“Tharollo Mathateng ’Ohle a Rōna”
Ke seo mocha oa Puerto Rico a boletseng hore o se fumane bukeng Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. Oa ngola:
“Haufinyana tjena ke tsoa le ngolla ka bothata boo ke nang le bona, ba ho pholla setho sa botona, ’me ka le kōpa ho nkeletsa ka ho hatisa boitsebiso bo itseng makasineng oa lōna. Motsoalle, e mong oa Lipaki tsa Jehova, a ’neha buka Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. Sena se etsahetse hoo e ka bang khoeling e fetileng. Ke lakatsa ho le tsebisa hore ha e sale ke bala khaolo 5 ea buka ena, ha kea ka ka pheta tloaelo ena hape. Ke ile ka hlokomela hore ho pholla setho sa botona ha se ntho eo ho hlokahalang hore motho a e etse. . . .
“Ke ne nka rata ha mocha e mong le e mong a ka bala buka ena ho sa tsotellehe hore na ke oa bolumeli bofe. Bacha kaofela ba na le mathata a tšoanang, ’me buka ena e tšoana le letlotlo, hobane e na le tharollo mathateng a rōna ’ohle. . . . Le lokela ho tsoela pele le hatisa libuka bakeng sa bacha hobane lefatšeng lena le tletseng ka lithethefatsi le boitšoaro bo litšila, buka ena e tšoana le mohope oa metsi a pholileng, a khathollang.”
Ntle ho hore buka ena e bua ka bothata ba ho pholla litho tsa botona kapa botšehali le bosodoma, e boetse e ama taba ea ho sebelisa lithethefatsi le tahi, lipapali, ’mino, motjeko, taetsano le mohlankana kapa moroetsana, lefereho, le litaba tse ling tse ngata tse amang bacha. Iphumanele kopi ka ho tlatsa setlankana se ka tlase le ho se rōmela le moneelo oa R2.
Ke kōpa hore le nthomelle buka e sekoahelo se thata ea maqephe a 192 Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona, poso e lefelletsoe. Ke kentse R2.