Na Botšepehi Boa Putsa?
HANGATA bacha ba etsisa mohlala oa batho ba baholo ka baka la ho bona ho se tšepahale ho jeleng setsi har’a bona. Ka hona, ke ho khothatsang hakaakang—le habohlokoa hakaakang—ha motho e mong a tšepahala! Sports Illustrated e ile ea kenyelletsa mohlala o joalo oa botšepehi ka mantsoe ana: “Ena ke pale e ka tsosolosang tumelo ea motho.”
Makasine oo o ile oa tlaleha ka papali ea bacha ea baseball Florida, United States. Sebapali se setsing sa pele sa lebala se ile sa tšoara bolo e mathang fatše ’me sa leka ho thetsa sebapali se mathelang setsing sa bobeli sa lebala. Molaola-papali, Laura Benson, o ile a laela sebapali se mathang hore se tsoe ka lebaleng, empa sebapali se setsing sa pele sa lebala se ile sa ’molella: “Mofumahali, ha kea thetsa sebapali se mathang.” Kahoo Benson o ile a putsa sebapali sa pele ka ho se lumella hore se fetele setsing sa bobeli sa lebala.
Nakong ea papali e ’ngoe e bileng teng libekeng tse peli hamorao, mocha enoa o ne a ntse a bapala karolo e tšoanang. Benson e ne e boetse e le eena molaola-papali. Lekhetlong lena o ile a nahana hore moshemane enoa ha aa thetsa sebapali se mathang ka bolo ’me o ile a lumella semathi seo ho fetela setsing sa bobeli sa lebala. Le hoja moshemane eo a sa ka a re letho ha a khutlela sebakeng sa hae, molaola-papali o ile a lemoha ka mokhoa oo moshemane eo a ileng a mo sheba ka ’ona hore ho na le phoso e etsahetseng. Kahoo o ile a ea ho eena ’me a ’motsa: “Na u ile ua thetsa sebapali se mathang ka bolo?”
O ile a re: “E.”
Ha Benson a fetola qeto ea hae ’me a laela sebapali se mathang hore se tsoe ka lebaleng, bakoetlisi ba sehlopha seo ba hlōlisanang le sona ba ile ba ipelaetsa. Empa molaola-papali o ile a ba hlalosetsa se etsahetseng libeke tse peli pejana, ’me a re: “Haeba moshemane eo a tšepahala hakaalo, ke tlameha ho mo neha ntlha.”
Kajeno ho bonahala batho ba sa tšepahaleng ba atleha lefatšeng. Ho joalokaha mopesaleme oa Bibele a kile a hlokomela: “Ba khopo ba joalo; kamehla ba qhoaolla likobo, ba ikatisetsa maruo.” (Pesaleme ea 73:12, BPN) Leha ho le joalo, bonneteng, botšepehi bo putsa ka tsela e molemohali qetellong. Bo etsa hore motho a hlomphuoe ke batho ba bang. Empa habohlokoa ka ho fetisisa, bo etsa hore motho a fumane kamohelo ea Jehova Molimo ea ka mo putsang ka bophelo bo sa feleng.