Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 3/8 leq. 31
  • Nonyana e Ntle e Khubelu e Binang Hamonate

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nonyana e Ntle e Khubelu e Binang Hamonate
  • Tsoha!—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Meloli ea Linonyana Tse Tsebang ho Bina
    Na e Entsoe?
  • Binang Pina ea Thabo ea ’Muso
    Binelang Jehova Lithoriso
  • “Molimo o Rata ea Fanang a Thabile”
    Binelang Jehova Lithoriso
  • Jehova o Rata Batho ba Fanang ba Thabile
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 3/8 leq. 31

Nonyana e Ntle e Khubelu e Binang Hamonate

Na u kile ua tsosoa ke nonyana e ntle e khubelu ka pina ea eona e monate? Haeba u lula Amerika Leboea, hoo e ka ba ho tsosoa borokong ho monate ka lebaka la e ’ngoe ea linonyana tse tsebahalang haholo—cardinal—e lulang karolong eo ea lefatše. Cardinal e tona e laola sebaka sa eona ka mololi o hlakileng. Ke sebini se phehellang le se atlehileng! “Ho tlalehiloe hore cardinal e le ’ngoe e tona e ne e-na le lipina tse 28 tsa melumo e fapaneng,” ho bolela The International Wildlife Encyclopedia.

Nonyana ena e ntle e ka ba boholo ba lisenthimithara tse 20, ’me e na le masiba a bofubelu bo hlakileng bo nang le “lebanta” le letle le letšo ho potoloha molomo. Leha ho le joalo, nonyana e tšehali e-na le masiba a bosootho bo sa hlakang. Ke e ’ngoe ea linonyana tse ’maloa tse tšehali tse tsebang ho bina.

Ho sa tsotellehe hore na u lula kae, nakong e tlang ha u utloa pina e mathemaloli ea nonyana, leboha ’Mōpi oa hao oa leholimo ka lebaka la bohlale ba hae le matla tse makatsang. Lipina tse binoang ke linonyana ke e ’ngoe ea limpho tsa hae le thabo.—Pesaleme ea 148:7-10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela