Leqephe la Bobeli
KE’NG se tlang kelellong ea hao ha u utloa ka batho ba robalang litulong tsa lirapa tsa boikhathollo le litselaneng tse ka thoko ho tsela kapa ba iphutile ka har’a mabokose kapa ka tlas’a lipolasitiki? Lipono tse utloisang bohloko tse tšoanang le tsena li ’nile tsa phatlalatsoa haholo moeeng, ’me baahi ba metseng ba tloaelane haholo le tsona. Empa bothata ba batho bana ba bitsoang lihlahlasōlle, le hoja bo bonahala bo tšoenya, e mpa e le karolo e nyenyane ea boemo ba khaello ea matlo lefatšeng lohle. Ha e le hantle boemo ba sebele ke bofe, ’me bo tebile hakae?