Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt leq. 12-leq. 13
  • Potso ea 5: Bibele e bua ka’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Potso ea 5: Bibele e bua ka’ng?
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Potso ea 5: Bibele e bua ka’ng?

POTSO EA 5

Bibele e bua ka’ng?

“Ke tla etsa hore uena le mosali le hloeane le hore bana ba hao le ngoana oa hae ba hloeane. Ngoana eo o tla u khoba hlooho ’me uena u tla mo loma serethe.”

Genese 3:15

“Lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa ka lebaka la ngoana oa hao hobane u mametse lentsoe la ka.”

Genese 22:18

“’Muso oa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.”

Matheu 6:10

“Haufinyane Molimo ea fanang ka khotso o tla le fa matla a ho felisa Satane.”

Baroma 16:20

“Ha Molimo a se a behile lintho tsohle tlas’a taolo ea Mora, Mora le eena o tla ipeha tlas’a taolo ea Molimo e leng eena ea behileng lintho tsohle tlas’a taolo ea Mora. Ka tsela eo, Molimo o tla busa batho bohle.”

1 Bakorinthe 15:28

“Litšepiso tseo li ile tsa etsetsoa Abrahama le ngoana oa hae . . . e leng Kreste. Hape, haeba le le balateli ba Kreste, le bana ba Abrahama.”

Bagalata 3:16, 29

“’Muso oa lefatše e se e le ’Muso oa Morena oa rona le oa Kreste oa hae, o tla busa e le morena ka ho sa feleng.”

Tšenolo 11:15

“Kahoo, drakone e kholo, noha ea pele e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle, ea liheloa tlase lefatšeng hammoho le mangeloi a eona.”

Tšenolo 12:9

“La tšoara drakone e leng noha ea pele e bitsoang Diabolose le Satane ’me la e fasa ka lilemo tse 1 000.”

Tšenolo 20:2

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela