ e tsoang ho Morena oa rona Jesu Kreste kapa thuto eo a e rutang e sa khothaletse batho ho sebeletsa Molimo ka botšepehi,+ 4 oa ikhohomosa ebile ha a utloisise letho.+ O rata* ho pheha khang le ho tseka mantsoe.+ Lintho tsena li etsa hore batho ba be mona, ba qabane, ba senye ba bang mabitso* le hore ba se ke ba tšepa batho ba bang. 5 Lintho tseo li etsa hore batho bana ba senyehileng likelello+ le ba seng ba sa utloisise ’nete ba lule ba phehile khang ka lintho tse sa reng letho. Ba batla ho sebeletsa Molimo hobane feela ba shebile ho fumana melemo e itseng.+ 6 Teng ke ’nete hore motho o tla fumana melemo e mengata ha a sebeletsa Molimo+ a bile a khotsofaletse lintho tseo a nang le tsona. 7 Etsoe ha rea tlisa letho lefatšeng ebile re ke ke ra tloha ho lona re nkile letho.+ 8 Kahoo, ha re e-na le lijo* le liaparo* re tla khotsofala.+

9 Empa batho ba ikemiselitseng ho rua bona ba oela molekong le lerabeng+ hape ba inehella litakatso tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi. Qetellong ba kena mathateng ebile baa shoa.+ 10 Lerato la chelete ke mohloli oa mefuta eohle ea lintho tse mpe. Ba bangata ba feletsoe ke tumelo hobane ba lateletse ho ba le chelete ’me ba ipaketse mathata a mangata.+

11 Ha e le uena mohlanka oa Molimo, u balehe lintho tsena. U loanele ho etsa lintho tse nepahetseng, ho sebeletsa Molimo ka botšepehi, ho ba le tumelo, lerato, mamello le bonolo.+ 12 Loana ntoa e ntle e le hore u sireletse lithuto tsa Molimo.* U lule u e-na le tšepo e matla ea hore u tla fumana bophelo bo sa feleng boo u ileng oa bo bitsetsoa oa ba oa bua ka bona ka pel’a lipaki tse ngata.

13 Ke u laela ka pel’a Molimo ea etsang hore lintho tsohle li lule li phela, le ka pel’a Kreste Jesu ea ileng a bua ka tumelo ea hae ka sebete ka pel’a Ponse Pilato+ 14 hore u mamele taelo ena ka tsela e phethahetseng le ka tsela eo ka eona ho ke keng ha e-ba le motho ea tla u tšoaea phoso, ho fihlela Morena oa rona Jesu Kreste a bonahatsoa.+ 15 Ka nako e khethiloeng, Morena ea thabileng, ea matla o tla iponahatsa. Ke Morena oa marena le Khosi ea likhosi.+ 16 Ke eena feela ea ke keng a shoa.+ O lula sebakeng* se khanyang hoo ho se nang motho ea ka atamelang.+ Ha ho motho ea kileng a mo bona kapa ea ka mo bonang.+ Tlhompho le matla a sa feleng e ke e be tsa hae. Amen.

17 Laela ba ruileng hona joale* hore ba se ke ba ikhohomosa* le hore ba se ke ba tšepa maruo a ka felang+ empa ba tšepe Molimo ea re fang lintho tse ngata tse re thabisang.+ 18 Ba bolelle hore ba etse lintho tse ngata tse ntle hape e be batho ba fanang, ba ikemiselitseng ho arolelana le batho ba bang.+ 19 Ha ba etsa joalo ba tla be ba ipolokela matlotlo a tsoang ho Molimo. Ba tla be ba iketsetsa motheo o motle bakeng sa bokamoso+ e le hore ba lule ba e-na le tšepo e matla ea hore ba tla fumana bophelo ba sebele.+

20 Timothea ngoan’a ka, u hlokomele lintho tseo u li fuoeng ke Molimo.+ U se ke oa mamela lipuo tse se nang thuso tse hanyetsang Molimo tse tsoang ho batho ba nahanang hore ba tseba haholo empa tsebo ea bona e hanana le ’nete.+ 21 Ba bang ba ikhantšang ka tsebo ena ba lahlile lithuto tsa ’nete.

E se eka Molimo a ka ba mosa* ho uena.

E bolelang “Ea Hlomphang Molimo.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ba se nang lerato.”

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ba ikanang ka leshano.”

Kapa: “e molemo.”

Kapa: “ka tsela e hlomphehang.”

Kapa: “a khutse.”

Kapa: “a khutsitse.”

Ka Segerike: “ba.”

Kapa: “ba se ke ba e-ba teme-peli.”

Ka Segerike: “Moea.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “khothatsa.”

Ka Segerike: “Hlompha.”

E leng ba se nang mang-oe!

Mohlomong ho buuoa ka litakatso tsa ho etsa thobalano.

Ka Segerike: “e ne e le mosali oa monna a le mong.”

E leng ba se nang mang-oe!

Kapa: “moholo oa phutheho.”

Kapa: “beha matsoho.”

Kapa: “U se ke oa noa metsi feela.”

Kapa: “e molemo.”

Kapa: “O hlanyetsa.”

Kapa: “ba bue lipuo tse mpe.”

Kapa: “lintho tseo re iphelisang ka tsona.”

Kapa mohlomong: “bolulo.”

Ka Segerike: “Loana ntoa e ntle ea tumelo.”

Ka Segerike: “leseling.”

Kapa: “mehleng ena.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “iphahamisa.”

Sheba Tlhaloso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela