“E Ngoletsoe ’Na ka ho Toba”
KE SEO mocha oa St Lucia West Indies a ileng a se bua ka buka Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. O ile a hlalosa: “Ha ke fihla ho khaolo 5, ke ile ka bona hore boitsebiso bo ngoletsoe ’na ka ho toba. Bo ne bo bua ka ho pholla litho tsa botona le botšehali le bosodoma.
“Ho pholla litho tsa botšehali e bile bo bong ba mathata a ka a maholo. Ke lilemo tse tharo ke ntse ke loanela ho hlōla mokhoa ona. Ke ne ke bile ke nahana hore ke ’na feela lefatšeng lohle ea etsang sena. Molimo o rorisoe ka ho le etsa hore le ngole buka ena ea bohlokoa e ’mphileng tataiso ea seo ke tla se etsa. Ke sebelisa litharollo tsa lona.
“Bothata ba ka ba bobeli bo amana le bahlankana. Ke ile ka tobana le masoabi a mangata tabeng ena. Mohlankana oa ka oa ho qetela o na le kharebe e ’ngoe, ’me ho bonahala a e rata ho feta ’na. Ha ke tsebe seo nka se etsang.
“Leha ho le joalo, ke tlameha ho bolela hore ha ke utloisitsoe bohloko ke metsoalle ea ka, haholo-holo mohlankana oa ka, ke nka buka ena e nyenyane ’me ke e bale. E bile thuso e khōlō ho ’na. E mphile tataiso e ngata eo ke e-s’o e nahane le ka mohla. Ka mor’a ho bala likhaolo tse ngata bukeng ena e nyenyane e khubelu, e ne eka nka lula fatše ’me ke lle. Ke ile ka khothatsoa le ho tšelisoa ke khaolo 8 le 23.”
Ruri ho hōla linakong tsena tse thata ha ho bonolo. Bacha ba tobane le maemo a mangata a sa tšoaneng a macha ’me ba tlameha ho etsa liqeto tse boima. Na u lokela ho tsuba? Na u lokela ho amohela lithethefatsi? Ke boitšoaro bofe bo tšoanelehang le motho e motona kapa e motšehali ho fapana le uena? Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa ngolla atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng ho leqephe 5.