Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt 2 Timothea 1:1-4:22
  • 2 Timothea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 2 Timothea
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
2 Timothea

LENGOLO LA BOBELI LE EANG HO TIMOTHEA

1 ’Na Pauluse, ke moapostola oa Kreste Jesu ho ea ka thato ea Molimo, tumellanong le tšepiso eo Molimo a e entseng ea bophelo boo re bo fumanang ka lebaka la ho ba balateli ba Kreste Jesu.+ 2 Ke ngolla uena Timothea ngoan’a ka eo ke mo ratang.+

E se eka Molimo Ntate le Morena oa rona Kreste Jesu ba ka ba mosa* ho uena, ba u hauhela le ho u fa khotso.

3 Ke leboha Molimo eo ke mo sebeletsang joaloka baholo-holo ba ka ka letsoalo le khutsitseng. Ha ke u lebale ha ke etsa lithapelo tse matla bosiu le motšehare. 4 Ha ke hopola kamoo u ileng oa lla kateng, ke utloa ke lakatsa ho u bona e le hore nka thaba. 5 Ke hopola tumelo ea hao e se nang boikaketsi+ eo nkhono oa hao Loise le ’mè oa hao Eunise ba neng ba e-na le eona. Ke kholisehile hore u ntse u e-na le tumelo eo.

6 Ka lebaka leo, ke u hopotsa hore u se ke oa tlohela ho sebelisa* mpho ea Molimo eo u ileng oa e fuoa ha ke ne ke u beha matsoho.*+ 7 Moea oa Molimo ha o re etse makoala+ empa o re thusa hore re be matla,+ re be lerato le hore re nahane hantle. 8 U se ke oa soabela ho bolella batho ka Morena oa rona+ kapa oa soabela ’na, motšoaruoa ka lebaka la hae. U ikemisetse ho mamella mathata+ a bakoang ke ho bolela litaba tse monate ka ho tšepa matla a Molimo.+ 9 O ile a re pholosa a ba a re bitsetsa ho ba bahalaleli+ eseng ka lebaka la liketso tsa rona empa ka lebaka la morero oa hae le mosa oa hae.+ O re bontšitse mosa oa hae ka Kreste Jesu khale. 10 Hona joale mosa oo o bonahetse ka ho hlaka ha Mopholosi oa rona Jesu Kreste a ne a bonahatsoa.+ O ile a felisa lefu+ ’me ka litaba tse monate+ a re bontša hore na re ka fumana bophelo+ le ’mele o sa boleng+ joang. 11 Ke khethetsoe hore ke be ’moleli, moapostola le mosuoe oa litaba tsena tse monate.+

12 Ke ka lebaka leo le ’na ke hlaheloang ke lintho tse bohloko+ empa ha li etse hore ke soabe.+ Ke tseba eo ke lumelang ho eena ’me ke kholisehile hore o tla sireletsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke mo fileng eona hore a e hlokomele ho fihlela letsatsing la kahlolo.+ 13 U nke thuto e molemo+ eo ke u rutileng eona e le mohlala bakeng sa hao ’me u tsoele pele u e-na le tumelo le lerato tseo u nang le tsona ka lebaka la ho momahana le Kreste Jesu. 14 U lebele letlotlo lena la bohlokoa ka thuso ea moea o halalelang oo re nang le oona.+

15 Oa tseba hore batho bohle ba Asia+ ba ntahlile. Figelase le Hermogenese ke ba bang ba bona. 16 E se eka Morena* a ka hauhela lelapa la Onesiforase+ hobane o ne a nkhothatsa hangata ebile ha aa ka a ntšoabela hobane ke le motšoaruoa. 17 Ha a le Roma, o ile a mpatla a ba a mphumana. 18 E se eka Morena Jehova* a ka mo hauhela ka letsatsi la kahlolo. U tseba hantle mesebetsi eohle eo a e entseng ha a ne a le Efese.

2 Ngoan’a ka,+ u lule u kopa Molimo hore a u fe matla a sebelisa mosa* o moholo oo Kreste Jesu a o bontšitseng. 2 Lintho tseo ke u boleletseng tsona tse tiisitsoeng ke lipaki tse ngata,+ u li fetisetse ho banna ba tšepahalang bao le bona ba tla tšoaneleha ho li ruta ba bang. 3 Kaha u lesole la ’nete+ la Kreste Jesu, ikemisetse ho mamella lintho tse bohloko tse tla u hlahela.+ 4 Lesole le ke ke la iphathahanya ka likhoebo* e le hore le khahlise motho ea le ngolisitseng hore e be lesole. 5 Le lipapaling motho o fuoa khau* haeba feela a bapetse ho ea ka melao ea papali.+ 6 Sehoai se sebetsang ka thata ke sona se tla ja litholoana pele. 7 U lule u nahana ka lintho tseo ke u bolellang tsona. Morena o tla u thusa ho utloisisa lintho tsena tsohle.

8 U hopole hore Jesu Kreste o ile a tsosoa bafung+ le hore e ne e le setloholo* sa Davida+ ho ea ka litaba tse monate tseo ke li bolelang.+ 9 Ke mameletse mathata ebile ke kentsoe teronkong joalokaha eka ke senokoane+ ka lebaka la litaba tsena empa lentsoe la Molimo lona ha lea koalloa teronkong.+ 10 Ka lebaka leo, ke tsoela pele ho mamella lintho tsohle molemong oa ba khethiloeng ke Molimo+ e le hore le bona ba ka pholosoa ka Kreste Jesu le hore ba fumane tlotla e sa feleng. 11 Mantsoe ana ao ke tl’o a bua ke ’nete: Haeba re ile ra shoa hammoho, re tla boela re phele hammoho.+ 12 Haeba re tsoela pele ho mamella, re tla boela re buse hammoho re le marena.+ Haeba re mo latola le eena o tla re latola.+ 13 Haeba re sa tšepahale, eena o lula a tšepahala kaha a ke ke a itatola.

14 Lula u ba hopotsa lintho tsena, u ba laele ka pel’a Molimo hore ba se ke ba tseka mantsoe. Ho etsa joalo ha ho thuse ka letho empa ho lematsa* ba mametseng. 15 Etsa sohle seo u ka se khonang hore Molimo a u amohele, u be motho ea sebetsang ka thata eo ho seng letho leo a ka le soabelang. Hape u rute le ho hlalosa lentsoe la ’nete hantle.+ 16 U hane ho mamela lipuo tse se nang thuso tse hanyetsang Molimo+ hobane lipuo tse joalo li etsa hore boitšoaro bo sa khahliseng Molimo bo eketsehe le ho feta. 17 Lipuo tsa bona li tla ata joaloka seso se kotsi. Hymenea le Filetase ke ba bang ba batho ba buang lipuo tse joalo.+ 18 Banna bana ba lahlile lithuto tsa ’nete hobane ba re tsoho ea bafu e se e etsahetse+ ’me ka ho cho joalo, ba etsa hore batho ba bang ba felloe ke tumelo. 19 Leha ho le joalo, motheo o tiileng oo Molimo a o entseng o ntse o tsitsitse ’me o ngotsoe mantsoe ana a reng: “Jehova* o tseba batho ba hae”+ le a reng, “E mong le e mong ea bitsoang ka lebitso la Jehova*+ o lokela ho tlohela lintho tse mpe.”

20 Ka tlung e kholo ho na le lijana tsa khauta le tsa silevera empa hape ho na le tse entsoeng ka lehong le tsa letsopa. Tse ling li sebelisetsoa mabaka a bohlokoa empa tse ling li sebelisetsoa mabaka ao e seng a bohlokoa. 21 Haeba mang kapa mang a suthela hole le lijana tse sebelisetsoang mabaka ao e seng a bohlokoa, e tla ba sejana se sebelisetsoang mabaka a bohlokoa, se halalelitsoeng, se nang le thuso ho mong’a sona le se lokiselitsoeng mosebetsi o mong le o mong o molemo. 22 Kahoo, u balehe litakatso tsa bocha empa u loanele ho etsa lintho tse lokileng le ho ba le tumelo, lerato le khotso. U etse joalo u e-na le batho ba ipiletsang ho Morena ka lipelo tse hloekileng.

23 U se ke oa kenella litsekisanong tse se nang kelello le tse se nang thuso+ hobane oa tseba hore li baka lintoa. 24 Mohlanka oa Morena ha aa lokela ho loana empa o lokela ho ba bonolo ho bohle,*+ a be le bokhoni ba ho ruta, a ithibe ha a entsoe hampe,+ 25 a rute bahanyetsi ka bonolo.+ Mohlomong Molimo o tla ba fa monyetla oa hore ba bake* e le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete,+ 26 ba hlaphoheloe ebe ba baleha leraba la Diabolose hobane ba tla be ba bona hore Diabolose o ba tšoasitse ba phela e le hore ba etse thato ea hae.+

3 Tseba hore mehleng ea bofelo+ bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi. 2 Batho ba tla icheba bobona,* ba rate chelete, ba ithorise, ba ikhohomose, ba bue hampe ka Molimo le ka batho. Ba ke ke ba mamela batsoali, e tla ba batho ba sa leboheng le ba sa tšepahaleng. 3 E tla ba batho ba se nang lerato, ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, ba senyang ba bang mabitso, ba sa ithibeng, ba bohale bo tšosang le ba hloileng lintho tse ntle. 4 E tla ba batho ba fetohelang ba bang, ba manganga, ba ikakasang le ba ratang menate ho e-na le ho rata Molimo. 5 Ba tla etsa eka ba rata Molimo empa ba sa phele ka tsela e bontšang hore ho joalo.+ Batho ba joalo u ba furalle. 6 Har’a batho bana, ho tla hlaha banna ba tla kena malapeng a batho ka bolotsana, ba khelose basali ba fokolang ka lebaka la libe tsa bona ebile ba laoloa ke litakatso tsa mefuta-futa. 7 Basali bao ba lula ba ithuta empa ha ho mohla ba khonang ho fumana tsebo e nepahetseng ea ’nete.

8 Banna bao ba hanyetsa ’nete ka tsela eo Janese le Jambrese ba ileng ba hanyetsa Moshe ka eona. Ba bolile likelello, Molimo ha a ba amohele hobane ha ba latele lithuto tse re thusang ho ba le tumelo. 9 Ba ke ke ba ea hole ka mekhoa eo ea bona kaha batho bohle ba tla bona bohlanya* ba bona joalokaha bohlanya ba Janese le ba Jambrese bo ile ba bonahala.+ 10 Empa uena u mametse lithuto tsa ka ka hloko, oa phela ka tsela eo ke phelang ka eona+ le ho ba le morero o tšoanang le oa ka. U bone tumelo ea ka, tiisetso ea ka, lerato la ka le mamello ea ka. 11 U bone mahloriso le litsietsi tse kang tse ileng tsa ntlhahela ha ke le Antioke,+ Ikoniamo+ le Listra.+ Ke mameletse mahloriso ana ’me Morena o ile a ntopolla ho ’ona kaofela.+ 12 Ha e le hantle, barutuoa bohle ba Kreste Jesu ba batlang ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ba tla hlorisoa.+ 13 Ha e le batho ba khopo le ba ikhakanyang, bobe ba bona bo tla eketseha bo be bo fetelle. Ba tla khelosa ba bang ba be ba khelosoe.+

14 Leha ho le joalo, u se ke oa khaotsa ho lumela lintho tseo u li rutiloeng le tseo u ileng oa kholiseha hore ke ’nete+ kaha oa tseba hore na u ithutile tsona ho bo-mang. 15 Hape oa tseba hore u tsebile lingoloa tse halalelang+ u sa le lesea.+ Lingoloa tseo li khona ho u hlalefisa e le hore u tle u pholosoe ka hore u lumele ho Kreste Jesu.+ 16 Mangolo ’ohle a halalelang a tsoa ho Molimo.+ A molemo hobane aa ruta,+ aa khalemela, a lokisa lintho ebile a laea motho ho ea ka melao ea Molimo e lokileng,+ 17 e le hore mohlanka oa Molimo a ka tšoaneleha ka ho feletseng le hore a be le lintho tsohle tseo a li hlokang bakeng sa ho etsa mosebetsi o mong le o mong o molemo.

4 Ke u laela ke tiile ka pel’a Molimo le Jesu Kreste, ea tla ahlola+ ba phelang le bafu+ mohla a iponahatsang+ le mohla a seng a busa ’Musong oa hae.+ 2 Ke u laela hore u bolele lentsoe+ ’me u etse joalo ka cheseho* ha ho le monate le ha ho le thata. U khalemele,+ u lemose hape u eletse. U etse lintho tseo ka mamello eohle le joaloka motho ea tsebang ho ruta hantle.+ 3 Ho na le nako eo ka eona batho ba ke keng ba mamela lithuto tsa ’nete.*+ Ba tla latela litakatso tsa bona, ba ipatlele mesuoe e tla ba bolella lintho tseo ba batlang ho li utloa.*+ 4 Ba tla tlohela ho mamela ’nete ebe ba mamela lipale tsa bohata. 5 Uena u lule u sebelisa kelello hantle linthong tsohle, u mamelle mathata,+ u etse mosebetsi oa moevangeli,* u phethe mosebetsi oa Molimo ka botlalo.+

6 Ke tšoana le nyehelo ea seno+ e ntseng e tšeloa holim’a aletare ’me nako ea hore ke lokolloe+ e haufi. 7 Ke loanne ntoa e ntle,+ ke mathile peiso ho fihlela qetellong+ ebile ke bolokile tumelo ea ’nete. 8 Ho tloha hona joale ho ea pele ke behetsoe moputso oa ba lokileng+ oo ke tla o fuoa ke Morena, moahloli ea lokileng+ ka letsatsi la kahlolo.+ O ke ke oa fuoa ’na feela empa o tla fuoa le bohle bao esale ba lebella hore a iponahatse.

9 Etsa sohle se matleng a hao hore u tle ho ’na kapele. 10 Demase+ o ntahlile hobane o ratile lefatše lena* ’me o ile Thesalonika, Kresense o ile Galatia, Tite eena o ile Dalmatia. 11 Ke Luka feela ea setseng le ’na. U tle le Mareka hobane o nthusa haholo mosebetsing oa Molimo. 12 Ke romme Tikikase+ Efese. 13 U tle le seaparo seo ke ileng ka se siea Troase ho Karpase le meqolo, haholo-holo matlalo a ho ngolla.*

14 Alexandere setei sa koporo o nkentse hampe ka makhetlo a mangata. Jehova* o tla mo ahlolela liketso tsa hae.+ 15 Le uena u mo hlokomele hobane o ile a hanyetsa molaetsa oa rona ka matla.

16 Ha ke ne ke ipuella ka lekhetlo la pele ka pel’a balaoli, ha ho na motho ea ileng a ntšehetsa, kaofela ba ile ba mphuralla. E se eka Molimo a ka ba tšoarela. 17 Empa Morena o ile a ema haufi le ’na, a ’matlafatsa e le hore nka bolela litaba tse monate ka botlalo le hore lichaba tsohle li li utloe.+ Hape ke ile ka lopolloa lehanong la tau.+ 18 Morena o tla ntopolla nthong e ’ngoe le e ’ngoe e mpe ’me o tla mpholosa e le hore ke kene ’Musong oa hae o leholimong.+ E se eka a ka tlotlisoa ka ho sa feleng. Amen.

19 U ntumelisetse Priska le Akuila+ le ba ntlo ea Onesiforase.+

20 Erastase+ o ile a sala Korinthe empa Trofimase+ ke ile ka mo siea Miletase hobane a kula. 21 Etsa sohle se matleng a hao hore u fihle pele e e-ba mariha.

Eubulase, Pudense, Linase, Claudia le bana ba bo rona kaofela ba re u lumele.

22 Morena a ke a hlohonolofatse moea o motle oo u o bontšang. E se eka a ka ba mosa* ho uena.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “u fehle joaloka mollo.”

Sheba Tlhaloso.

Mona ho buuoa ka Jehova.

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Tlhaloso.

Kapa mohlomong: “mabaka a letsatsi le letsatsi a bophelo.”

Ka Segerike: “korone.”

Ka Segerike: “peo.”

Kapa: “ho ferekanya.”

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “ho sebetsana le batho ka bohlale.”

Kapa: “ba fetole maikutlo.”

Kapa: “e tla ba baithati.”

Kapa: “bothoto.”

Kapa: “potlako.”

Kapa: “tse molemo.”

Kapa: “e tla ba tsikinyetsa litsebe.”

Kapa: “u lule u bolela litaba tse monate.”

Kapa: “mehla ena.” Sheba Tlhaloso.

E leng meqolo ea letlalo.

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Tlhaloso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela