Bohlale ba Tšoene
Sierra Leone, Afrika Bophirima, ho na le polelo e reng: “Tšoene ha e qetelle ka ho bolella lelinyane la eona hore, ‘Itšoarelle ho ’na ka matla!’ E re, ‘Sheba fatše.’”
Hona ho etsa hore motho a nahane ka setšoantšo sa lelinyane la tšoene le leng holimo lifateng, le itšoarelletseng mokokotlong oa ’m’a lona. Polelo ena e bolela hore ha ’Mè a ka bolella lelinyane la eona feela hore le itšoarelle ho eena ka matla, lelinyane le ka ’na la etsa joalo ka nakoana, empa kaha ha le tsebe lebaka la taelo ea ’m’a lona, le ka ’na la lebala kapele ’me la nyehlisa.
Leha ho le joalo, ha lelinyane le sheba fatše, le tla elelloa hore le sebakeng se phahameng haholo ho tloha fatše ’me le tla utloisisa ka ho hlakileng hore bophelo ba lona boa ameha. Ka mohlala, le ka ’na la tsoa kotsi e mpe kapa la shoa! Ka mor’a ho utloisisa kotsi ka ho felletseng, le na le tšusumetso e matla ea ho itšoarella ka matla. Joale le tla hlompha taelo kapa khothatso leha e le efe e eketsehileng haholoanyane.
Ona ke molao-motheo o babatsehang hakaakang oa ho ruta batho ba bang, haholo-holo bana. Thuto e sebetsang ea pale ena ke hore ho e-na le ho ntša litaelo feela, ho fana ka kutloisiso ke habohlokoa.
Ke ’nete, ka linako tse ling ho ka ’na ha se be le nako e lekaneng ea ho etsa seo pele. Ka mohlala, haeba ngoana oa hao, ka ntle le ho talima ka hloko pele a qala ho tšela seterata se phetheselang, u ka ’na ua mo laela hore a eme ’me a khutlele ho uena hang-hang. Tabeng ena, ho qala ka ho fana ka taelo ke habohlokoa. Empa ho hlalosa kotsi eo ngoana a neng a le ho eona ho ka fana ka kutloisiso.
Molemo oa katamelo ena—eseng ho laela feela empa hape le ho fana ka kutloisiso—o fumanoa maeleng a Bibele a reng: “Mora ea utloisisang o boloka molao.”—Liproverbia 28:7, NW.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
© Zoological Society of San Diego