Leqephe la Bobeli
Afrika boroa e fetohile setsi sa tlhokomelo sa lefatše ka baka la mefere-fere ea eona ea merabe le lipolotiki. Leha ho le joalo, ke batho ba seng bakae feela ba hlokomelang karolo ea bohlokoa e nkuoeng ke Boprotestanta ba Afrika Boroa. Ka baka leo, Tsoha! e hlahlobisisa litseko tse thahasellisang tsa bolumeli tse siretseng ka lihlooho tsa litaba.