Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 2/8 leq. 32
  • “Ruri le Tsotella Batho”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ruri le Tsotella Batho”
  • Tsoha!—1993
Tsoha!—1993
g93 2/8 leq. 32

“Ruri le Tsotella Batho”

Ena e bile qeto e ileng ea etsoa ke monna e mong oa California, U.S.A., ea thabelang ho bala libuka tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Ha a ngola mabapi le buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela o re:

“Joale ke se ke e bala lekhetlo la bobeli, ’me le ka mohla ha ke tenoe ke ho e bala. Buka ena hase feela hore ea ruta empa litšoantšo tsa eona tsa ’mala li bontša bophelo. Setšoantšo se seng le se seng se etsa hore ke ikutloe joalokaha eka ke phela mehleng ea Jesu.

“Ka mohlala, monna ea kenoeng ke bademona setšoantšong se khaolong ea 45 ruri o bonahala a le hlaha le ho ba kotsi. Leha ho le joalo, Jesu o bontšitsoe a tloha lebōpong a tsamaea a sa tšabe ’me a leleka meea ea bademona . . .

“Litšoantšo tsohle tsa baeta-pele ba Bajode ba nang le lehloeo ke mosebetsi oa tsebo ea ho etsa litšoantšo. Li bontša hore na motho a ka bonahala a halefile hakae ha a tobane le ho sebetsana le Jesu ’me leha ho le joalo a sa ikemisetsa ho tlohela mesebetsi ea hae ea boetsalibe. Ke ne nka bua se eketsehileng. . . . Ruri le tsotella batho . . .

“Ha ke e mong oa Lipaki tsa Jehova empa ke rata ho amohela Molula-Qhooa le Tsoha! Ke lebella tokollo ka ’ngoe ka thahasello, ’me ha e fihla, ke karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea poso ea ka ea letsatsi leo. Tsoha! ea July 8 e ile ea hapa moputso! ‘Ho Hōlisa Bana Lefatšeng le Hlephileng Boitšoarong’ e ne e le taba e nakong ka ho fetisisa. . . .

“Ke lilemo li 35 ’me ke hlokometse hore lefatše lena la khale le tobane le mathata a mangata. Ke thabile hore ebe le bolela ’nete ka lona le kamoo Molimo o ikutloang ka lona.”

Lipaki tsa Jehova ke mokhatlo oa lefatše lohle oa liithuti tsa Bibele tse ka holimo ho limillione tse ’nè tse ikemiselitseng ho thusa batho ho ithuta se eketsehileng ka merero ea Molimo. Haeba u ka thabela ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa thuto ea Bibele, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng e thathamisitsoeng ho leqephe 5.

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

MOTHO E MOHOLO

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela