Ho Sebetsana le Boikutlo
Ho etsa joalo ka katleho ke phephetso ea sebele. Mocha o pheta phihlelo ea hae: “Ke ne ke ikutloa ke thabile, empa ka motsotso o latelang ke ne ke ikutloa ke tepelletse ha bohloko. Ka linako tse ling ke ne ke bile ke sa tsebe hore na ke ikutloa joang. Ho ne ho tšoana le ha ke ne ke lahlehile lefifing le letšo. Ke ne ke sa tsebe ho itlhalosa le hore na maikutlo a ka ke afe ho sa tsotellehe hore na ke bua le mang. Ke ne ke ikutloa joaloka ha eka batho ba mpotolohileng ha ba ntsotelle, haholo-holo bao ke kenang sekolo le bona, hobane ke ne ke se motle hakaalo. Qetellong boikutlo bona ba ntšulafaletsa bophelo, ’me ka qala ho itlhoea le botho ba ka.”
Ngoanana enoa a fumana buka Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona. Oa ngola: “E ne e le monate haholo, eaba ke lakatsa ho bala khaolo e latelang, ‘Ho Fetela Bosaling.’ Ke ne ke sa kholoe seo ke se balang. Khaolo ena e ile ea hlalosa hantle kamoo ke neng ke ikutloa kateng morao tjena, ’me hape ea fana ka karabelo. Ebile ho khothatsang haholo ho bala hore ke ho tloaelehileng ho ikutloa ka tsela ena. Ke feela hore ke tsebe tsela e nepahetseng ea ho sebetsana le bona.”
Ntle le ho thusa bacha ho sebetsana le boikutlo ba bona, buka ena e bua ka litaba tse ling tse kang ho pholla litho tsa botona kapa tsa botšehali ho li khotsofatsa ’me e arabela lipotso tse kang, Na bacha ba lokela ho noa lino tse tahang? le, Na ba lokela ho kopanela liphate pele ho lenyalo? Amohela buka ena ka R2 feela ka ho tlatsa le ho romela setlankana sena.
Ka kōpo, romelang buka e sekoahelo se thata, e maqephe a 192 Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona, poso e lefelletsoe. Ke kentse R2.