Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 9/8 leq. 32
  • Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo
  • Tsoha!—1993
Tsoha!—1993
g93 9/8 leq. 32

Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo

Selemong se fetileng Lipaki tsa Jehova li ile tsa hatisa pampitšana e nyenyane ea maqephe a tšeletseng e nang le sehloho se boletsoeng ka holimo. Ka ho tobileng haholo, e fana ka mofuta oa thuso oo batho ba tepelletseng maikutlo ba o hlokang. Pampitšana ena e bontša hore Bibele ke mohloli o molemo ka ho fetisisa oa matšeliso. E qotsa Mangolo a tobileng a mangata tabeng ea ho tepella maikutlo, ho akarelletsa le a ka sebelisoang ho thusa batho ba tepelletseng maikutlo.

Selemong se fetileng ka October, ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Roma, Italy, e ile ea amohela molaetsa oa thelefono moo motho ea letsitseng a ileng a re: “Ke rata ho le leboha bakeng sa pampitšana e buang ka ho tepella maikutlo. Ke sa tsoa e fumana, ’me ke ile ka susumetseha hore ke le letsetse ho le leboha. Ha ho mohla nkileng ka bala ntho leha e le efe e khothatsang ka tsela ena libukeng leha e le life tsa bongaka. Ke rata ho le babatsa hobane le atlehile ho bolela ho hongata sebakeng se senyenyane haholo.

“Ha ke ne ke bala pampitšana ena, ke ile ka lla. Ke rata ho le khothalletsa hore le tsoele pele ka mosebetsi oa lōna. Ke oa bohlokoa; le lokela ho o etsa hohle Italy le lefatšeng lohle.”

Haeba u rata ho fumana kopi ea pampitšana ena, Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo, kapa boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela