Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 9/8 maq. 30-31
  • O Mong oa Mesebetsi ea Matsoho e Khethehileng ea Madagascar

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Mong oa Mesebetsi ea Matsoho e Khethehileng ea Madagascar
  • Tsoha!—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lumella Jehova Hore a Bope Monahano oa Hao le Boitšoaro ba Hao
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Jehova ke Sebōpi sa Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • U se ke Ua Tlohela Pelo ea Ngoana oa Hao!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Na U Lumella Jehova Hore a U Bōpe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Tsoha!—1991
g91 9/8 maq. 30-31

O Mong oa Mesebetsi ea Matsoho e Khethehileng ea Madagascar

PONTŠO e khahlehang ea linkho tsa letsopa tse khabisang, lipitsa, le lipane e ile ea re khahla ha re ntse re ikhatholla ka ho tsamaea ka har’a ’maraka oa Antsirabe sehleke-hlekeng sa Madagascar seo e neng e se e le lehae la rōna. Le hoja lipitsa tsena kaofela li ne li le sootho, li ne li na le matheba a maholo a matšo ao ho bonahalang eka ke a ho cha. Thahasello ea rōna e ile ea re susumelletsa hore re botse moshemane ea neng a li rekisa hore na seo re se nahanang ke ’nete.

O ile a re: “E, li lokela ho omisoa ka mollo hore li be tjena. Empa ha re na lionto tsa mehleng ea kajeno tse tsoetseng pele tse tšoanang le tsa metseng ea litoropo. Re sebelisa mekhoa ea khale eo re e rutiloeng ke bo-ntat’a rōna.”

Le hoja moshemane enoa a ile a arabela lipotso tsa rōna tse eketsehileng hantle, lipolelo tsa hae li ile tsa tsosa takatso ea rōna ea hore re hle re e’o bona ha lijana tseo tse bōpiloeng ka letsopa li etsoa. Kahoo re ile ra tsamaea ka koloi ra kenella karolong e ka hare-hare ea naha moo batho ba lulang teng e leng litsebi tsa ho etsa lijana tsa letsopa. Kaofela ha bona ba ne ba le mosa ba bile ba amohela baeti ka mofuthu. Ba thabetse ha batho ba lulang metseng ea litoropo ba thahasella mesebetsi ea bona, ba ne ba ikemiselitse ho re bontša makunutu a bona.

Taba ea pele, re ile ra ithuta hore letsopa leo ba le sebelisang ho hang hase letsopa le tloaelehileng. Ba re letsopa le tloaelehileng le thueha habonolo ha le chesoa. Kahoo ba sebelisa letsopa le bitsoang tanimanga, (e leng lentsoe leo ha e le hantle le bolelang “boputsoa ba mobu”), le fumanoang libakeng tsa mahaeng le mabōpong a linōka le a melatsoana feela. Moshemane e mong o ile a re isa lebōpong la molatsoana ’me a fata fatše. Botebong bo ka etsang lisentimithara tse 30, ho ile ha hlaha mobu o mongobo o mothōkoa—tanimanga! Leha ho le joalo, ho fapana le lebitso la eona, libakeng tse ling tanimanga e ntšo kapa e tšehla. Leha ho le joalo, ka mehla ha e tšoane le mobu o tloaelehileng o ’mala oa lamunu oa karolong ena e bohareng ea sehleke-hleke.

Joale monna e mong o ile a re bolella hore e le hore a ka etsa linkho tse ngata tsa letsopa tse khabisang kapa lipitsa, o kopanya mokotla o le mong oa tanimanga le karolo ea boraro ea mokotla oa lehlabathe le bonolo, leo le lona le fumanehang mabōpong a linōka. Ebe o tšela metsi a seng makae ho nolofatsa motsoako ona. “A seng makae” ke a makae? Ha ho lateloe litekanyetso tse tobileng. ’Mōpi oa lipitsa o tataisoa ke phihlelo, o khaotsa ho tšela metsi ha a utloa hore motsoako ona o tiile ho lekana—ha o thata haholo kapa ha o bonolo haholo.

Mohato o latelang ke oa ho ala motsoako ona oa letsopa, lehlabathe, le metsi holim’a mobu o hloekisitsoeng o se nang majoe le joang. Joale ’mōpi oa lipitsa o o hatakela ka maoto nako e telele. Sena se etsa hore a kholisehe hore letsopa le kopane hantle le lehlabathe, e leng senotlolo se isang lipitseng tsa letsopa tse thata. Ho na le mantsoe a mangata a sebelisoang ka Semalagasy a hlalosang mohato ona o hlokahalang ha ho bōptjoa lijana tsa letsopa: hitsahina, disahina, tehafina, volavolaina, totoina. Leha ho le joalo, kaofela ha ’ona a bolela mosebetsi o le mong—ho hatakela motsoako oa letsopa ka maoto. Ha babōpi ba lipitsa ba kholisehile hore motsoako ona o nepahetse, ba itokisetsa ho qala ho etsa lijana tsa letsopa.

Ba qala ka ho bōpa lipolokoe tse lekanang le setebele ka motsoako ona. Bakeng sa karolo e ka tlaase ea pitsa, ba nka polokoe e le ’ngoe ebe ba e khomaretsa botlaaseng ba pitsa e tšoanang le eo ba batlang ho e etsa—hangata e le pitsa ea letsopa ea khale kapa e seng e sa sebelisoe—ho etsa hore e be le sebōpeho se tšoanang le sa eona. Ka mor’a ho tlosa pitsa ena ea khale, ba sebelisa polokoe e ’ngoe ho etsa molomo oa pitsa. Nakong eo ho ntseng ho etsoa mosebetsi ona, babōpi ba lipitsa ba hlokolosi hore ba se ke ba tlohella motsoako ona hore o omelle haholo, hobane o ka thueha habonolo.

Joale lipitsa tsena li behoa letsatsing letšehare lohle hore li ome. Ke feela ka mor’a mohato ona li loketseng mohato oa ho qetela: e leng oa ho li omisa ka mollo. Empa esita le sena se etsoa ka mehato. Lipitsa tsohle le linkho tse khabisang li tlatsoa joang le makhasi a ommeng ebe li robatsoa fatše ka lehlakore. Lihotetso tsena lia besoa ebe li tlohelloa hore li tuke ka metsotso e ka bang 10 kapa 15. Sena se etsa hore letsopa le be thata ’me le tiee.

Ka mor’a ho chesoa ka lekhetlo la pele, lipitsa tsena li behoa sebakeng se seng seo ho aliloeng joang le makhasi a ommeng ho sona. Leha ho le joalo, lekhetlong lena, lipitsa tsena li behoa ka tsela e etsang hore melomo ea tsona e shebane. Joale babōpi ba lipitsa ba beha joang le makhasi a ommeng holim’a lipitsa le mahlakoreng a tsona ho fihlela ba li koahetse ka ho felletseng. Ebe ba beha lipolokoe tsa seretse ho pota-pota mahlakore ’ohle e le hore mollo o ka fella sebakeng sena le ho etsa hore lipitsa li se ke tsa theteha. Lihotetso tsena li boetse lia hotetsoa ’me li siiuoa li ntse li tuka ka metsotso e ka bang 30 kapa ho fihlela mollo o tima. Ka mor’a hore lipitsa li fole, li ntšoa moloreng ’me li boemong ba ho sebelisoa.

Ha re hlahlobisisa lipitsa tsena, joale re ile ra utloisisa hore na ho tlile joang hore li be le matheba ao a matšo. E ne e le likarolo tseo lelakabe la mollo le neng le fihla ho tsona ka ho toba. Karolo e ’ngoe ea pitsa e ne e e-na le ’mala o tloaelehileng oa letsopa le besitsoeng—bosootho bo ’mala oa lamunu.

Mosebetsi ona oa ho etsa lipitsa o ’nile oa neheletsanoa ho tloha molokong o mong ho isa ho o mong. Re ile ra kopana le monna e mong ea neng a sebetsa fekthering e khōlō e etsang masela toropong empa a fumana chelete e eketsehileng ka ho etsa le ho rekisa lijana tsa letsopa. O ne a ithutile mosebetsi ona ho ntate oa hae, eo le eena, a neng a ithutile ’ona ho ntate oa hae. ’Me re kholisehile hore mohlankana enoa a ke ke a tlohela ho ruta bana ba hae mosebetsi ’ona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela