Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 3/8 leq. 26
  • Thero ea Malapa e Fetoha Taba ea Lefatše Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thero ea Malapa e Fetoha Taba ea Lefatše Lohle
  • Tsoha!—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ba le Bana—Ho Molemo Kapa ho Tlisa Mathata?
    Tsoha!—1993
  • Batsoali, Rutang Bana ba Lona ho Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ke Hobane’ng ha ba se na Bana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Keketseho ea Baahi ba Lefatše, Bibele le Bokamoso
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 3/8 leq. 26

Thero ea Malapa e Fetoha Taba ea Lefatše Lohle

“Thero ea malapa e ka tlisetsa batho ba eketsehileng melemo e mengata ka litšenyehelo tse tlaase ho feta ‘theknologi’ leha e le efe eo hona joale e fumanehang bakeng sa moloko oa batho. . . . Sena e ne e tla ’ne e be ’nete le haeba ho ne ho se ntho e kang bothata ba sepenya sa baahi.”—The State of the World’s Children 1992.

NAKONG e fetileng ho ba le bana ba bangata e ne e le ntho e lakatsehang. Hoo e batlang e le lilemong tse 4 000 tse fetileng, ha Rebeka a ne a se a le haufi le ho tloha Mesopotamia ho ea nyalana le Isaaka, ’mè oa hae le moena oa hae ba ile ba mo hlohonolofatsa ka mantsoe ana: “Oho, khaitseli ea rōna, u be ’m’a likete tsa likete-kete.” (Genese 24:60) Linako li fetohile. Kajeno, basali ba eketsehileng ba bolela hore ba batla bana ba seng bakae.

Bu eo e leng ’mè oa Indonesia ea lilemo li 22 ea nang le morali a le mong o ile a re: “Ke ne ke le ngoana oa boraro ho ba supileng. Ntate e ne e le morekisi oa lero la palema Klaten, Bohareng ba Java, ’me batsoali ba ka ba ile ba sebetsa ka thata ba leka ho hōlisa bana ba bangata hakaalo . . . Ho bonolo haholoanyane ho hlokomela lelapa haeba u na le bana ba seng bakae feela.”

Maikutlo a Bu a tšoana le a batsoali ba bang lefatšeng lohle. Banyalani ba eketsehileng ba rera hore na ba tla qala neng ho ba le bana, hore ba tla ba le bana ba seng bakae, ba sieane ka nako e kae, le hore ba tla khaotsa neng. Sena se bonoe lipalo-palong tsa Machaba a Kopaneng tse bontšang hore ho ithaopela ho sebelisa lithibela-pelehi linaheng tse fokolang moruong ho eketsehile haholo ho tloha ho karolo ea 10 lekholong ea banyalani lilemong tsa bo-1960 ho ea ho karolo ea 51 lekholong kajeno.

Mebuso le eona e thahasella haholo ho ntšetsa thero ea malapa pele. Batho ba fetang halofo linaheng tse fokolang moruong ba phehella mananeo a ho fokotsa keketseho ea baahi. Letlole la Sechaba la Machaba a Kopaneng le hakanya hore kakaretso ea chelete e sebelisoang mananeong a thero ea malapa hona joale e ka ba liranta tse 13 140 000 000 ka selemo. Bakeng sa ho khahlametsa litlhoko tsa nakong e tlang, ba boholong ba tšepa hore chelete ena e tla imena ka makhetlo a mabeli ka selemo sa 2000.

Ke hobane’ng ha lichaba le batho ka bomong ba thahasella thero ea malapa? Pono ea Mokreste ke efe ka taba ee ea bohlokoa? Lihlooho tse peli tse latelang li tla arabela lipotso tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela